Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 91 leq. 214-leq. 215 ser. 4
  • Lazaro oa Tsosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lazaro oa Tsosoa
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Lazaro a Tsosoa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ha Lazaro a Tsosoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao o isoa ho Kaifase
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 91 leq. 214-leq. 215 ser. 4
Maretha le Maria ba shebeletse ha Jesu a tsosa khaitseli ea bona Lazaro

KHAOLO EA 91

Lazaro oa Tsosoa

JOHANNE 11:​38-54

  • TSOHO EA LAZARO

  • ’MOMORI OA SANHEDRINE OA HO BOLAEA JESU

Ka mor’a hore Jesu a kopane le Maretha le Maria haufi le Bethani, ba tsamaea hammoho ho ea lebitleng la Lazaro. Lebitla la hae ke lehaha le koetsoeng ka lejoe le leholo. Ha ba fihla, Jesu o re: “Tlosang lejoe leo.” Maretha o bontša ho tšoenyeha ha hae, hobane a sa utloisise hore na Jesu o batla ho etsa’ng. O re: “Morena, joale o se a nkha, kaha ke matsatsi a mane.” Leha ho le joalo, Jesu o re ho eena: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?”​—Johanne 11:​39, 40.

Kahoo, lejoe lea tlosoa. Joale Jesu oa lelala ’me oa rapela o re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. Ke ’nete, ke tsebile hore kamehla ua nkutloa, empa ke buile ka lebaka la bongata bo emeng ho pota-pota, e le hore bo ka lumela hore u nthomile.” Thapelo ena eo Jesu a e etsang har’a batho ea bontša hore ntho eo a tla tloha a e etsa, o tla e etsa ka thuso ea matla a Molimo. Jesu o hooa ka lentsoe le phahameng o re: “Lazaro, tsoa!” Lazaro oa tsoa ’me matsoho, maoto le sefahleho sa hae li ntse li thatetsoe ka masela ao a neng a thatetsoe ka ’ona ha a patoa. Jesu o re: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.”​—Johanne 11:​41-44.

Bajuda ba bangata ba tlileng ho tla tšelisa Maria le Maretha ba bona mohlolo ona ’me ba ba le tumelo ho Jesu. Leha ho le joalo, ba bang baa tsamaea ba il’o bolella Bafarisi ntho eo Jesu a qetang ho e etsa. Bafarisi le baprista ba ka sehloohong ba tšoara seboka sa lekhotla le phahameng la Bajuda, e leng Sanhedrine. Litho tsa lekhotla leo li akareletsa moprista ea phahameng, Kaifase. Ba bang ba bona ba tletleba ka ho re: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata? Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rona le sechaba sa rona.” (Johanne 11:​47, 48) Le hoja ba ne ba utloile ka batho ba boneng ka mahlo ha Jesu a “etsa lipontšo tse ngata,” banna bana ha ba thabele mesebetsi eo Molimo a e phethang a sebelisa Jesu. Taba eo ba amehileng ka eona ke maemo a bona le matla a bona.

Bajuda ba tlalehela Bafarisi hore Jesu o tsositse Lazaro

Taba ea hore Lazaro o tsositsoe bafung ke sehlabi se seholo ho Basaduse, kaha ha ba lumele tsohong ea bafu. Kaifase, eo e leng Mosaduse o re: “Ho hang ha le tsebe letho, ’me ha le nahane hore ho molemong oa lona hore motho a le mong a shoe molemong oa batho eseng hore sechaba kaofela se timetsoe.”​—Johanne 11:​49, 50; Liketso 5:​17; 23:8.

Kaha Kaifase ke moprista ea phahameng, Molimo o entse hore a bue mantsoe ana. Ha aa a bua “ka ho iqalla.” Kaifase o bolela hore Jesu o lokela ho bolaoa e le ho mo thibela ho tsoela pele a nyenyefatsa matla le tšusumetso ea baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda. Leha ho le joalo, mantsoe a Kaifase a tiisa ’nete ea hore lefu la Jesu le tla fana ka thekollo, eseng bakeng sa Bajuda feela empa le bakeng sa “bana ba Molimo ba hasa-hasaneng.”​—Johanne 11:​51, 52.

Kaifase o atleha ho susumetsa lekhotla la Sanhedrine hore le etse ’momori oa ho bolaea Jesu. Na setho sa lekhotla lee e leng Nikodemase, eo e boetseng e leng motsoalle oa Jesu, o mo hlaba malotsana ka ’momori oo? Ha re na bonnete. Leha ho le joalo, Jesu o tloha Jerusalema hang-hang, e le ho qoba hore a bolaoe pele nako ea hae e fihla.

  • Batho ba boneng ha Jesu a tsosa Lazaro ba etsa’ng?

  • Ke’ng e bontšang hore litho tsa lekhotla la Sanhedrine ke batho ba khopo?

  • Ho sa tsotellehe morero oa Kaifase, Molimo o etsa hore a profete eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela