Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/1 maq. 4-7
  • Molimo oa U Tsotella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo oa U Tsotella
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Boholo-holo
  • Jehova o le Hutse
  • Mehlolo ea Jesu
  • Jehova E-ba Moputsi
  • Na ho na le ea Hlileng a re Tsotellang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jehova oa le Tsotella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Jehova ke “Moputsi oa ba mo Batlang ka Tieo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Ruri Jehova oa U Tsotella?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/1 maq. 4-7

Molimo oa U Tsotella

MARY, mosali oa Mokreste ea qetellong ea lilemo tsa bo-40 o utloile bohloko bo boholo bophelong ba hae. Bofebe ba monna oa hae bo ile ba lebisa tlhalong lilemong tse fetang leshome tse fetileng. Ka mor’a moo, joaloka motsoali a le mong Mary o ile a loanela ho phetha boikarabelo ba hae ho bana ba hae ba bane. Empa o ntse a le mong, ’me ka linako tse ling ho bonahala a sa khone ho mamella bolutu. Mary oa ipotsa: ‘E le hore see se bolela hore Molimo ha o ntsotelle, kapa hona ho tsotella bana baa ba ka ba se nang ntat’a bona?’

Ebang u kile ua ba le mahlomola a tšoanang kapa che, ka sebele u ka qenehela Mary kamoo a ikutloang kateng. Kaofela ha rōna re mamelletse maemo a lekang, ’me mohlomong re ’nile ra ipotsa hore na ke neng hona joang, Jehova a tla nka khato molemong oa rōna. A mang a mathata ana ke liphello tse tobileng tsa ho khomarela ha rōna melao ea Molimo. (Mattheu 10:16-18; Liketso 5:29) A mang ke phello ea ho ba batho ba sa phethahalang ba phelang lefatšeng le busoang ke Satane. (1 Johanne 5:19) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho.”—Ba-Roma 8:22.

Leha ho le joalo, taba ea hore u tobane le teko e boima ha e bolele hore Jehova o u lahlile kapa ha a thahaselle boiketlo ba hao. U ka kholiseha ka see joang? Ke eng e bontšang hore Molimo oa u tsotella?

Mohlala oa Boholo-holo

Bibele e fana ka bopaki bo hlakileng ba kamoo Jehova a tsotellang batho ka bomong. Nahana ka Davida. Jehova o ne a e-na le thahasello ea botho ho molisa enoa e monyenyane, a mo fumana e le “motho eo a mo ratang.” (1 Samuele 13:14, BPN) Hamorao, ha Davida a busa e le morena, Jehova o ile a mo tšepisa: “Ke tla ba le uena hohle moo u tla fela u ee teng.”—2 Samuele 7:9, NW.

Na see se bolela hore Davida o ile a phela bophelo ba “bothebelele,” bo lokolohileng mathateng? Che, Davida o ile a tobana le liteko tse boima pele a busa leha a se a busa. Ka lilemo tse ’maloa pele e e-ba morena, Morena Saule ea neng a e-na le moea oa polao o ile a mo tsoma ka ho phehella. Nakong ena ea bophelo ba hae, Davida o ile a ngola: “Moea oa ka o har’a litau . . . har’a batho bao meno a bona e leng marumo le metsu.”—Pesaleme ea 57:4.

Leha ho le joalo, mahlomoleng ana a hae Davida o ne a kholisehile ka ho tsotella ha Jehova motho ka mong. Thapelong ea hae ho Jehova, o ile a bolela: “U bala lipaleho tsa ka.” E, ho Davida e ne eka Jehova o ngotse tlaleho ea phihlelo eo e bohloko kaofela ha eona. Joale Davida o ile a phaella: “U bokelle meokho ea ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngoliloe bukeng ea hao na?”a (Pesaleme ea 56:8) Ka papiso ena, Davida o ne a hlalosa kholiseho ea hore Jehova o ne a sa lemohe feela boemo empa o ne a lemoha le kamoo bo amang maikutlo kateng.

Ho tlella qetellong ea bophelo ba hae, Davida o ne a ka ngola ho tsoa phihlelong eo a bileng le eona: “Jehova o tiisa metsamao ea ea lokileng, o khahlisoa ke tsela ea hae; leha a ka oa, ha a oelle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.” (Pesaleme ea 37:23, 24) Le uena u ka kholiseha hore esita le haeba liteko tsa hao li phehella ’me li sa khaotse, Jehova oa bona ’me o ananela mamello ea hao. Pauluse o ile a ngola: “Hobane Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa.”—Ba-Heberu 6:10.

Ho feta moo, Jehova a ka nka bohato molemong oa hao ka ho u fa matla a ho mamella litšitiso leha e le life tse teng tseleng ea hao. Davida o ile a ngola: “Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.” (Pesaleme ea 34:19) Ka sebele, Bibele e re bolella hore mahlo a Jehova “a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.”—2 Likronike 16:9.

Jehova o le Hutse

Bopaki bo eketsehileng ba ho tsotella ha Jehova bo ka fumanoa mantsoeng a Jesu. O itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) E, Jehova o thusa batho ka bomong hore ba fumane molemo sehlabelong sa Kreste. Joang? Ka tekanyo e khōlō, ke ka mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. ’Nete ke hore mosebetsi ona o sebetsa e le “bopaki ho lichaba tsohle,” le hoja o finyella ho batho motheong oa motho ka mong. Taba ea hore ua mamela le ho arabela molaetseng oa litaba tse molemo ke bopaki ba ho ameha ha Jehova ka uena.—Mattheu 24:14.

Ka moea o halalelang, Jehova o boetse o hulela batho ho Mora oa hae le tšepong ea bophelo bo sa feleng. Sena se nolofaletsa e mong le e mong ho utloisisa le ho sebelisa linnete tsa moea ho sa tsotellehe mefokolo leha e le efe ea tlhaho le ho se phethahale. Ka sebele, motho a ke ke a utloisisa merero ea Molimo ntle ho thuso ea moea oa Molimo. (1 Ba-Korinthe 2:11, 12) Joalokaha Pauluse a ile a ngolla Bathessalonika, “tumelo hase ea bohle.” (2 Ba-Thessalonika 3:2) Jehova o fana ka moea oa hae feela ho batho ba bontšang boikemisetso ba ho huloa ke eena.

Jehova o hula batho hobane a ba rata e le batho ka bomong ’me a batla hore ba fumane pholoho. Ke bopaki bo tiileng hakaakang ba ho tsotella ha Jehova! Jesu o ile a re: “Thato ea Ntat’a lōna ea maholimong, ke hore ho se ke ha timela le a mong oa ba banyenyane bana.” (Mattheu 18:14) E, a ikemetse ka boeena, motho e mong le e mong ke oa bohlokoa mahlong a Molimo. Ke ka lebaka leo Pauluse a neng a ka ngola: “O tlang ho nea e mong le e mong ka ho etsa ha hae.” (Ba-Roma 2:6) ’Me moapostola Petrose o itse: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle [motho ka mong], ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35.

Mehlolo ea Jesu

Thahasello ea botho ea Molimo ho batho e ile ea bonahatsoa ka ho amang maikutlo mehlolong e ileng ea etsoa ke Mora oa hae, Jesu. Lipholiso tsena li ne li tsamaea le kutloelo-bohloko e tebileng. (Mareka 1:40, 41) Kaha Jesu “o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae,” kutloelo-bohloko ea hae e tšoantšetsa kameho e lerato ea Jehova bakeng sa mohlanka e mong le e mong oa hae.—Johanne 5:19.

Nahana ka ketsahalo ea mohlolo oo Jesu a ileng a o etsa, o tlalehiloeng ho Mareka 7:31-37. Mona Jesu o ile a folisa monna oa sethōlō ea neng a e-na le bothata ba ho bua. Bibele e tlaleha hore o ile a “ntša [monna eo] har’a bongata, a mo nkela thōko.” Joale, “a ntoo lelalla leholimong, a feheloa, a re: Efatha! ke ho re: Thiboloha!”

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a nkela monna eo ka thōko? Ha e le hantle, ke ho ka etsahalang hore sethōlō seo ho bileng ho leng thata hore se bue se ikutloe se le lihlong ka pel’a ba se shebeletseng. E ka ’na eaba Jesu o ile a hlokomela ho se phutholohe ha monna enoa, ’me ke ka hona a ileng a khetha ho mo phekolela boinotšing. Setsebi se seng sa Bibele sea hlokomela: “Taba ena eohle e re bontša ka ho hlakileng hore Jesu ha aa ka a talima monna eo e le mokuli feela tjee; o ile a mo talima joaloka motho ea khethehileng. Monna eo o ne a e-na le tlhoko le bothata tse khethehileng, ’me ka ho nahanela ho mofuthu haholo Jesu o ile a sebetsana le eena ka tsela e qenehelang maikutlo a hae le ka tsela eo a neng a ka e utloisisa.”

Ketsahalo ena e bontša hore Jesu o ne a e-na le kameho ea botho ho batho. Le uena u ka kholiseha hore o u thahasella hakaalo. Ka sebele, lefu la hae la sehlabelo e bile pontšo ea lerato bakeng sa lefatše lohle la batho ba ka rekolloang. Leha ho le joalo, u ka ’na ua lebisa ketso eo ka ho uena, joaloka Pauluse ea ileng a ngola: ‘Mor’a Molimo o nthatile, a ba a itella ’na.’ (Ba-Galata 2:20, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) ’Me kaha Jesu o ile a tsebisa hore ‘ea mo boneng o bone Ntate,’ re ka kholoa hore Jehova o na le thahasello e tšoanang ho mohlanka e mong le e mong oa hae.—Johanne 14:9.

Jehova E-ba Moputsi

Ho amohela tsebo ea Molimo ho kopanyelletsa ho tseba tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea botho ba hae joalokaha li senotsoe ka Bibeleng. Lebitso Jehova ka bolona le bolela “Ea Etsang Hore ho be Teng,” ho bolelang, leha e se ka ho tobileng, hore Jehova ekaba eng kapa eng eo a ka e khethang e le hore a phethe thato ea hae. Ho pholletsa le histori, o ’nile a ba le mesebetsi e fapa-fapaneng, ho kopanyelletsa le oa ho ba ’Mōpi, Ntate, ’Musi Morena, Molisa, Jehova oa makhotla, Moutloi oa lithapelo, Moahloli, Morupeli e Moholo le Molopolli.b

Ho utloisisa ka ho feletseng se boleloang ke lebitso la Molimo, re boetse re tlameha ho tseba Jehova joaloka Moputsi. Pauluse o ile a ngola: “Tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang kateng; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—Ba-Heberu 11:6.

Jehova o tšepisitse ba khethang ho mo sebeletsa ka pelo eohle kajeno bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Hase boikhabi ho lebella phethahatso ea tšepiso e hlollang eo, leha e le hore ke ho ikakasa ho inahana re se re phela moo. Moshe “o na a talimile moputso.” (Ba-Heberu 11:26) Ka ho tšoanang Pauluse ka cheseho o ile a lebella phethahatso ea tšepiso ea Molimo bakeng sa Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng. O ile a ngola: “Ke mathela pakaneng ho hapa moputso oa pitso ea Molimo, e tsoang holimo, ka Kreste Jesu.”—Ba-Filippi 3:14, BPN.

