Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 3/1 maq. 5-8
  • Lithuto Mehlolong ea Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithuto Mehlolong ea Jesu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Hantle ka Sabatha
  • Thuto ka Kutloelo-bohloko
  • Seo Mehlolo e se Rutang
  • Re ka Ithuta’ng Mehlolong ea Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • U ka Ithuta Eng Mehlolong ea Jesu?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Kreste—ke Matla a Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • O ne a Rata Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 3/1 maq. 5-8

Lithuto Mehlolong ea Jesu

“KA LETSATSI la boraro, bohali ba e-ba teng Kana oa Galelea . . . Jesu le eena a biletsoa bohaling le barutuoa ba hae. ’Me veine ea fela. Eaba ’m’a Jesu o re ho eena: Ha ba na veine.” Ketsahalo ena e ile ea fana ka boemo ba hore Jesu a etse mohlolo oa hae oa pele.—Johanne 2:1-3.

Na bothata bo joalo e ne e le boo eseng ba bohlokoa, le bo bonyenyane haholo, hore bo ka tlisoa tlhokomelong ea Jesu? Setsebi se seng sa Bibele sea hlalosa: “Ho amohela baeti Bochabela e ne e le mosebetsi oa bohlokoahali . . . Ho amohela baeti ha sebele, haholo-holo moketeng oa lenyalo, ho ne ho akareletsa matletsatletse a lijo le lino. Haeba lijo li ne li [fela] moketeng oa lenyalo, botumo ba lelapa le ba banyalani bao ba bacha bo ne bo tla lula bo sentsoe ke mahlabisa-lihlong ao kamehla.”

Ka hona Jesu o ile a nka bohato. O ile a hlokomela hore ho na le “linkho tsa majoe tse tšeletseng . . . tseo ba-Juda ba itlhatsoang ho tsona.” Tloaelo ea ho hlapa matsoho pele ho jeoa e ne e le moetlo har’a Bajode, ’me ho ne ho batluoe metsi a mangata bakeng sa batho ba neng ba le teng. Jesu o ile a laela ba neng ba fepa baeti: “Tlatsang linkho tseo ka metsi.” Jesu e ne e se “mong a mokete,” empa o ile a bua ka ho toba le ka matla a ho laela. Tlaleho eo e re: ‘Eare ha mong a mokete a latsoa metsi, a ne a fetohile veine.’—Johanne 2:6-9; Mareka 7:3.

Ho ka ’na ha bonahala e le ho sa tloaelehang hore ebe ntho e tloaelehileng joaloka lenyalo e ne e tla ba boemo boo ho bona Jesu a etsang mohlolo oa pele, empa ketsahalo eo e senola ho hongata ka Jesu. E ne e le monna oa lesoha, ’me liketsahalong tse latelang o ile a bua ka melemo ea bosoha le barutuoa ba hae. (Mattheu 19:12) Leha ho le joalo, boteng ba hae moketeng oa lenyalo bo ile ba senola hore ho hang o ne a se khahlanong le lenyalo. O ne a leka-lekane, a tšehetsa tokisetso ea lenyalo; o ne a le talima e le ntho e hlomphehang mahlong a Molimo.—Bapisa le Ba-Heberu 13:4.

Jesu e ne e se motho ea thata ea sa ithabiseng, e leng seo hamorao litsebi tsa kereke li ileng tsa mo hlahisa a le sona. Ka ho hlakileng o ne a thabela ho ba le batho ’me o ne a sa nene setsoalle. (Bapisa le Luka 5:29.) Ka hona liketso tsa hae li behile mohlala bakeng sa balateli ba hae. Jesu ka boeena o bontšitse hore ba ne ba sa lokela ho ba ba thotseng kapa ba hlonameng ho sa hlokahale—joalokaha eka ho loka ho ne ho bolela ho se thabe. Ka ho fapaneng, hamorao Bakreste ba ile ba laeloa: “Ithabeleng Moreneng ka mehla.” (Ba-Filippi 4:4) Kajeno Bakreste ba ela hloko ho boloka boithabiso bo le ka hare ho meeli e lekanyelitsoeng. Ba fumana thabo ea bona tšebeletsong ea Molimo, empa ka ho latela mohlala oa Jesu, ka linako tse ling ba fumana nako ea ho thabela botsoalle le ba bang e le sehlopha.

Hape hlokomela maikutlo a bonolo a Jesu. O ne a sa tlangoa ke letho hore a etse mohlolo. Ntlheng ena ho ne ho se na boprofeta bo neng bo tlameha ho phethahala. Motheong oa bopaki bo teng, Jesu o ile a mpa a susumetsoa maikutlo ke kameho ea ’m’ae le tsietsi ea bao ba neng ba nyalana. O ile a tsotella maikutlo a bona ’me a lakatsa ho ba qobisa masoabi. Na seo ha se hahe kholiseho ea hao ea hore Kreste o na le thahasello ea sebele ho uena—esita le mathateng a hao a tloaelehileng?—Bapisa le Ba-Heberu 4:14-16.

Kaha nkho “e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tlatsoa ke litekanyo tse peli kapa tse tharo” tsa metsi, mohlolo oa Jesu o ne o akareletsa veine e ngata haholo—mohlomong lilithara tse 390! (Johanne 2:6) Hobane’ng ha ho ne ho hlokahala e ngata hakaalo? Jesu o ne a sa khothaletse botahoa, e leng ntho eo Molimo a e nyatsang. (Ba-Efese 5:18) Ho e-na le hoo, o ne a bonahatsa ho fana ka seatla se bulehileng joaloka Molimo. Kaha veine e ne e le seno se tloaelehileng, veine leha e le efe e setseng e ne e ka sebelisoa liketsahalong tse ling.—Bapisa le Mattheu 14:14-20; 15:32-37.

Bakreste ba pele ba ile ba etsisa mohlala oa Jesu oa ho fana ka seatla se bulehileng. (Bapisa le Liketso 4:34, 35.) ’Me kajeno batho ba Jehova ka ho tšoanang ba khothalletsoa ho ‘fana.’ (Luka 6:38) Leha ho le joalo, mohlolo oa pele oa Jesu o boetse o na le bohlokoa ba boprofeta. O lebisa tlhokomelo nakong e tlang ha ka seatla se bulehileng Molimo a tla lokisetsa “mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa” ’me a felise tlala ka ho feletseng.—Esaia 25:6.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mehlolo e mengata-ngata eo Jesu a e entseng e neng e akareletsa ho folisoa ’meleng? Re ka ithuta eng ho eona?

Ho Etsa Hantle ka Sabatha

“Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee.” Jesu o ile a bua mantsoe ana ho monna ea neng a kutse ka lilemo tse 38. Tlaleho ea Kosepele e tsoela pele: “Monna eo a hla a fola hang, a nka liphate tsa hae, a tsamaea.” Ho makatsang, hase bohle ba ileng ba thabisoa ke ho fetoha hoo ha boemo. Tlaleho e re: “Ka baka leo, ba-Juda ba hlorisa Jesu, ba rata ho ’molaea, kahobane a na a etsa tse joalo ka Sabatha.”—Johanne 5:1-9, 16.

Sabatha e ne e reretsoe hore e be letsatsi la hore bohle ba phomole le ho thaba. (Exoda 20:8-11) Leha ho le joalo, mehleng ea Jesu, e ne e fetohile motsoebere oa melao e hatellang e entsoeng ke motho. Setsebi Alfred Edersheim se ile sa ngola hore likarolong tse telele tsa molao oa Sabatha ho Talmud, “litaba li tšohliloe ka ho teba joaloka tsa bohlokoa bo boholo bolumeling, e leng tseo motho a ke keng a nahana hore motho ea hlaphohetsoeng kelellong o ne a tla li nka ka ho teba.” (The Life and Times of Jesus the Messiah) Bo-rabbi ba ne ba amahanya bohlokoa ba lefu kapa bophelo le melao ea lefeela, e hatellang e neng e laola hoo e ka bang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Mojode—hangata e le ka ho se natse maikutlo a batho ka ho hloka mohau. Molao o mong oa Sabatha o ne o laela: “Haeba mohaho o oetse holim’a motho ’me ho na le pelaelo ea hore na o teng kapa che, kapa hore na oa phela kapa o shoele, kapa hore na ke molichaba kapa Moiseraele, ba ka ’na ba tlosa lintho tse mo hatileng. Haeba ba mo fumana a phela ba ka ’na ba tsoela pele ho tlosa lintho tse mo hatileng; empa haeba [a] shoele, ba mo tlohele.”—Bukana ea Yoma 8:7, The Mishnah, e fetoletsoeng ke Herbert Danby.

Jesu o ne a talima melao e joalo ea ho ngangisana ka lintho tse sa reng letho joang? Ha a ne a nyatsetsoa ho folisa ka Sabatha, o ile a re: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” (Johanne 5:17) Jesu o ne a sa hiroa e le hore a ka ithuisa. Ho e-na le hoo, o ne a etsa thato ea Molimo. Feela joalokaha Balevi ba ne ba lumeletsoe ho ntšetsa pele tšebeletso ea bona e halalelang ka Sabatha, ka nepo Jesu o ne a ka ntšetsa pele mesebetsi ea hae eo a e abetsoeng ke Molimo joaloka Messia a sa tlōle Molao oa Molimo.—Mattheu 12:5.

Ho phekola ha Jesu ka letsatsi la Sabatha ho ile ha boela ha pepesa bangoli ba Bajode le Bafarisi e le “ba lokileng ka ho fetisisa”—ba sa tenyetseheng le ba sa leka-lekanang monahanong oa bona. (Moeklesia 7:16) Ka sebele, e ne e se thato ea Molimo hore mesebetsi e metle e felle feela matsatsing a itseng a beke; leha e le hore Molimo o ne a rerile hore Sabatha e be tsamaiso ea molao e se nang molemo. Ho Mareka 2:27, Jesu o itse: “Sabatha e entsoe ka baka la motho, motho ha a etsoa ka baka la Sabatha.” Jesu o ne a rata batho, eseng melao e hatellang.

Ka hona kajeno Bakreste ba etsa hantle hore e se be ba thata ka ho fetisisa kapa bao menahano ea bona e sekametseng molaong. Ba boholong ka phuthehong ba lese ho imetsa ba bang ka melao e feteletseng le litsamaiso tse entsoeng ke batho. Mohlala oa Jesu o boetse o re khothaletsa ho batla menyetla ea ho etsa hantle. Ka mohlala, le ka mohla Mokreste o ne a ke ke a nahana hore o tla arolelana linnete tsa Bibele le ba bang hafeela a kopanetse tšebeletsong ea ntlo le ntlo e hlophisitsoeng kapa ha a fana ka puo sethaleng. Moapostola Petrose o re Mokreste o lokela hore ‘a itokisetse ka mehla ho ikarabela, ka mosa le ka tlhompho, ho ea mo botsang tšepo e ho eena.’ (1 Petrose 3:15) Ho etsa hantle ha ho na tekanyetso ea nako.

Thuto ka Kutloelo-bohloko

Mohlolo o mong o hlaheletseng o tlalehiloe ho Luka 7:11-17. Ho ea ka tlaleho eo, Jesu o ile “a etela motseng o bitsoang Naine; barutuoa ba bangatanyana ba hae ba ne ba mo latela le bongata bo boholo ba batho.” Ho fihlela kajeno, litša tsa mabitla li ka bonoa ho ea ka boroa-bochabela ho motsana oa Maarabo oa Nein ea kajeno. “Eare ha a atamela khoro ea motse,” a fihlela sebaka moo ho leng lerata. “Ha bo ho jeroe mofu, ngoana ea ’notši oa ’m’ae, le hona mosali eo e le mohlolohali; o na a latetsoe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.” H. B. Tristram o ile a ngola hore “mokhoa oa ho tsamaisa lepato ha oa fapana” le oa mehleng ea khale, oa eketsa: “Ke ile ka bona basali ba le ka pele ho mojaro oa mofu, ba eteletsoe pele ke basali ba hiretsoeng ho lla. Ba akha matsoho, ba itlhotha moriri, ba etsa lipontšo tsa hore ba mahlomoleng a tšabehang, ebe ba meketsa lebitso la mofu haholo.”—Eastern Customs in Bible Lands.

Ka har’a mofere-fere o joalo o lerata ho ne ho tsamaea mohlolohali ea hlomohileng eo sefahleho sa hae feela se neng se bontša hore o bohlokong bo fetisisang. Ho ea ka mantsoe a mongoli Herbert Lockyer, kaha o ne a se a shoeletsoe ke monna, o ne a talima mor’a hae e le “seikokotlelo boqhekung ba hae, le matšeliso bolutung ba hae—setšehetso le tšiea ea lelapa. Ha a shoelloa ke mor’a hae ea mong feela, setšehetso sa ho qetela se ne se tlositsoe.” (All the Miracles of the Bible) Jesu o ile a itšoara joang? Ka mantsoe a bokheleke a Luka, “eitse ha Morena a ’mona, a mo utloela bohloko, a ba a re ho eena: Se lle.” Poleloana “utloela bohloko” e nkiloe lentsoeng la Segerike leo ka sebele le bolelang “mala.” Le bolela “ho susumetseha ha motho ka hare-hare.” (Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words) E, maikutlo a Jesu a ile a susumetsoa ka ho tebileng.

Ho ka etsahala hore ebe ’mè oa Jesu ka boeena e ne e le mohlolohali nakong ena, kahoo mohlomong o ne a tseba bohloko ba ho shoeloa ke ntat’ae oa moholisi, Josefa. (Bapisa le Johanne 19:25-27.) Mohlolohali eo ha aa ka a tlameha ho kōpa Jesu ka tieo. Ka ho itlisang feela o ile “a atamela, a ama mojaro oa mofu,” ho sa tsotellehe ’nete ea hore tlas’a Molao oa Moshe ho ama setopo ho ne ho silafatsa motho. (Numere 19:11) Ka matla a hae a ho etsa mehlolo, Jesu o ne a ka tlosa mohloli oa tšilafalo ka booona! “A re: Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha! Eaba mofu oa lula, a qala ho bua; ’me Jesu a mo nea ’m’ae.”

Ke thuto e susumetsang hakaakang ea kutloelo-bohloko! Bakreste ha baa lokela ho etsisa boikutlo bo se nang lerato, le bo se nang botsoalle bo totobetseng ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5) Ka ho fapaneng, 1 Petrose 3:8 ea khothatsa: “Ha e le ka ho hong, ke re: Bohle le be le khopolo e le ’ngoe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa.” Ha motsoalle oa rōna a hlaheloa ke lefu kapa ho kula ho tebileng, re ke ke ra tsosa mofu kapa ho folisa motho ea kulang. Empa re ka fana ka thuso e molemo le matšeliso, mohlomong ka ho ba teng ha rōna feela le ho lla le bona.—Ba-Roma 12:15.

Tsoho ena e hapang tlhokomelo e entsoeng ke Jesu e boetse e supa nakong e tlang—nakong ea ha “bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona”! (Johanne 5:28, 29) Lefatšeng ka bophara, ba shoeletsoeng ka bobona ba tla latsoa kutloelo-bohloko ea Jesu ha ba ileng ba ba siea, bo-’mè, bo-ntate, bana, le metsoalle ba khutla mabitleng!

Seo Mehlolo e se Rutang

Kahoo, ka ho hlakileng, mehlolo ea Jesu e ne e se feela lipontšo tse susumetsang tsa matla. E ile ea tlotlisa Molimo, ea beha mohlala bakeng sa Bakreste, ba khothaletsoang hore ba “tlotlise Molimo.” (Ba-Roma 15:6) E ile ea khothaletsa ho etsa se molemo, ho bontša ho fana ka seatla se bulehileng, le ho bontša kutloelo-bohloko. Habohlokoa le ho feta, e sebelelitse e le ponelo-pele ea mesebetsi e matla e tlang ho etsoa nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.

Ha a ntse a le lefatšeng, Jesu o ile a etsa mesebetsi ea hae e matla sebakeng sa lefatše se batlang se le se senyenyane. (Mattheu 15:24) E le Morena ea tlotlisitsoeng, meeli e tlas’a taolo ea hae e tla atolohela lefatšeng ka bophara! (Pesaleme ea 72:8) Morao koo, ba ileng ba phekoloa ke eena ka mohlolo le ho tsosoa bafung, qetellong ba ile ba shoa. Tlas’a borena ba hae ba leholimo, sebe le lefu li tla tlosoa ka ho feletseng, bakeng sa ho bula tsela ea bophelo bo sa feleng. (Ba-Roma 6:23; Tšenolo 21:3, 4) E, mehlolo ea Jesu e bontša ho tla ha bokamoso bo khanyang. Lipaki tsa Jehova li thusitse ba limilione ho hōlisa tšepo ea sebele ea ho ba karolo ea bona. Ho fihlela ha nako eo e fihla, ke tebello e hlollang hakaakang ea se tla tloha se etsahala e fanoeng ka mehlolo ea Jesu Kreste!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jesu o fetola metsi veine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela