-
Lipotso tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1988 | September 1
-
-
Hlokomela seo Bibele e se buang, le seo e hlileng e sa se bueng: “Letša le teetsoeng hare ke mekhoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong oa Linku, le bitsoang Bethesda ka se-heberu. Ho no ho sekame ho eona bongata bo boholo joa batho ba kulang, lifofu, le lihlotsa, le ba omeletseng litho. —— Monna e mong o na a le teng moo, ea kutseng ka lilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le ’meli. Jesu ha a ’mona a sekame, ’me a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, a re ho eena: Na u rata ho fola na? Ea kulang a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ea nkenyang letšeng, ha metsi a sa tsoa fuluoa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho ’na. Jesu a re ho eena: Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee. Monna eo a hla a fola hang, a nka liphate tsa hae, a tsamaea.”—Johanne 5:2-9, NW.
-
-
Lipotso tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1988 | September 1
-
-
Hlokomela mola o bohareng ba mantsoe a ka holimo a qotsitsoeng ho Johanne 5:2-9, NW. Libibele tse ling, joaloka Bibele ea Sesotho li kenyelletsa mantsoe a ka thōko a ngotsoeng e le Johanne 5:4. Keketso eo e bua ntho e ’ngoe e kang ena: “Hobane lengeloi le ne le ee le theohele letšeng ka mehla e meng, le fulue metsi, ’me ea neng a kena letšeng pele, hobane metsi a fuluoe, o na a folisoa, leha a na a kula ke lefu lefe le lefe.”
Leha ho le joalo, Libibele tse ’maloa tsa morao tjena, ho akarelletsa New World Translation of the Holy Scriptures, li siea mantsoe ana ka thōko. Hobane’ng? Hobane a ne a le sieo Tlalehong ea Molaetsa ea Johanne. Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho The Jerusalem Bible o bolela hore “lipaki tse molemo ka ho fetisisa” li siea serapa sena ka thōko. “Lipaki tse molemo ka ho fetisisa” tse boleloang ke meqolo ea boholo-holo ea Segerike, e kang Codex Sinaiticus le Vatican 1209 (eo ka bobeli e leng ea lekholong la bone la lilemo C.E.), le liphetolelo tsa pele-pele tsa Sesyria le Selatine. Ka mor’a ho bua ka ‘bosieo ba temana ea 4 litemaneng tsa meqolo ea khale e molemo ka ho fetisisa,’ The Expositor’s Bible Commentary ea phaella: “Ka kakaretso e nkoa e le tlhaloso e ileng ea kenngoa ho hlalosa ho fuluhuoa ha metsi ho neng ho etsahala nako le nako, hoo baahi ba neng ba ho talima e ka ba mohloli oa ho folisa.”
Kahoo Bibele ha e hlile ha e bolele hore lengeloi le tsoang ho Molimo le ne le etsa mehlolo letšeng la Bethesda. Empa, na ho na le lipholiso tse ileng tsa etsahala ha ho fuluhuoa metsi ao? Ha ho motho ea ka tiisang hoo. Mohlomong ka tsela e ’ngoe e itseng ho ile ha hlaha neano ea hore batho ba kulang kapa ba holofetseng ba ’nile ba folisoa moo. Hang ha lipale tsa ho nkoang e le ho folisa li hasana, batho ba tsielehileng ba nang le tšepo ea ho phekoloa ba ne ba ka ’na ba qala ho bokana moo. Rea tseba hore sena se ’nile sa etsahala libakeng tse fapa-fapaneng mehleng ea rōna, esita le haeba ho se na bopaki bo tiisitsoeng ba lipholiso tse tsoang ho Molimo.
-