Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/1 leq. 23
  • Ea Ikemiselitseng ho Tšoarela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ea Ikemiselitseng ho Tšoarela
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Etsisa Petrose ka Hore u se ke oa Nyahamisoa ke Liphoso Tsa Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/1 leq. 23

Atamela ho Molimo

Ea Ikemiselitseng ho Tšoarela

Johanne 21:15-17

“JEHOVA, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Bibele e re tiisetsa ka mantsoe ana a thobang pelo hore Jehova Molimo o tšoarela ka bolokolohi. Se ileng sa etsahalla moapostola Petrose se bontša ka tsela e hlakileng hore Jehova o tšoarela “ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:7.

Petrose e ne e le e mong oa metsoalle ea Jesu e meholo. Empa bosiung ba ho qetela Jesu a phela lefatšeng, Petrose o ile a tšoha ’me a etsa sebe se seholo. Lebaleng le pel’a sebaka seo Jesu a neng a qosetsoa ho sona ka bohata, Petrose o ile a latola phatlalatsa hore o tseba Jesu—eseng hang feela empa ka makhetlo a mararo. Ka mor’a hore Petrose a mo latole bosehla lekhetlong lena la boraro, eaba Jesu oa “reteleha o sheba Petrose.” (Luka 22:55-61) U ka inahanela hore na Petrose o ile a ikutloa joang ha a bona Jesu a mo sheba! Ha Petrose a hlokomela hore na sebe sa hae se seholo hakae, o ile a “sitoa ho itšoara ’me [a] qala ho lla.” (Mareka 14:72) E ka ’na eaba moapostola enoa ea bakileng o ile a ipotsa hore na ho ka etsahala hore Molimo a mo tšoarele ha a latotse Jesu ka makhetlo a mararo.

Ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, o ile a buisana le Petrose ka tsela e ileng ea mo kholisa ka ho feletseng hore o mo tšoaretse. Jesu ha aa ka a bua mantsoe a hlabang leha e le ho mo nyatsa. Ho e-na le hoo, o ile a botsa Petrose a re: ‘Na ua nthata?’ Petrose o ile a araba a re: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” Jesu a re: “Fepa likonyana tsa ka.” Jesu o ile a botsa potso eo lekhetlo la bobeli, ’me Petrose a mo araba ka tsela e tšoanang, mohlomong a lomahantse meno. Jesu a re: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” Eaba Jesu o botsa potso eona eo ka lekhetlo la boraro a re: “Na ua nthata?” Joale “Petrose a sareloa” eaba o re: “Morena, u tseba lintho tsohle; ua hlokomela hore kea u rata.” Jesu a araba a re: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.”—Johanne 21:15-17.

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a botsa lipotso tseo a neng a tseba likarabo tsa tsona? Jesu o ne a ka bona se ka pelong, ka hona o ne a tseba hore Petrose oa mo rata. (Mareka 2:8) Ka ho botsa lipotso tseo, Jesu o ne a fa Petrose monyetla oa ho tiisa lerato la hae ka makhetlo a mararo. Mantsoe a Jesu a reng: “Fepa likonyana tsa ka. . . . Lisa linku tsa ka tse nyenyane. . . . Fepa linku tsa ka tse nyenyane,” a ile a kholisa moapostola enoa ea bakileng hore o sa ntse a tšeptjoa. Etsoe Jesu o ne a laela Petrose hore a mo thuse ho hlokomela letlotlo la bohlokoahali—e leng balateli ba Jesu ba kang linku. (Johanne 10:14, 15) Ka sebele e tlameha ebe ho ile ha re kokololo! ha Petrose a utloa hore Jesu o ntse a mo tšepa.

Ho hlakile hore Jesu o ile a tšoarela moapostola enoa ea bakileng. Kaha Jesu o bonahatsa litšobotsi le litsela tsa Ntate oa hae ka tsela e phethahetseng, re ka etsa qeto ea hore le Jehova o ne a tšoaretse Petrose. (Johanne 5:19) Jehova ha a leqe ho tšoarela, ke Molimo ea mohau ea ‘itokiselitseng ho tšoarela’ moetsalibe ea bakileng. Na see hase khothatse?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela