Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Tšepo ea Tsoho
QETELLONG Jesu o fihla metseng e mathōkong a Bethania, motse o bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha Jerusalema. Ho se ho fetile feela matsatsi a ’maloa Lazaro a shoele le ho patoa. Likhaitseli tsa hae Maria le Maretha li ntse li lla, ’me ba bangata ba tlile ha bona ho tla ba tšelisa.
Ha ba ntse ba lla, e mong o tsebisa Maretha hore Jesu o se a ntse a e tla. Ka hona oa tloha ’me o potlakela ho ea mo khahlametsa, ho bonahala a sa bolella ngoan’abo Maria. Ha a tla ho Jesu, Maretha o pheta seo eena le ngoan’abo ba tlamehang ba ile ba se bolela ka makhetlo a mangata matsatsing a mane a fetileng: “Hojane ua ba teng, khaitseli ea ka a ka be a sa ka a shoa.”
Leha ho le joalo, Maretha, o na le tšepo, o bontša hore Jesu a ka be a ile a etsa ho hong ka khaitseli ea hae. Oa bolela: “Kea tseba, hobane tsohle tseo u tla li kōpa ho Molimo, Molimo o tla u fa tsona.”
Jesu oa tšepisa: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.”
Maretha o utloisisa hore Jesu o bua ka tsoho e tlang ea lefatšeng, e lebelletsoeng ke Abrahama le bahlanka ba bang ba Molimo. Ka hona oa arabela: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.”
Leha ho le joalo, Jesu o tšepisa topollo ea hang-hang, ha a arabela: “Ke ’na tsoho le bophelo.” O hopotsa Maretha hore Molimo o mo file matla holim’a lefu, ha a re: “Ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”
Jesu ha a fane ka maikutlo a hore batho ba tšepahalang ba phelang nakong eo ba ke ke ba hlola ba e-shoa ho Maretha. Che, empa ntlha eo a buang ka eona ke hore ho lumela ho eena ho ka lebisa bophelong bo sa feleng. Bophelo bo joalo bo tla thabeloa ke batho ba bangata ka mor’a hore ba tsosoe letsatsing la bofelo. Empa ba bang ba tšepahalang ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ea lefatše, ’me ho bona mantsoe a Jesu a tla phethahala ka kutloisiso ea sebele. Ba ke ke ba hlola ba e-shoa le ka mohla! Ka mor’a polelo ena e hlollang, Jesu o botsa Maretha, “Na u lumela hona na?”
Oa arabela: “E, Morena, kea lumela hobane ke uena Kreste, Mora oa Molimo, eo ho itsoeng, o tla tla lefatšeng.”
Maretha joale o potlakela ho ea bolella ngoan’abo, o ’molella ka sephiring: “Moruti o teng, oa u bitsa.” Maria o tsoa hang-hang. Ha ba bang ba ’mona a tsamaea, baa mo latela, ba nahana hore o ea lebitleng la khopotso.
Ha a tla ho Jesu, Maria o itihela maotong a Jesu a lla. Oa bolela: “Morena, hojane ua ba teng, khaitseli ea ka a ka be a sa ka a shoa.” Jesu o susumetsehile ka ho teba ha a bona hore Maria le matšoele a batho ba mo latelang baa lla. Oa botsa: “Le ’meile kae?”
Baa arabela: “Morena, tlo, u bone.”
Jesu le eena oa lla, o etsa hore Bajode ba re: “A le keng le boneng! O na a mo rata hakakang!”
Ba bang ba hopola hore Jesu, nakong ea Mokete oa Litabarnakele likhoeling tse ’maloa pejana, o ne a ile a phekola mohlankana ea neng a hlahile a foufetse, ’me baa botsa: “Eo ea tutubolotseng mahlo a sefofu, o na a sitoa ke’ng ho etsa hore enoa a se ke a shoa?” Johanne 5:21; 6:40; 9:1-9; 11:17-37.
◆ Jesu o qetella a fihlile haufi le Bethania neng, ’me boemo ke bofe moo?
◆ Ke motheo ofe oo Maretha a nang le oona bakeng sa ho ba le tumelo tsohong?
◆ Jesu o angoa joang ke lefu la Lazaro?