Le uena u ka lebella moputso oo Jehova a o tšepisang ba mamellang. Ho lebella moputso oo ke karolo ea bohlokoa haholo ea tsebo ea hao ka Molimo le ho mamella ha hao mosebetsing oa hae. Kahoo, letsatsi ka leng thuisa ka litlhohonolofatso tseo Jehova a u behetseng tsona. Mary, eo ho ileng ha buuoa ka eena qalong, o entse boiteko bo khethehileng ba ho etsa sena. O re: “Ke haufinyane tjena ha ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke amohela hore thekollo ea sehlabelo ea Jesu e sebetsa ho ’na. Ke hona ke ikutloang hore Jehova oa ntsotella joaloka motho. Ke bile Mokreste ka lilemo tse fetang 20, empa ke haufinyane tjena ha ke qala ho lumela sena ka tieo.”

Ka ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona ka ho tebileng, Mary, ’moho le ba bang ba limilione, o hlokomela hore Jehova o tsotella batho ba hae e seng feela joaloka sehlopha, empa le ka bomong. Moapostola Petrose o ne a kholisehile ka sena hoo a ileng a ngola: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.’ (1 Petrose 5:7, NW) E, Molimo oa u tsotella!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lekuka e ne e le setšelo se entsoeng ka letlalo la phoofolo, le etselitsoe ho tšela lintho tse kang metsi, oli, lebese, veine, sereleli le chisi. Litšelo tsa boholo-holo li ne li fapana haholo ka boholo le ka sebōpeho, tse ling tsa tsona e ne e le mekotla ea letlalo ’me tse ling e le litšelo tse melomo e mesesaane e nang le poropo.

b Bona Baahloli 11:27; Pesaleme ea 23:1; 65:2; 73:28; 89:26; Esaia 8:13; 30:20; 40:28; 41:14; bona hape le New World Translation of the Holy Scriptures—With References, Appendix 1J, leqepheng la 1568, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Tsoho—Bopaki ba Hore Molimo oa Tsotella

BOPAKI bo kholisang ba thahasello ea Molimo ho motho ka mong bo fumanoa Bibeleng ho Johanne 5:28, 29 (NW): “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”

Ka ho thahasellisang, mona ho sebelisitsoe lentsoe la Segerike mne·meiʹon (lebitla la khopotso), ho e-na le hore ho sebelisoe taʹphos (lebitla). Lentsoe taʹphos le fetisa feela mohopolo oa kepelo. Empa mne·meiʹon e fana ka maikutlo a hore tlaleho ea motho ea shoeleng ea hopoloa.

Tabeng ena, ak’u nahane ka seo tsoho e tla se hloka ho Jehova Molimo. E le hore a ka khutlisetsa motho bophelong, o tlameha ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena—ho kopanyelletsa le litšobotsi tsa hae tsa lefutso ’moho le mohopolo o feletseng oa hae. Ke ka tsela eo feela motho eo a ka tsosoang ka botho bo tšoanang le ba pele.

Ka ho hlakileng, ponong ea batho sena se ke ke sa etsahala, empa “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mareka 10:27, NW) O tseba ho fumana hantle le se ka hare ho pelo ea motho. Esita le haeba motho a shoele ka makholo-kholo a lilemo, mohopolo oa Molimo o ke ke oa mo lebala; ha o fifale. (Jobo 14:13-15) Kahoo, ha a bua ka Abrahama, Isaaka le Jakobo, Jesu o ne a ka bolela esita le ka mor’a makholo a lilemo ba shoele hore Jehova “hase Molimo oa bafu, ke oa ba phelang; hobane ho oona batho kaofela ke ba phelang.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Luka 20:38.

Kahoo, ba limilione tse likete ba shoeleng ba mohopolong oa Jehova Molimo ka ho qaqa ho feletseng. Ke bopaki bo hlollang haholo hakaakang ba hore Molimo o tsotella batho motheong oa motho ka mong!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jesu o ile a ba le thahasello ea botho ho bao a neng a ba phekola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela