Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 29
  • Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Bafu ba Hokae?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
  • Ho na le Tšepo Efe ka Bafu?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Ha Motho a Shoa o ea Hokae?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 29
Khaolo ea 29. Banyalani ba rapela mabitleng.

KHAOLO EA 29

Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Na u kile oa hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? Ka nako eo e bohloko, u ka ’na oa ipotsa: ‘Na batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela? Na re tla boela re bone batho bao re ba ratang ba hlokahetseng?’ Khaolo ena le e latelang li tl’o araba lipotso tsena.

1. Na motho ea hlokahetseng o ntse a phela?

Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko. Motho ea robetseng ha a bone lintho tse etsahalang. Lefu le tšoana le boroko ka tsela efe? Motho ea hlokahetseng ha a utloe bohloko. Ha a hopole metsoalle le ba lelapa la hae, ho sa tsotellehe hore na o ne a ba rata hakae. Bibele e re “ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Bala Moeklesia 9:5.

2. Ho tseba ’nete ka boemo ba bafu ho re thusa joang?

Batho ba bangata ba tšaba ho shoa ebile ba tšaba bafu. Empa seo Bibele e se buang ka lefu se ka u khothatsa. Jesu o itse: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Likereke tse ling li ruta hore ha motho a hlokahala moea oa hae o tsoela pele o phela empa Bibele ha e rute seo. Bafu ha ba utloe bohloko. Kaha ha ba tsebe letho, ba ke ke ba re lematsa. Kahoo ha ho hlokahale hore re ba rapele, re ba rapelle kapa re etse meetlo e itseng hobane re re ha re batle ba re halefele.

Batho ba bang ba re ba khona ho bua le bafu. Empa ha se ntho e ka etsahalang hobane re ithutile hore bafu “ho hang ha ba tsebe letho.” Ho ka etsahala hore ebe batho ba nahanang hore ba bua le bafu ba ntse ba bua le bademona, ba iketsang eka ke baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Ho tseba hore na bafu ba boemong bofe ho re sireletsa ho bademona. Jehova oa tseba hore ho sebelisana le bademona ho kotsi, ke kahoo a reng re se ke ra bua le bafu.—Bala Deuteronoma 18:10-12.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute lintho tse ling tseo Bibele e li rutang ka bafu ’me u be le tumelo ho Molimo ea lerato, ea sa utloiseng batho ba hlokahetseng bohloko.

Ntate le bana ba hae ba babeli ba lutse setulong lefung la mosali oa hae e leng ’me oa bana ba hae. Metsoalle le ba lelapa ba ea ho bona ho ba khothatsa le ho ba tšehetsa.

3. Ithute seo e leng ’nete ka boemo ba bafu

Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka boemo ba bafu empa ha ho bolele hore kaofela ba nepile.

  • Na moo u lulang teng batho ba lumela hore bafu ba ntse ba phela?

E le hore u bone seo Bibele e se rutang, bapala VIDEO ena.

VIDEO: Bafu ba Hokae?—Karoloana (1:19)

Litšoantšo: Karolo e hlahang videong e reng ‘Bafu ba Hokae?—Karoloana.’ 1. Setopo se betheng ea sepetlele. 2. Ntate e mong o robetse pakeng tsa batho ba babeli ka tereneng.

Bala Moeklesia 3:20 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ho ea ka temana ee, na batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela?

  • Na ha motho a hlokahala moea oa hae o tsoela pele o phela?

Bibele e re bolella ka lefu la motsoalle oa Jesu e leng Lazaro. Ha u ntse u bala Johanne 11:11-14, hlokomela hore na Jesu o ile a re ho etsahetse’ng ka Lazaro ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Jesu o ile a bapisa lefu le eng?

  • Papiso ee e re batho ba hlokahetseng ba boemong bofe?

  • Na taba ea hore Bibele e re bafu ha ba tsebe letho ea utloahala?

4. Ho tseba ’nete ka bafu hoa re thusa

Ho tseba hore batho ba hlokahetseng ha ba phele ho re thusa hore re se ke ra tšaba bafu. Bala Moeklesia 9:10 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na bafu ba ka re lematsa?

Ho tseba ’nete ka seo Bibele e se buang ka bafu ho re thusa hore re se ke ra rapela bafu kapa ra ba etsetsa meetlo e itseng hobane re re ha re batle ba re halefele. Bala Esaia 8:19 le Tšenolo 4:11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o ikutloa joang ha motho a rapela bafu kapa a kopa thuso ho bona?

Litšoantšo: Meetlo e amanang le ho hlompha bafu. 1. Ntate e mong o khumame ka pel’a lebitla ebile o tlisitse lijo. 2. Banna ba bararo ba apereng liaparo tsa setso baa tantša. 3. Sehlopha sa batho ba ikoahetseng lifahleho ka lehata hape ba nkile masapo a batho ba hlokahetseng ka Letsatsi la Bafu.

Ho tseba ’nete ka bafu ho re thusa hore re se ke ra etsa meetlo e sa thabiseng Jehova

5. Ho tseba ’nete ka bafu hoa re tšelisa

Batho ba bangata ba rutiloe hore ha ba hlokahetse ba tl’o ahloloa ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba li entseng. Empa ho tseba hore bafu ha ba chesoe liheleng, esita le ba entseng lintho tse mpe ka ho fetisisa hoa re tšelisa. Bala Baroma 6:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e re ha motho a shoele libe tsa hae li hlakotsoe ’me Molimo ha a sa mo nka a le molato. Joale na ha motho a shoele o ahloleloa lintho tse mpe tseo a li entseng?

Ha re ntse re ithuta ka Jehova, rea hlokomela hore le ka mohla a ke ke a utloisa batho ba hlokahetseng bohloko. Bala Deuteronoma 32:4 le 1 Johanne 4:8 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na Molimo ea nang le makhabane a boletsoeng litemaneng tsee a ka utloisa batho ba hlokahetseng bohloko?

  • Na ho tseba ’nete ka batho ba hlokahetseng hoa u tšelisa? Hobane’ng?

BATHO BA BANG BA RE: “Kea tšoha ha ke nahana hore na ho tl’o etsahala’ng ka ’na ha ke shoa.”

  • Ke litemana life tsa Bibele tse tšelisang tseo u ka qoqang le batho bao ka tsona?

KAKARETSO

Ha motho a shoa, bophelo ba hae boa fela. Bafu ha ba utloe bohloko ebile ba ke ke ba lematsa batho ba phelang.

Re Ithutile’ng?

  • Na motho ea hlokahetseng o ntse a phela?

  • Ho tseba hore batho ba hlokahetseng ha ba phele ho re thusa joang?

  • Ho tseba hore batho ba hlokahetseng ha ba phele ho re tšelisa joang?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Sheba hore na lentsoe “moea” le bolela’ng ka Bibeleng.

“Moea ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ehlile Molimo o chesa batho ba khopo liheleng.

Na Lihele ke Sebaka Seo ho Chesoang Batho ho Sona? (3:06)

Na re lokela ho tšaba bafu?

Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na Ehlile e Teng? (bukana)

Ho tseba hore bafu ha ba phele ho ile ha thusa ntate e mong joang?

“Ke Ile ka Khahloa ke Kamoo Bibele e Hlakileng e Bileng e Utloahalang Kateng” (Molula-Qhooa, February 1, 2015)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela