Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na Johanne 21:15 ho New World Translation e nepahetse kaha e fapana le liphetolelo tse ling?
New World Translation e re: “Na u nthata ho fetisa tsena?” athe liphetolelo tse ling tse kang Bibele ea Sesotho li re: “A u nthata haholo ho fetisa bana na?” Phetolelo e nepahetseng ke efe? Jesu ea tsositsoeng o ne a le Leoatleng la Galilea ha a ne a botsa potso ena. Karabo ea Petrose e bile hore: “E, Morena, u tseba hoba kea u rata. Jesu a re ho eena: Alosa likonyana tsa ka.”—Johanne 21:15.
Leemeli la Segerike le ka bongateng touʹton le ka fetoleloa e le “tsena” kapa “bana.” Ka baka leo, liithuti tse ling li ’nile tsa hlahisa lintho tse tharo tseo e ka ’nang eaba ke tsona tse boleloang ke potso ea Jesu:
1. Na u nthata ho feta kamoo u ratang barutuoa bana ba bang kateng?
2. Na u nthata ho feta kamoo barutuoa bana ba nthatang kateng?
3. Na u nthata ho feta lintho tsena, tse kang tlhapi?
A re ke re nahanisiseng ka lipolelo tsena tse tharo ho bona hore na e be ke efe e tšoanelehang ka ho fetisisa.
Ea pele. Ka ho toba, ke Bakreste ba seng bakae feela ba ka nahanang hore Kreste o ne a ka botsa: ‘Na u nthata ho feta kamoo u ratang barutuoa ba bang kateng?’ Ho totobetse hore re tlameha ho etsa joalo! Ho ne ho tla bonahala e le ho makatsang haholo ho botsa Petrose potso e joalo. O ne a sa tsoa palama sekepana le barutuoa ba bang ba tšeletseng, empa ha a bona Jesu a le lebōpong, Petrose o ile a siea barutuoa ba bang ’me a sesa ho leba lebōpong. A bontša tlamahano e tšoanang, ha Kreste a botsa hore na baapostola ba ne ba batla ho tsamaea le ba ileng ba khoptjoa, Petrose o ile a re o ne a ikemiselitse ho ema le Jesu.—Johanne 6:66-69; 21:7, 8.
Ea bobeli. Ho thoe’ng ka taba ea hore e ka ’na eaba Jesu o ne a bolela hore: ‘Petrose, na u na le lerato le lengata ho ’na ho feta leo barutuoa ba bang ba nang le lona?’ Bahlalosi ba bangata ba ’nile ba tšehetsa pono ena, kaha Petrose pejana a ne a ile a bolela hore o ne a tšepahala ho Jesu haholo ho feta ba bang. (Mattheu 26:33-35) Empa, ho utloisisa Johanne 21:15 ka tsela ena ho hloka hore ho kenngoe ketso e sa boleloang, joaloka ‘A u nthata haholo ho fetisa kamoo bana [ba nthatang]?’ Empa ketso e joalo e eketsoang ha e eo potsong ea Jesu, ’me e baka mathata a melao ea puo. Ho feta moo, ho ne ho tla bonahala e le ho sa utloahaleng hore Jesu a kōpe Petrose ho bapisa lerato la hae le lerato leo ba bang ba nang le lona. Na Jesu ha aa ka a khalemela baapostola ha ba qala ho hlōlisana?—Mareka 9:33-37; 10:35-44; Luka 22:24-27.
Joale, na e be polelo ea boraro e ka ba sona seo Jesu a neng a se botsa? Ka mohlala New Testament ea Setsonga e e fetoletse joalo. Hape potso e joalo e tla be e loketse ha re talima bophelo ba Petrose ba nakong e fetileng. Ke e mong oa barutuoa ba pele ba ileng ba latela Jesu. (Johanne 1:35-42) Kamoo ho bonahalang kateng Petrose ha aa ka a latela Jesu nako eohle kapele-pele. Ho fapana le hoo, o ile a khutlela mosebetsing oa hae oa ho tšoasa litlhapi. Ka hona, likhoeli tse itseng hamorao Jesu o ile a bitsa Petrose hore a tlohele khoebo eo ea hae ea bohlokoa ’me a fetohe ‘motšoasi oa batho.’ (Mattheu 4:18-20; Luka 5:1-11) Ho ntse ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu, Petrose e ile ea e-ba oa pele ho khutlela mosebetsing ona, a bolella ba bang ba barutuoa hore: “Ke ea tšoasa lihlapi.”—Johanne 21:2, 3.
Kahoo ho ka etsahala hore e be Jesu o ne a hatisa ho Petrose tlhokahalo ea ho etsa khetho ea ho qetela. Ke eng eo a neng a tla e beha ka pele bophelong—ho ba molateli oa Jesu kapa ho ba motho ea phehellang mosebetsi o itseng, joalokaha ho ne ho bontšoa ke litlhapi tse bokelletsoeng ka pele ho bona? Litlhapi, matlooa, likepana, setsoalle le batšoasi ba bang ba litlhapi li ne li nka sebaka sa bohlokoa hakae pelong ea Petrose? Na kannete Petrose o ne a tla tlohela lintho tsena tse thabisang e le hore a behe ka pele lerato la hae ho Kreste le ho fepa “likonyana” tsa Jesu?—Johanne 2:17.
Re ka ipotsa potso e tšoanang mabapi le ‘lintho tsena’ tse ka ’nang tsa re hohela, tse kang mesebetsi ea rōna e thahasellisang kapa khoebo e thahasellisang, ho thabela ha rōna thuto ea lefatše, mahae a rōna kapa mofuta oo re o ratang ka ho fetisisa oa boikhathollo. Ka ho toba re ka nahanisisa: ‘Na ke rata Jesu ho feta ntho leha e le efe ho tsee kapa kaofela ha tsona?’ Jesu o bontšitse hore haeba karabelo ea rōna e le e, re tla e bontša ka ho fepa “likonyana.” Ka baka leo hoa bonahala hore New World Translation e lumellana le taba e neng e potolohile mantsoe a Jesu le lithuto tse ling tsa hae kaofela.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Pictorial Archive (Near Eatern History) Est.