Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Thekollo e re Pholosa Joang?
    Molula-Qhooa—2010 | August 15
    • Re ka Pholosoa Khalefong ea Molimo

      4, 5. Ke eng e bontšang hore khalefo ea Molimo e setse holim’a tsamaiso ee e khopo ea lintho?

      4 Bibele le histori ea batho li bontša hore ho tloha ha Adama a ne a oela sebeng, khalefo ea Molimo e ‘setse holim’a’ moloko oa batho. (Joh. 3:36) Sena se bonahala ka hore ebe ha ho motho ea khonneng ho qoba lefu. Bobusi ba Satane bo hanyetsang ba Molimo bo hlōlehile ka ho feletseng ho sireletsa batho litlokotsing tse lulang li ba hlahela, ’me ha ho puso ea batho e khonneng ho finyella litlhoko tsa mantlha tsa baahi bohle ba eona. (1 Joh. 5:19) Kahoo, batho ba sa ntse ba tšoenngoa ke lintoa, bonokoane le bofuma.

  • Thekollo e re Pholosa Joang?
    Molula-Qhooa—2010 | August 15
    • 7 Moapostola Pauluse o ile a bolela hore Jesu o ‘re lopolla khalefong e tlang.’ (1 Bathes. 1:10) Pontšo eo ea ho qetela ea khalefo ea Jehova e tla qetella ka hore baetsalibe ba sa bakeng ba timetsoe ka ho sa feleng. (2 Bathes. 1:6-9) Ke bo-mang ba tla pholoha? Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Joh. 3:36) Ha tsamaiso ena e fela, bohle ba tla beng ba phela ’me ba bontša tumelo ho Jesu le sehlabelong sa hae sa thekollo ba ke ke ba timetsoa letsatsing la ho qetela la khalefo ea Molimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela