Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na batho ba kulang le ba holofetseng ba ne ba hlile ba folisoa metsing a fuluhiloeng a Bethesda, joalokaha Johanne 5:2-7, NW e bontša? ’Me haeba ho joalo, mehlolo eo e ne e etsahala ka matla afe?
Ha e le hantle, tlaleho e ho Johanne 5:2-9, NW ha e tiise hore na ho ile ha ba le lipholiso tse ’maloa tsa mohlolo letšeng leo, Jerusalema ea boholo-holo. Mohlolo o le mong feela oo re ka kholisehang hore o ile oa etsahala moo ke o entsoeng ke Jesu Kreste ha a folisa monna ea kutseng ka lilemo tse 38. Re ka amohela mohlolo ona, hobane tlaleho ea oona ke karolo ea Mangolo a bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) Empa mehleng eo ba bangata Jerusalema ba ne ba lumela hore ho na le mehlolo e meng e etsahetseng sebakeng seo, joalokaha ba bangata kajeno ba lumela hore liphekolo tsa mohlolo li ntse li etsahala linģalong tse halalelang.
Hlokomela seo Bibele e se buang, le seo e hlileng e sa se bueng: “Letša le teetsoeng hare ke mekhoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong oa Linku, le bitsoang Bethesda ka se-heberu. Ho no ho sekame ho eona bongata bo boholo joa batho ba kulang, lifofu, le lihlotsa, le ba omeletseng litho. —— Monna e mong o na a le teng moo, ea kutseng ka lilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le ’meli. Jesu ha a ’mona a sekame, ’me a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, a re ho eena: Na u rata ho fola na? Ea kulang a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ea nkenyang letšeng, ha metsi a sa tsoa fuluoa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho ’na. Jesu a re ho eena: Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee. Monna eo a hla a fola hang, a nka liphate tsa hae, a tsamaea.”—Johanne 5:2-9, NW.
Letša leo ho buuoang ka lona le ne le le pel’a “monyako oa Linku” (ha e le hantle, “linku”), oo ka ho totobetseng o neng o le ka leboea-bochabela ho Jerusalema haufi le tōtōma ea tempele. (Nehemia 3:1; 12:39) Ho epolloa ha lintho tsa khale haufinyana tjena ho sibollotse bopaki bo bontšang hore ho ne ho e-na le matša a mabeli a boholo-holo, le mesaletsa ea litšiea le meralo e bontšang hore ho ne ho e-na le mokhoro moo mehleng ea Heroda, joalokaha Johanne 5:2 e bolela. Empa mehleng eo batho ba ne ba nahana hore ho etsahala joang moo?
Hlokomela mola o bohareng ba mantsoe a ka holimo a qotsitsoeng ho Johanne 5:2-9, NW. Libibele tse ling, joaloka Bibele ea Sesotho li kenyelletsa mantsoe a ka thōko a ngotsoeng e le Johanne 5:4. Keketso eo e bua ntho e ’ngoe e kang ena: “Hobane lengeloi le ne le ee le theohele letšeng ka mehla e meng, le fulue metsi, ’me ea neng a kena letšeng pele, hobane metsi a fuluoe, o na a folisoa, leha a na a kula ke lefu lefe le lefe.”
Leha ho le joalo, Libibele tse ’maloa tsa morao tjena, ho akarelletsa New World Translation of the Holy Scriptures, li siea mantsoe ana ka thōko. Hobane’ng? Hobane a ne a le sieo Tlalehong ea Molaetsa ea Johanne. Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho The Jerusalem Bible o bolela hore “lipaki tse molemo ka ho fetisisa” li siea serapa sena ka thōko. “Lipaki tse molemo ka ho fetisisa” tse boleloang ke meqolo ea boholo-holo ea Segerike, e kang Codex Sinaiticus le Vatican 1209 (eo ka bobeli e leng ea lekholong la bone la lilemo C.E.), le liphetolelo tsa pele-pele tsa Sesyria le Selatine. Ka mor’a ho bua ka ‘bosieo ba temana ea 4 litemaneng tsa meqolo ea khale e molemo ka ho fetisisa,’ The Expositor’s Bible Commentary ea phaella: “Ka kakaretso e nkoa e le tlhaloso e ileng ea kenngoa ho hlalosa ho fuluhuoa ha metsi ho neng ho etsahala nako le nako, hoo baahi ba neng ba ho talima e ka ba mohloli oa ho folisa.”
Kahoo Bibele ha e hlile ha e bolele hore lengeloi le tsoang ho Molimo le ne le etsa mehlolo letšeng la Bethesda. Empa, na ho na le lipholiso tse ileng tsa etsahala ha ho fuluhuoa metsi ao? Ha ho motho ea ka tiisang hoo. Mohlomong ka tsela e ’ngoe e itseng ho ile ha hlaha neano ea hore batho ba kulang kapa ba holofetseng ba ’nile ba folisoa moo. Hang ha lipale tsa ho nkoang e le ho folisa li hasana, batho ba tsielehileng ba nang le tšepo ea ho phekoloa ba ne ba ka ’na ba qala ho bokana moo. Rea tseba hore sena se ’nile sa etsahala libakeng tse fapa-fapaneng mehleng ea rōna, esita le haeba ho se na bopaki bo tiisitsoeng ba lipholiso tse tsoang ho Molimo.
Empa, ha rea lokela ho belaella pholiso e entsoeng ke Mora oa Molimo letšeng la Bethesda. Koana, esita le ka ntle ho ho kena ka metsing, monna eo o ile a phekoloa hang-hang ke Ngaka e KhōIō. Matla a hae a nang le bopaki a ho etsa sena a lokela ho re nea lebaka la ho lebella lipholiso tseo a tla li etsa nakong ea Lilemo tse Sekete tse atamelang. O tla folisa batho ba tšepahalang ’me a ba thuse ho khutlela phethehong.—Tšenolo 21:4, 5; 21:1, 2.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.