-
Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
-
-
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha barutuoa ba ne ba tsielehile? (b) Jesu o ne a bua ka mofuta ofe oa kotulo?
BARUTUOA ba ne ba tsielehile. Jesu o ne a ile a ba bolella sena: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” Ba ile ba talima sebaka seo Jesu a neng a se supa, leha ho le joalo ha baa ka ba bona masimo a soeufetseng empa ba ile bona masimo a matala, e leng ’mala oa harese e sa tsoa mela. E ka ’na eaba ba ile ba ipotsa, ‘Jesu o bua ka kotulo efe? Ho sa ntse ho e-na le likhoeli pele kotulo e tla.’—Joh. 4:35.
2 Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa bue ka kotulo ea sebele. Ho e-na le hoo, o ne a sebelisa boemo bona ho ruta barutuoa ba hae lithuto tse peli tsa bohlokoa tse amanang le kotulo ea moea e leng ho kotuloa ha batho. Lithuto tseo ke life? E le hore re li tsebe, a re ke re hlahlobe tlaleho ena ka ho eketsehileng.
Ba Khothalletsoa ho Sebetsa ’me Baa Thaba
3. (a) E ka ’na eaba ke’ng se ileng sa susumelletsa Jesu hore a re: “Masimo a soeufetse . . . bakeng sa kotulo”? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Jesu o ile a hlakisa seo a neng a bua ka sona joang?
3 Jesu o ne a bua le barutuoa ba hae ka selemo sa 30, a le haufi le motse oa Samaria oa Sikare. Ha barutuoa ba kena motseng, Jesu o ile a sala selibeng moo a ileng a bua le mosali ka linnete tsa Mangolo ’me kapele mosali eo o ile a utloisisa bohlokoa ba lithuto tsa hae. Ha barutuoa ba khutlela ho Jesu, mosali eo o ile a khutlela Sikare ka potlako ho ea bolella baahelani ba hae ka lintho tse hlollang tseo a ithutileng tsona. Baahelani ba hae ba ile ba thabela molaetsa oo haholo hoo ba bangata ba ileng ba potlakela selibeng ho ea kopana le Jesu. Ho ka etsahala hore ebe ka nako eo—ha Jesu a talima masimo ’me a bona sehlopha sa Basamaria se atamela—o ile a re: ‘Talimang masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.’a Ho bontša hore o ne a sa bue ka kotulo ea sebele, empa ka ea moea, o ile a re: “Mokotuli o . . . bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 4:5-30, 36.
4. (a) Ke lintho life tse peli tseo Jesu a ileng a li ruta mabapi le kotulo ea moea? (b) Re tla tšohla lipotso life?
4 Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li ruta mabapi le kotulo ea moea? Ea pele, mosebetsi o potlakile. Ha Jesu a re “masimo . . . a soeufetse bakeng sa kotulo” o ne a khothalletsa hore balateli ba hae ba sebetse. Ha a bontša barutuoa ba hae kamoo mosebetsi o potlakileng kateng, Jesu o ile a re: “Mokotuli o se a amohela moputso.” Ka sebele mosebetsi oa kotulo o ne o se o qalile—ba ne ba sa lokela ho senya nako! Ea bobeli, basebetsi ba thabile. Jesu o ile a re bajali le bakotuli ba tla “thaba hammoho.” (Joh. 4:35b, 36) Feela joalokaha Jesu a ile a thaba ha a bona “Basamaria ba bangata . . . ba beha tumelo ho eena,” barutuoa ba hae le bona ba ne ba tla thaba haholo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa ho kotula ka moea oohle. (Joh. 4:39-42) Tlaleho ena ea lekholong la pele la lilemo ke ea bohlokoa bakeng sa rōna hobane e bontša se etsahalang kajeno, nakong eo mosebetsi oa kotulo o leng mongata le ho feta. Mosebetsi oa kotulo oa mehleng ea kajeno o qalile neng? Ke bo-mang ba o etsang? Liphello e bile life?
-
-
Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
-
-
a E ka ’na eaba ha Jesu a ne a bolela hore ‘masimo a soeufetse’ o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka liaparo tse telele tsa Basamaria bao a neng a ba bona ba atamela.
-