Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Hobane ke Rometsoe Sena”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 19, 20. Jesu o ile a bontša joang hore mosebetsi oa ho bolela o lokela ho etsoa ka potlako?

      19 Ea boraro, Jesu o ne a ho nka ho potlakile hore a be tšebeletsong. Hopola ha a ne a buisana le mosali oa Mosamaria selibeng se haufi le Sikare. Ha ho bonahale eka baapostola ba Jesu ba ne ba nka hore boemong boo ho potlakile hore ba bang ba bolelloe litaba tse molemo. Jesu o ile a re ho bona: “Na ha le re ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse ’nè pele kotulo e tla? Bonang! Ke re ho lōna: Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.”—Johanne 4:35.

      20 Jesu o ile a etsa papiso ka nako ea selemo eo ba neng ba le ho eona. Kamoo ho bonahalang kateng e ne e le ka khoeli ea Kisleve (November/December). Ho ne ho tlil’o feta likhoeli tse ling tse ’nè pele ho kotuloa harese, ho elella nakong ea Paseka ka la 14 Nisane. Kahoo lihoai li ne li nka hore ha ho letho le potlakileng ka kotulo ka nako eo. Ho ne ho sa na le nako e ngata lipakeng. Empa ho thoe’ng ka kotulo ea batho? Ba bangata ba ne ba le boemong ba ho utloa, ho ithuta, ho ba barutuoa ba Kreste ’me ba be le tšepo e babatsehang eo Jehova a ba tšepisang eona. Ho ne ho tšoana le ha eka Jesu o talimile masimo a tšoantšetso ’me oa bona hore a se a soeufetse ke harese e butsoitseng e ntseng e eketheha ke moea o fokang hasesaane, ho bontša hore e se e loketse kotulo.c Nako e ne e fihlile, ’me mosebetsi o lokela ho etsoa ka potlako! Ke kahoo ha batho ba motse o mong ba ne ba leka ho tšoarella Jesu, a ileng a re ho bona: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”—Luka 4:43.

  • “Hobane ke Rometsoe Sena”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • c Buka e ’ngoe ha e bua ka temana ena, e re: “Harese ha e se e butsoitse, e fetola ’mala ho tloha ho o motala ho ea ho o mosehla, kapa o bosehla bo khanyang, ho bontša hore e se e loketse kotulo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela