Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 81 leq. 188-leq. 189 ser. 2
  • Jesu le Ntate ba Bonngoeng, Empa Jesu ha se Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu le Ntate ba Bonngoeng, Empa Jesu ha se Molimo
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko bo Bong ba ho Bolaea Jesu
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Boiteko bo Bong ba ho Bolaea Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Na Ntat’a Bona ke Abrahama Kapa ke Diabolose?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 81 leq. 188-leq. 189 ser. 2
Bajuda ba batla ho tlepetsa Jesu ka majoe, empa oa chophola ha ba leka ho mo tšoara

KHAOLO EA 81

Jesu le Ntate ba Bonngoeng, Empa Jesu ha se Molimo

JOHANNE 10:​22-42

  • “ ’NA LE NTATE RE BANG”

  • JESU O LATOLA QOSO EA HORE KE MOLIMO

Jesu o lokela ho tla Jerusalema bakeng sa Mokete oa Nehelo (kapa, Hanukkah). Mokete ona ke oa ho ikhopotsa ha ho ne ho neheloa tempele hape. Lilemo tse fetang lekholo pele ho mona, Morena Antiochus IV Epiphanes oa Syria, o ile a haha aletare ka holim’a aletare e kholo ea tempele ea Molimo. Hamorao, bara ba moprista oa Mojuda ba ile ba hapa Jerusalema hape, eaba ba boela ba nehela tempele ho Jehova. Ho tloha ka nako eo, selemo le selemo ho ba le mokete o qalang ka la 25 khoeling ea Kisleve, e leng khoeli eo hona joale e matahaneng le ho elella mafelong a khoeli ea November ho ea fihla mathoasong a khoeli ea December.

Ke mariha ’me hoa bata. Jesu o tsamaea ka tempeleng e hahuoeng ke Solomone. Ha a le moo, Bajuda baa mo pota-pota, ba mo hloma lipotso ba re: “U tla tlohela meea ea rona e tsielehile halelele hakae? Haeba ke uena Kreste, re bolelle ka ho toba.” (Johanne 10:​22-24) Ebe Jesu o tla ba araba joang? Ha a ba araba o re: “Ke se ke le boleletse, ’me leha ho le joalo ha lea ka la mamela.” Jesu ha aa ba bolella ka ho toba hore ke eena Kreste, joalokaha a ile a bolella mosali oa Mosamaria ha ba le selibeng. (Johanne 4:​25, 26) Leha ho le joalo, o ile a itlhalosa ka hore a re: “Ke bile teng pele Abrahama a e-ba teng.”​—Johanne 8:58.

Jesu o batla hore batho ba ipakele ka bo bona hore ke eena Kreste, ka ho bapisa lintho tseo a li etsang le tseo ho neng ho profetiloe hore Kreste o tla li etsa. Ke kahoo ka linako tse ling a neng a re barutuoa ba hae ba se ke ba bolella batho hore ke eena Mesia. Leha ho le joalo, hona joale o bolella Bajuda bana ba tletseng bora ka ho toba, o re: “Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ea mpaka. Empa ha le lumele, hobane ha le linku tsa ka.”​—Johanne 10:​25, 26.

Ke hobane’ng ha ba sa lumele hore Jesu ke Kreste? Jesu o re: “Ha le lumele, hobane ha le linku tsa ka. Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela. Ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me ho hang li ke ke tsa timetsoa le ka mohla, ’me ha ho le ea mong ea tla li hloibila letsohong la ka. Hoo Ntate a mphileng hona ho feta lintho tse ling kaofela.” Ka mor’a moo Jesu o hlalosa kamano e teng pakeng tsa hae le Ntate oa hae ka ho re: “ ’Na le Ntate re bang.” (Johanne 10:​26-30) Jesu o lefatšeng mona ’me Ntate oa hae o leholimong, kahoo ho hlakile hore o ne a sa bolele hore ka tsela ea sebele eena le Ntate oa hae ke ntho e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, ke ntho e le ’ngoe ka kutloisiso ea hore ba ntsoe-leng.

Mantsoe ana a Jesu a halefisa Bajuda hoo ba boelang ba batlang ho mo tlepetsa ka majoe. Taba ena ha e tšose Jesu. O re: “Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle e tsoang ho Ntate. Le ntlepetsa ka majoe ka lebaka la mosebetsi ofe ho eona?” Ha ba mo araba ba re: “Ha re u tlepetse ka majoe ka lebaka la mosebetsi o motle, empa ke ka lebaka la nyefolo, esita le ka lebaka la hore . . . u iketsa molimo.” (Johanne 10:​31-33) Ke hobane’ng ha ba qosa Jesu ka tsela ee, empa ho se mohla a kileng a re ke molimo?

Ha e le hantle, Jesu o re o na le matla ao Bajuda ba lumelang hore e tlameha ebe ke Molimo feela ea nang le ’ona. Ka mohlala, ha a bua ka “linku” o re: “Ke li fa bophelo bo sa feleng,” e leng ntho eo ho seng motho ea ka khonang ho e etsa. (Johanne 10:​28) Bajuda ba hlokomoloha taba ea hore Jesu o buile pepenene hore o fuoe matla ke Ntate oa hae.

Ha Jesu a ba araba, oa ba botsa o re: “Na ha hoa ngoloa Molaong oa lona [ho Pesaleme ea 82:6], ‘Ke itse: “Le melimo” ’? Haeba a bitsitse bao lentsoe la Molimo le tlileng khahlanong le bona ‘melimo,’ . . . na le re ho ’na eo Ntate a mo halalelitseng le ho mo roma lefatšeng, ‘Ua nyefola,’ kahobane ke itse, ke Mor’a Molimo?”​—Johanne 10:​34-36.

Esita le Mangolo a bitsa baahloli ba se nang toka “melimo.” Joale ke hobane’ng ha Bajuda baa ba qosa Jesu ka hore ebe o itse, “ke Mor’a Molimo”? O bua ka ntho eo a tsebang hore e tlameha ho ba kholisa, o re: “Haeba ha ke etse mesebetsi ea Ntate, le se ke la ntumela. Empa haeba kea e etsa, esita le hoja le sa ntumele, le lumele mesebetsi, e le hore le ka tseba le hore le ka tsoela pele ho tseba hore Ntate o bonngoeng le ’na ’me le ’na ke bonngoeng le Ntate.”​—Johanne 10:​37, 38.

Bajuda ba leka ho tšoara Jesu hape, empa le lekhetlong lena oa chophola. O tloha Jerusalema ’me o ea ka mose ho Noka ea Jordane, sebakeng seo Johanne a neng a kolobetsa batho ho sona lilemong tse ka bang ’nè tse fetileng. Ho bonahala eka sebaka sena ha se hole hakaalo le karolo e ka boroa ea Leoatle la Galilea.

Letšoele le tla ho Jesu le re: “Johanne ha aa ka a etsa pontšo leha e le ’ngoe, empa lintho tse ngata tseo Johanne a ileng a li bua ka monna enoa kaofela e ne e le ’nete.” (Johanne 10:​41) Kahoo, Bajuda ba bangata ba lumela ho Jesu.

  • Ke hobane’ng ha Jesu a re batho ba shebe mesebetsi eo a e entseng?

  • Ke ka kutloisiso efe Jesu le Ntate oa hae e leng ntho e le ’ngoe?

  • Mantsoe ao Jesu a a qotsitseng ho Pesaleme a latola joang qoso ea Bajuda ea hore o iketsa molimo kapa hore o lekana le Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela