Ho Fela ha Khethollo
NA RE ka lemoha matšoao a hore re na le khethollo? Ka mohlala, na re etsa qeto ea hore na motho o joang ho ea ka ’mala oa hae, setso sa hae, kapa morabe—esita le haeba re sa tsebe motho eo? Kapa na re ka nka motho ka mong e le oa bohlokoa ho latela litšoaneleho tse ikhethang tseo a nang le tsona?
Mehleng ea Jesu, ka tloaelo batho ba neng ba lula Judea le Galilea ba ne ba ‘se na litšebelisano le Basamaria.’ (Johanne 4:9) Ha ho pelaelo hore polelo e tlalehiloeng ho Talmud e hlalosa maikutlo ao Bajuda ba bangata ba neng ba e-na le ’ona: “Le ka mohla, e se eka mahlo a ka a ka se bone Mosamaria.”
E ka ’na eaba baapostola ba Jesu le bona ba ne ba e-na le khethollo e itseng ho Basamaria. Ketsahalong e ’ngoe ha baa ka ba amoheloa ka mosa motseng oa Basamaria. Jakobo le Johanne ba ile ba botsa hore na ba bitse mollo hore o theohele bathong bao ba sa kang ba ba amohela na. Khalemelo e matla ea Jesu e ile ea ba bontša hore maikutlo ao ba neng ba e-na le ’ona a ne a fosahetse.—Luka 9:52-56.
Hamorao, Jesu o ile a pheta papiso ea monna ea ileng a hlaseloa ke masholu ha a le leetong la ho ea Jeriko a e-tsoa Jerusalema. Bajuda ba babeli ba balumeli ha baa ka ba ikutloa ba tlameha ho thusa monna eo. Leha ho le joalo, Mosamaria o ile a ema ’me a tlamisa maqeba a monna eo. Eaba o lokisetsa hore monna eo a hlokomeloe e le hore a ka hlaphoheloa likotsing tsa hae. Mosamaria eo o ile a ipaka e le eena moahelani oa ’nete. (Luka 10:29-37) Papiso ea Jesu e ka ’na eaba e ile ea thusa bamameli ba hae hore ba lemohe hore khethollo ea bona e ne e ba foufalitse hore ba se bone litšobotsi tse ntle tseo ba bang ba nang le tsona. Lilemo tse ’maloa hamorao, Johanne o ile a khutlela Samaria ’me a bolela metseng ea teng e mengata—mohlomong ho akarelletsa le motse oane oo a neng a kile a lakatsa ho o timetsa.—Liketso 8:14-17, 25.
Moapostola Petrose le eena o ile a tlameha ho itšoara ka tsela e hlokang leeme ha lengeloi le ne le mo laela hore a bue ka Jesu ho Korneliase, eo e neng e le molaoli oa lekholo oa Moroma. Petrose o ne a sa tloaela ho sebelisana le batho bao e seng Bajuda, ’me Bajuda ba bangata ba ne ba sa rate masole a Baroma. (Liketso 10:28) Empa ha Petrose a bona tataiso ea Molimo tabeng ena, o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
Lebaka Leo Khethollo e Lokelang ho Loantšoa ka Lona
Khethollo e hanana le molao-motheo oo Jesu a ileng a o ruta: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ke mang ea ka ratang ho khesoa ka lebaka la sebaka seo a hlahetseng ho sona, ’mala oa hae, kapa semelo sa hae? Khethollo e boetse e hanana le litekanyetso tsa Molimo tsa ho hloka leeme. Bibele e ruta hore Jehova “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Ka hona, batho bohle ke bana ba motho.
Ho feta moo, Molimo o ahlola motho e mong le e mong ho latela seo a se entseng. Ha a ahlole motho ho latela seo batsoali ba hae kapa baholo-holo ba bona ba se entseng. (Ezekiele 18:20; Baroma 2:6) Esita le haeba sechaba se seng se kile sa hatella se seng, leo hase lebaka la hore batho ba sechaba seo ba hlouoe, kaha e ka ’na eaba ha baa ka ba kenya letsoho ho hlokeng toka hoo. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba ‘rate lira tsa bona le ho rapella ba ba hlorisang.’—Matheu 5:44, 45.
Ka lebaka la lithuto tse joalo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thusoa hore ba hlōle khethollo eo ba neng ba e-na le eona ’me ba kopane hammoho bonngoeng mokhatlong oa machaba oa bana ba motho. Ba ne ba bitsana bara le barali ba motho ’me ba fela ba inka e le bona, le hoja ba ne ba e-tsoa litsong tse fapaneng. (Bakolose 3:9-11; Jakobo 2:5; 4:11) Melao-motheo e ileng ea etsa hore ho be le phetoho eo, e ka hlahisa melemo e tšoanang kajeno.
Ho Loantša Khethollo Kajeno
Hoo e ka bang e mong le e mong oa rōna o na le likhopolo tse itseng, empa ha ho hlokahale hore li mo khannele hore a be le khethollo. Buka ea The Nature of Prejudice e re: “Ho ahlola batho ntle ho tsebo ho fetoha khethollo hang ha maikutlo ao a sa lokisoe leha ’nete e se e fumanoe.” Hangata khethollo e ka hlōloa ha batho ba tsebana. Leha ho le joalo, eona buka eo e re “ke feela ha batho ba e-na le kamano e haufi e etsang hore ba etse lintho hammoho moo maikutlo a fosahetseng a ka fetoloang.”
Ke kamoo John, Monigeria oa Moibo, a ileng a hlōla kateng khethollo eo a neng a e-na le eona ho Mahausa. O re: “Ha ke le univesithi ke ile ka kopana le liithuti tsa Mahausa ’me ra ba metsoalle, eaba ke fumana hore ba na le mekhoa e metle. Ke ile ka sebetsa le seithuti se seng sa Mohausa mosebetsing oa sekolo o kopaneloang, ’me re ile ra sebelisana hantle haholo; athe Moibo eo ke neng ke ile ka sebelisana le eena nakong e fetileng o ne a sa ka a phetha boikarabelo bohle ba hae.”
Sebetsa sa ho Loantša Khethollo
Ho latela tlaleho ea UNESCO Khahlanong le Khethollo ea Morabe, “thuto e ka ba sebetsa sa bohlokoahali ho loantšeng mefuta e mecha ea khethollo ea morabe, ho ea ka tšobotsi le ho qhelela ba bang ka thōko.” Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ka sebele, thuto ea Bibele ke thuso ea bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ena. (Esaia 48:17, 18) Ha batho ba sebelisa seo e se rutang, tlhompho e leleka lipelaelo tse ka bang teng ’me lerato le felise lehloeo.
Lipaki Tsa Jehova li fumane hore Bibele e li thusa hore li hlōle khethollo eo li nang le eona. Ka sebele, Bibele e li susumetsa le ho li fa monyetla oa hore li etse lintho hammoho le batho ba litso tse fapaneng le ba merabe e meng. Christina ea qotsitsoeng sehloohong se qalang letotong lena, ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O re: “Liboka tsa rōna tse tšoareloang Holong ea ’Muso li etsa hore ke itšepe. Ke ikutloa ke sireletsehile hobane ha ke utloe eka ho na le motho ea nkhethollang.”
Jasmin eo le eena e leng Paki, o ile a qala ho tobana le khethollo ea morabe ha a le lilemo li robong. O re: “Labone e ’nile ea e-ba letsatsi le nkhathollang ka ho fetisisa bekeng hobane mantsiboeeng a lona ke ea Holong ea ’Muso. Ha ke le moo, batho ba mpontša lerato. Ba etsa hore ke ikutloe ke le oa bohlokoa ho e-na le ho ikutloa ke nyatseha.”
Mesebetsi ea boithaopo e tšehetsoang ke Lipaki Tsa Jehova le eona e kopanya batho ba merabe e sa tšoaneng. Simon o hlahetse Brithani, le hoja lelapa labo le tsoa Caribbean. O ’nile a khetholloa haholo ha a sebetsa e le ’meselara lik’hamphaning tsa kaho. Empa sena ha sea ka sa etsahala ha a sebetsa mesebetsing ea boithaopo le barab’abo tumelong. Simon oa pheta: “Ke sebelitse le Lipaki tsa heso tse tsoang linaheng tse ngata tse fapaneng, empa re ithutile ho sebelisana hantle. E meng ea metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo ke ea batho ba tsoang linaheng tse ling le ba merabe e meng.”
Ke ’nete hore Lipaki Tsa Jehova ha lia phethahala. Ka hona, e ka ’na eaba li lokela ho lula li loantša tšekamelo ea ho khetholla. Empa ho tseba hore Molimo ha a leeme ho li fa matla a maholo a hore le tsona li etse joalo.—Baefese 5:1, 2.
Meputso ea ho loantša khethollo e mengata. Ha re tsoakana le batho ba limelo tse ling, ho ba le melemo eo re e fumanang bophelong. Ho feta moo, ka ’Muso oa hae, haufinyane Molimo o tla theha sechaba sa batho bao ho loka ho tla aha ho bona. (2 Petrose 3:13) Nakong eo, khethollo e tla be e hlōtsoe ’me e hlōletsoe ruri.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Na ke na le Khethollo?
Ipotse lipotso tse latelang ho bona hore esere ka mohlomong u ntse u e-na le khethollo e itseng:
1. Na ke nahana hore batho ba morabe o itseng, sebaka kapa sechaba se itseng ba na le mekhoa e sa rateheng, e kang ho ba bothoto, ho ba botsoa kapa ho ba lekhonatha? (Metlae e mengata e hlohlelletsa khethollo ea mofuta ona.)
2. Na ke rata ho beha batho ba tsoang linaheng tse ling kapa ba morabe o mong molato ka mathata a ka a lichelete kapa a bophelo?
3. Na ke lumeletse lehloeo la khale la sebaka sa heso ka sechaba se itseng hore le etse hore ke hloee batho ba sechaba seo?
4. Na ke khona ho nka motho e mong le e mong eo ke kopanang le eena e le motho—ho sa tsotellehe hore na ke oa ’mala ofe, oa setso kapa oa morabe ofe?
5. Na ke thabela monyetla oa ho tseba batho ba setso se seng? Na ke etsa boiteko ba ho etsa joalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Papisong ea hae ea Mosamaria ea molemo, Jesu o re rutile mokhoa oa ho hlōla khethollo
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
A le lapeng la Korneliase, Petrose o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Thuto ea Bibele e kopanya batho ba litso tse sa tšoaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lipaki Tsa Jehova li sebelisa seo li ithutileng sona
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Christina—“Liboka tse tšoareloang Holong ea ’Muso li etsa hore ke itšepe”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jasmin—“Batho ba mpontša lerato. Ba etsa hore ke ikutloe ke le oa bohlokoa ho e-na le ho ikutloa ke nyatseha”
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Simon, moithaopi mesebetsing ea kaho—“Re ithutile ho sebelisana hantle”