Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/15 maq. 8-9
  • Ho Se Lumele ha Bafarisi ka Manganga

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Se Lumele ha Bafarisi ka Manganga
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Lumele ha Bafarisi ka Manganga
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Bafarisi ba Hloma Monna ea Neng a Foufetse Lipotso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Phekola Monna ea Tsoetsoeng a sa Bone
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Folisoa Monna ea Tsoetsoeng e le Sefofu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Ho Se Lumele ha Bafarisi ka Manganga

BATSOALI ba mokōpa-kōpa oo e kileng ea e-ba sefofu ba tsohile ha ba bitsetsoa kapele ho Bafarisi. Baa tseba hare ho se ho entsoe qeto ea ho leleka synagogeng motho ofe kapa ofe ea bontšang tumelo ho Jesu. Ho khaoloa ho joalo ha ho ba le botsoalle le ba bang sechabeng ho ka tlisa bothata bo tšabehang, haholo-holo lelapeng le futsanehileng. Kahoo batsoali bao ba hlokolosi haholo.

Bafarisi baa botsa: “Na enoa ke mora oa lōna, eo le reng o na a tsoaloe a foufetse na? O bona joang joale?”

Batsoali ba tiisa hore: “Rea tseba hobane enoa ke mora oa rōna, le hobane o hlahile a foufetse. Empa ha e le mokhoa oo a bonang ka oona joale, ha re o tsebe; le ea tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe.” Ka sebele mora oa bona o ba boleletse sohle se etsahetseng, empa ka masene batsoali ba re: “O se a na le lilemo, o tla ikarabela.”

Kahona, Bafarisi ba bitsa monna eo hape. Khetlong lena ba leka ho mo tšosa ka ho bontša hare ba bokelletse bopaki ba ho qosa Jesu. Baa laela: “Nea Molimo thoriso; rōna rea tseba hobane motho eo ke moetsalibe.”

Monna eo e kileng ea e-ba sefofu ha a hanyetse qoso ea bona, ’me o re: “Ha ekaba ke moetsalibe, teng ha ke tsebe.” Empa oa phaella: “Ke tseba taba e le ’ngoe, ke hobane ke ne ke foufetse, ’me joale kea bona.”

Ba leka ho fumana phoso eitseng bopaking ba hae, Bafarisi ba boetse baa botsa: “O ile a u etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao joang?”

Monna eo oa ipelaetsa: “Ke se ke le boleletse, ’me ha lea ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utloa ka baka la’ng na?” Ka mokhoa o phoqang oa botsa: “Na le lōna le rata ho ba barutuoa ba hae na?”

Karabelo ena e halefisa Bafarisi. Baa qosa: “Ke uena u leng morutuoa oa hae; rōna, re barutuoa ba Moshe. Rōna, rea tseba hobane Molimo o buile le Moshe; ha e le eo, ha re tsebe moo a tsoang teng.”

O bontša ho makala, mokōpa-kōpa o ikokobelitseng oa arabela: “Taba e makatsang ke ena ea hore ha le tsebe moo a tsoang teng, athe o ntutubolotse mahlo.” Qeto e lokelang ho etsoa ho tsoa ho see ke efe? Mokōpa-kōpa oo o supa taba e amoheloang eo ho ka etsoang qeto ho itšetlehiloe ka eona: “Rea tseba hobane Molimo ha o utloe baetsalibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Molimo, a etsa thato ea oona, o ee o mo utloe. Ha ho e-so ho utloahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ea tsoetsoeng e le sefofu.” Kahona, qeto e lokela ho hlaka: “Hojane eo hase oa Molimo, o na a ke ke a tseba ho etsa letho.”

Bafarisi ba sitoa ho arabela monahano o chorileng le o hlakileng joalo. Ba ke ke ba talimana le ’nete eo, ’me kahona ba rohaka manna eo: “U tsoaletsoe libeng kahohle, ’me u ka hla ua re ruta na!” Eaba ba lelekela manna eo ntle, kamoo ho bonahalang kateng ba mo leleka synagogeng.

Ha Jesu a tseba seo ba se entseng, o fumana monna eo ’me o re: “Na u lumela ho Mora oa Molimo na?”

Mokōpa-kōpa oo e kileng ea e-ba sefofu oa arabela: “Ke mang, Morena, ke tle ke lumele ho eena?”

Jesu oa arabela: “Ke eena ea buang le uena.”

Hang-hang, monna eo o inama kapele ho Jesu ’me o re: “Kea lumela, Morena.”

Joale Jesu oa hlalosa: “Ke tlile lefatšeng lena ho etsa kahlōlo ea hore ba sa boneng ba bone, ’me ba bonang ba fetohe lifofu.”

Ha a rialo, Bafarisi ba ntseng ba mametse baa botsa: “Na le rōna re lifofu na?” Haeba ba ne ba ka lumela hore e ne e le lifofu kelellong, ho ne ho ka ’na ha e-ba le lebaka la khanyetso ea bona ho Jesu. Joalokaha Jesu a ba bolella: “Hojane le lifofu, le ka be le se na sebe.” Empa ka lipelo tse thata ba qophella ho re ha baa tsoaloa e le lifofu ’me ha ba hloke ho khantšetsoa leseli la moea. Kahoo Jesu o re: “Empa joale le re: Rea bona; sebe sa lona se sala ke hona.” Johanne 9:19-41.

◆ Ke hobane’ng ha batsoali ba mokōpa-kōpa oo e kileng ea e-ba sefofu ba tšohile ha ba bitsetsoa kapele ho Bafarisi, ’me ka baka lea ba araba ka hlokolosi joang?

◆ Bafarisi ba leka ho tšosa manna eo e kileng ea eba sefofu joang?

◆ Ke khang efe e utloahalang ea monna eo e halefisang Bafarisi?

◆ Ke hobane’ng ha Bafarisi ba se na lebaka bakeng sa khanyetso ea bona ho Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela