Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/15 leq. 32
  • Na Bofutsana bo Tla ke bo Fele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bofutsana bo Tla ke bo Fele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/15 leq. 32

Na Bofutsana bo Tla ke bo Fele?

MORENA Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi; bahatelli ba bona ba ne ba e-na le matla, hoo ba neng ba se na motšelisi.” (Moeklesia 4:1) Ha ho pelaelo hore ba bangata ba neng ba hateletsoe bao a neng a bua ka bona e ne e boetse e le mafutsana.

Bofutsana ha bo lekanngoe feela ka chelete. Ho ea ka boitsebiso bo fanoeng ke Banka ea Lefatše ka June 2002, “ho hakanngoa hore ka 1998 batho ba libilione tse 1.2 lefatšeng ka bophara ba ne ba phela ka chelete e ka tlaase ho $1 ka letsatsi . . . ’me ba libilione tse 2.8 ba ne ba phela ka chelete e ka tlaase ho $2 ka letsatsi.” Ho ile ha hlokomeloa hore le hoja lipalo tseo li ne li le tlaase ho tse hakantsoeng pele, “li ntse li phahame ha ho shejoa tšotleho ea batho.”

Na bofutsana bo tla ke bo fele? Jesu Kreste o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le na le mafutsana kamehla.” (Johanne 12:8) Empa na see se bolela hore bofutsana le masetla-pelo a bona bo tla ’ne bo be teng ka ho sa feleng? Che, hobane le hoja Jesu a sa ka a tšepisa balateli ba hae hore kaofela ha bona ba ne ba tla rua, ha rea lokela ho phetha ka hore mantsoe a hae a bontša hore mafutsana ha a sa na tšepo.

Ho sa tsotellehe boiteko ba batho le hore hangata litšepiso tsa ho felisa bofutsana li ’nile tsa hlōleha, Lentsoe la Molimo, Bibele, le re tiisetsa hore haufinyane ho ke ke ha hlola ho e-ba le mafutsana. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolella “mafutsana litaba tse molemo.” (Luka 4:18) Litaba tsena tse molemo li akarelletsa tšepiso ea hore bofutsana bo tla felisoa. Sena se tla etsahala ha ’Muso oa Molimo o tlisa maemo a lokileng lefatšeng.

Ka nako eo lefatše le tla fetoha hakaakang! Morena oa leholimo Jesu Kreste “o tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” Ka sebele, “o tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:13, 14.

Ha e bua ka nako eo, Mikea 4:4 e re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.” ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata ’ohle a tšoenyang batho, esita le ho felisa ho kula le lefu. Molimo “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

U ka kholoa litšepiso tsena hobane li bululetsoe ke Molimo ka boeena. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe bopaki ba hore boprofeta ba Bibele boa tšepahala?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

FAO photo/M. Marzot

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela