Jerusalema Mehleng ea Bibele—Ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale ho Senola Eng?
MESEBETSI e ka sehloohong e thahasellisang ea ho epolloa ha lintho tsa khale e entsoe Jerusalema, haholo-holo ho tloha ka 1967. Hona joale libaka tse ngata tse chekiloeng li buletsoe batho bohle, ka hona a re eteleng tse ling tsa tsona ’me re bone kamoo ho epolloa ha lintho tsa khale ho lumellanang le histori ea Bibele kateng.
Jerusalema ea Morena Davida
Sebaka seo Bibele e se bitsang Thaba ea Sione, eo Motse oa boholo-holo oa Davida o neng o hahiloe ho eona, se bonahala e le lefeela motseng o moholo oa Jerusalema ea kajeno. Ho chekoa ha Motse oa Davida, ho neng ho eteletsoe pele ke moprofesa Yigal Shiloh ea seng a hlokahetse, lipakeng tsa 1978-85, ho ile ha hlahisa mohaho o nang le methati kapa lerako le tšehetsang, ka lehlakoreng le ka bochabela la thaba ena.
Moprofesa Shiloh o ile a bolela hore e tlameha ebe ke karolo e setseng ea motheo o moholo oa mabota a nang le methati oo Bajebuse (baahi ba bileng teng pele Davida a hapa motse oo) ba ileng ba haha qhobosheane holim’a ’ona. O ile a hlalosa hore mohaho ona o nang le methati oo a o fumaneng ka holim’a mabota ana a nang le methati e ne e le oa qhobosheane e hahiloeng bocha ke Davida setšeng sa qhobosheane ea Bajebuse. Ho 2 Samuele 5:9, rea bala: “Davida a aha qhobosheaneng, ’me a e rea lebitso la motse oa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ea fihla hare.”
Pel’a mohaho ona ho na le likhoro tsa mecha ea boholo-holo ea metsi ea motse ona, eo ho bonahalang hore likarolo tse ling tsa eona li bile teng ho tloha mehleng ea Davida. Lipolelo tse ling tse ka Bibeleng mabapi le kotopo ea tsamaiso ea metsi a Jerusalema li hlahisitse lipotso tse itseng. Ka mohlala, Davida o ile a bolella banna ba hae hore “mang kapa mang ea hlaselang Bajebuse, a ke a kopane [le sera] ka kotopo ea metsi.” (2 Samuele 5:8, NW) Joabe, molaoli oa mabotho a Davida o ile a etsa joalo. Ha e le hantle polelo “kotopo ea metsi” e bolela’ng?
Lipotso tse ling li ’nile tsa botsoa mabapi le Kotopo ea Siloame, eo e ka ’nang eaba e chekiloe ke lienjiniere tsa Morena Ezekiase lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. le eo ho buuoeng ka eona ho 2 Marena 20:20 le ho 2 Likronike 32:30. Ke joang lihlopha tsee tse peli tsa ba neng ba etsa kotopo, li neng li cheka li hlaha mahlakoreng a mabeli a lebaneng, li ileng tsa khona ho kopana? Ke hobane’ng ha li ile tsa khetha tsela e matsoelintsoeke, e etsang hore kotopo e be telele haholo ho feta e otlolohileng? Li ile tsa fumana moea oo li o hemang o lekaneng joang, haholo-holo kaha e ka ’na eaba li ne li sebelisa mabone a oli?
Makasine ea Biblical Archaeology Review e fane ka seo e ka ’nang eaba ke likarabo tsa lipotso tse joalo. Dan Gill, setsebi sa thuto ea mafika seo ho neng ho kōptjoa keletso ho sona nakong eo ho neng ho chekoa ka eona, o qotsitsoe a re: “Motheong oa Motse oa Davida ho na le mocha oa karst oa tlhaho o lokisitsoeng hantle. Karst ke lentsoe la thuto ea mafika le hlalosang sebaka se makukuno se nang le malumela majoeng a mokoetla, mahaha le liforo tse entsoeng ke metsi a ka tlas’a lefatše ha a monyela ’me a phalla ho pholletsa le mafika a ka tlas’a lefatše. . . . Tlhahlobo ea rōna ea mafika a nang le mecha ea metsi e ka tlas’a lefatše tlas’a Motse oa Davida, e bontša hore mecha ena e ile ea fetoloa ka ho khetheha ka hore motho ka bohlale a atolose liforo (tsa karst) le mekoti tse entsoeng ka tlhaho ke khoholeho tse ileng tsa kopanngoa hore e be mecha e sebetsang ea phepelo ea metsi.”
Sena se ka ’na sa thusa ho hlalosa kamoo Kotopo ea Siloame e ileng ea chekoa kateng. E ka ’na eaba e ne e latetse mocha oa tlhaho o matsoelintsoeke o ka tlas’a thaba. Ho ka etsahala hore ebe lihlopha tse neng li sebetsa lehlakoreng ka leng li ile tsa cheka kotopo ea nakoana ka ho fetola mahaha a neng a se a ntse a le teng. Joale kotopo e thulamelang e ile ea chekoa e le hore metsi a phalle ho tloha selibeng sa Gihone ho ea Letšeng la Siloame, leo mohlomong le neng le le ka har’a marako a motse. Ona ka sebele e ne e le mosebetsi o tsoileng matsoho oa boenjiniere kaha phapang ea bophahamo lipakeng tsa mahlakore a mabeli e le lisentimithara tse 32 feela, ho sa tsotellehe bolelele ba eona ba limithara tse 533.
Ke khale litsebi li hlokometse hore mohloli o moholo oa metsi oa motse ona oa boholo-holo e ne e le seliba sa Gihone. Se ne se le ka ntle ho marako a motse empa se le haufi ho lekana ho lumella hore ho chekoe kotopo le mokoti o botebo ba limithara tse 11, e leng se neng se tla lumella baahi ho kha metsi ntle le ho ea ka ntle ho marako a sirelelitseng. Sena se tsejoa e le Mokoti oa Warren, o reheletsoeng Charles Warren, ea ileng a sibolla mocha ona ka 1867. Empa kotopo ee le mokoti li ile tsa etsoa neng? Na li ne li le teng mehleng ea Davida? Na ee ke kotopo ea metsi e ileng ea sebelisoa ke Joabe? Dan Gill oa araba: “Ho hlahloba hore na Mokoti oa Warren ha e le hantle e ne e le lelumela la tlhaho, re ile ra hlahlobisisa lekumane la lehoho la k’halsiamo maboteng a oona a makukuno ho bona hore na le na le carbon-14. Le ne le se na eona, e leng se bontšang hore lehoho lena le na le lilemo tse ka holimo ho 40 000 le le teng: Sena se fana ka bopaki bo hlakileng ba hore e ne e ke ke eaba mokoti ona o chekiloe ke motho.”
Mesaletsa ea ho Tloha Mehleng ea Ezekiase
Morena Ezekiase o phetse nakong eo sechaba sa Assyria se neng se hapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e le tseleng ea sona. Selemong sa botšelela sa puso ea hae, Baassyria ba ile ba hapa Samaria, motse-moholo oa ’muso oa meloko e leshome. Lilemo tse robeli hamorao (732 B.C.E.) Baassyria ba ne ba boetse ba khutlile, ba sokela Juda le Jerusalema. Likronike tsa Bobeli 32:1-8 li hlalosa leano la Ezekiase la tšireletso. Na ho na le bopaki leha e le bofe bo bonahalang ho tloha nakong ee?
E, ka 1969, Moprofesa Nahman Avigad o ile a fumana mesaletsa ea ho tloha nakong ena. Ho cheka ho ile ha hlahisa karolo ea lerako le leholo, karolo ea pele e le bolelele ba limithara tse 40, bophara ba limithara tse 7, ’me ho latela likhakanyo, e le bophahamo ba limithara tse 8. Ka lehlakoreng le leng lerako lena le ne le le holim’a lefika le motheong oa lefatše ’me ka lehlakoreng le leng le le holim’a matlo a macha a ileng a heletsoa hore le hahuoe. Ke mang ea hahileng lerako lee hona neng? Makasine ea ho epolloa ha lintho tsa khale ea tlaleha: “Litemana tse peli ka har’a Bibele li thusitse Avigad hore a lekanyetse letsatsi le morero tsa lerako lena.” Litemana tsena li baleha tjena: “A ipha matla, ’me a tsosa lerako lohle le likheo, a le phahamisetsa ho le fihlisa litoreng, ’me a haha lerako le leng ka ntle ho lona.” (2 Likronike 32:5) “Hape le tla liha matlo ho etsa hore lerako le se ke la fihleloa.” (Esaia 22:10, NW) Kajeno baeti ba ka bona karolo ea sena seo ho thoeng ke Lerako le Sephara Karolong ea Juda ea Motse oa Boholo-holo.
Hape ho cheka ho ileng ha etsoa ka litsela tse sa tšoaneng ho ile ha senola hore ka nako ena Jerusalema e ne e le khōloanyane ho feta kamoo ho ’nileng ha nahanoa kateng ho fihlela nakong ena, mohlomong ka lebaka la tšubuhlellano ea baphaphathehi ba tsoang ’musong o ka leboea ka mor’a hore o hlōloe ke Baassyria. Moprofesa Shiloh o ile a hakanya hore motse oa Bajebuse o ne o batla o le boholo ba lihekthere tse tšeletseng. Mehleng ea Solomone o ne o ka ba boholo ba lihekthere tse 16. Mehleng ea Morena Ezekiase, lilemo tse 300 hamorao, sebaka se sireletsehileng sa motse oo se ne se eketsehile ho fihlela ho lihekthere tse ka bang 60.
Litša Tsa Mabitla Tsa Mehleng ea Tempele ea Pele
Litša tsa mabitla tsa ho tloha mehleng ea Tempele ea Pele, ke hore, pele Bababylona ba timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E., e bile mohloli o mong oa boitsebiso. Litšibollo tse hlollang li ile tsa etsoa ha ho ne ho chekoa sehlopha sa mabitla a mahaha methuleng ea Khohlo ea Hinnome ka 1979/80. Gabriel Barkay, setsebi sa ho epolloa ha lintho tsa khale, o ile a re: “Historing eohle ea patlisiso ea ho epolloa ha lintho tsa khale Jerusalema, lena ke le leng la matsete a seng makae a Tempele ea Pele a fumanoeng a e-na le lintho tse ka hare kaofela. Le ne le tšetse lintho tse fetang sekete.” O tsoela pele: “Seo setsebi se seng le se seng sa ho epolloa ha lintho tsa khale se sebetsang Iseraele, haholo-holo Jerusalema se se lumang, ke ho fumana lintho tse ngotsoeng.” Ho ile ha fumanoa meqolo e ’meli e menyenyane ea silevera, e neng e tšoere eng?
Barkay oa hlalosa: “Ha ke ne ke bona rolo e phutholotsoeng e telele e tšesaane ea silevera ’me ke e beha tlas’a khalase e hōlisang lintho, ke ne ke khona ho bona hore bokaholimo ba eona bo ne bo aparetsoe ke litlhaku tse ngotsoeng hasesaane, ka sesebelisoa se chorileng leqepheng la silevera le bobebe haholo le le ka tabohang habonolo. . . . Lebitso la Molimo le hlahang ka ho hlaka mongolong ona le ngotsoe ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse ngotsoeng ka mongolo oa Seheberu sa khale, yod-he-waw-he.” Bukeng eo a ileng a e ngola hamorao, Barkay oa phaella: “Re ile ra makatsoa ke hore maqephe ana a silevera ka bobeli a ne a ngotsoe lipolelo tsa tlhohonolofatso tse batlileng li tšoana le tsa Tlhohonolofatso ea Bibele ea Boprista.” (Numere 6:24-26) Lena e ne e le lekhetlo la pele lebitso la Jehova le fumanoa linthong tse ngotsoeng tse fumanoang Jerusalema.
Litsebi li ile tsa lekanyetsa nako ea meqolo ee ea silevera joang? Li e lekanyelitse haholo-holo ka tikoloho eo e ileng ea epolloa ho eona. Letseteng lena ho ile ha fumanoa likoto tse fetang 300 tsa lipitsa tsa letsopa tseo ho ka hakanngoang nako ea tsona, tse fanang ka maikutlo a hore ke tsa lekholong la bosupa le la botšelela la lilemo B.C.E. Mongolo ona, ha o bapisoa le mengolo e meng eo nako ea eona e hakantsoeng e supa nakong e tšoanang. Meqolo ena e behiloe pooaneng Musiamong oa Iseraele o Jerusalema.
Timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E.
Bibele e bua ka timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E. ho 2 Marena khaolo ea 25, 2 Likronike khaolo ea 36 le Jeremia khaolo ea 39, e tlaleha hore lebotho la Nebukadnezare le ile la chesa motse. Na lintho tse epolotsoeng morao tjee li netefalitse tlaleho ee ea histori? Ho latela Moprofesa Yigal Shiloh, “bopaki [ba timetso e entsoeng ke Babylona] ka Bibeleng . . . bo tlatselletsoa ke bopaki bo hlakileng ba ho epolloa ha lintho tsa khale; timetso e feletseng ea mehaho e sa tšoaneng le tetema ea mollo o ileng oa chesa likarolo tse sa tšoaneng tsa lintho tsa lehong tsa matlo.” O ile a tsoela pele a re: “Mehlala ea timetso ena e ’nile ea fumanoa lekhetlo ka leng leo ka lona ho neng ho chekoa Jerusalema.”
Baeti ba ka bona mesaletsa ea timetso ena e ileng ea etsahala lilemong tse 2500 tse fetileng. Tora ea Baiseraele, Kamore e Cheleng, le Ntlo ea Likhoabi ke mabitso a libaka tse tloaelehileng tse sirelelitsoeng le tse buletsoeng sechaba tseo ho ileng ha epolloa lintho tsa khale ho tsona. Litsebi tsa ho epolloa ha lintho tsa khale Jane M. Cahill le David Tarler ba akaretsa taba bukeng ea Ancient Jerusalem Revealed: “Ho timetsoa ho hoholo ha Jerusalema ke Bababylona ha ho bonahale feela likarolong tse tenya tse sa tšoaneng tsa mesaletsa e cheleng e epolotsoeng mehahong e kang Kamore e Cheleng le Ntlo ea Likhoabi, empa ho bonahala le qubung e ka tlaase ea majoe a thuoehileng a mehaho e oeleng a fumanoeng a koahetse mothule o ka bochabela. Litlhaloso tsa Bibele tsa timetso ea motse oo . . . li tlatselletsa bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale.”
Kahoo, ponahalo ea Jerusalema e hlalosoang ke Bibele ho tloha mehleng ea Davida ho theosa ho tla fihlela timetsong ea eona ka 607 B.C.E. e ’nile ea pakoa ka litsela tse ngata ke lintho tsa khale tse epolotsoeng lilemong tse 25 tse fetileng. Empa ho thoe’ng ka Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo C.E.?
Jerusalema Mehleng ea Jesu
Ho cheka, Bibele, rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo Josephus le mehloli e meng, li thusa litsebi hore likelellong tsa tsona li be le setšoantšo sa Jerusalema ea mehleng ea Jesu, pele Baroma ba e timetsa ka 70 C.E. Setšoantšo se behiloeng pontšeng ka mor’a hotele e khōlō Jerusalema, se nchafatsoa joalo-joalo ho latela se senoloang ke lintho tse ncha tse chekoang. Tšobotsi e ka sehloohong ea motse ona e ne e le Thaba ea Tempele, eo Heroda a neng a ekelitse boholo ba eona habeli ha ho bapisoa le ea mehleng ea Solomone. E ne e le sehlaba se seholo ka ho fetisisa se entsoeng ke motho lefatšeng la boholo-holo, e ne e ka ba bolelele ba limithara tse 480 le bophara ba limithara tse 280. Majoe a mang a mohaho ona a ne a le boima ba lithane tse 50, le leng le bile le le boima ba lithane tse isang ho 400, ’me ho latela setsebi se seng, “e le lona le leholo ka ho fetisisa hohle lefatšeng la boholo-holo.”
Ha ho makatse hore ebe batho ba bang ba ne ba tšohile ha ba utloa Jesu a re: “Qhaqhang tempele ena, ’me ka sebele ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” Ba ne ba nahana hore o bolela mohaho o moholohali oa tempele, le hoja a ne a bolela “tempele ea ’mele oa hae.” Ka lebaka leo, ba ile ba re: “Tempele ena e ile ea hahuoa ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng, ’me na u tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” (Johanne 2:19-21) Ka lebaka la ho chekoa ha tikoloho ea Thaba ea Tempele, hona joale baeti ba ka bona likarolo tsa mabota le litšobotsi tse ling tsa tsebo ea ho haha tsa ho tloha mehleng ea Jesu ’me ba ka ba ba hata methating eo e ka ’nang eaba o hatile ho eona ho ea fihla likeiting tsa tempele tse ka leboea.
Haufi le lerako le ka bophirimela la Thaba ea Tempele, Karolong ea Bajuda ea Motse oa Khale, ho na le litša tse peli tse chekiloeng tsa ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E., tse tsejoang e le Ntlo e Cheleng le Karolo ea Heroda. Ka mor’a ho fumana Ntlo e Cheleng, Nahman Avigad, setsebi sa ho epolloa ha lintho tsa khale, o ile a ngola: “Joale ho ne ho hlakile ka ho feletseng hore mohaho ona o ile oa chesoa ke Baroma ka 70 A.D., nakong ea timetso ea Jerusalema. Ka lekhetlo la pele historing ea ho cheka motseng ona, bopaki bo totobetseng le bo hlakileng ba lintho tse epolotsoeng, ba ho chesoa ha motse ona, bo ne bo fumanoe.”—Bona lifoto leqepheng la 12.
Tse ling tsa lintho tsena tse fumanoeng li hlakisa tse ling tsa liketsahalo tsa bophelong ba Jesu. Mehaho ena e ne e le Motseng o ka Holimo, moo ho neng ho lula batho ba Jerusalema ba ruileng ho akarelletsa le moprista ea phahameng. Lenane le leholo la libate tsa litšebeletso tsa bolumeli le ile la fumanoa ka har’a matlo ana. Setsebi se seng sea hlalosa: “Lenane le leholo la libate le paka kamoo baahi ba Motse o ka Holimo ba mehleng ea Tempele ea Bobeli ba neng ba khomarela melao ea bohloeki ea neano. (Melao ena e tlalehiloe ho Mishnah, eo likhaolo tse leshome tsa eona e leng tsa makolopetso a mikveh.)” Boitsebiso bona bo re thusa ho utloisisa lipolelo tsa Jesu ho Bafarisi le bangoli mabapi le lineano tsena.—Matheu 15:1-20; Mareka 7:1-15.
Lipitsa tsa lejoe tse ngata ka ho makatsang le tsona li fumanoe Jerusalema. Nahman Avigad o re: “Joale, ke hobane’ng ha li ile tsa hlaha ka tšohanyetso hakaale le ka bongata bo bokaale lelapeng le leng Jerusalema? Karabo e itšetlehile ka se fuperoeng ke halakhah, melao ea Bajuda ea bohloeki ba neano. Mishnah e re bolella hore lipitsa tsa majoe li har’a lintho tse sa silafaleng . . . Ka sebele lejoe le ne le sa silafatsoe ke litšebeletso.” Ho etsoa tlhahiso ea hore sena se hlalosa lebaka leo ka lona metsi ao Jesu a ileng a a fetola veine a neng a tšetsoe lipitseng tsa lejoe ho e-na le ho tšeloa lipitseng tsa letsopa.—Levitike 11:33; Johanne 2:6.
Motho ea etelang Musiamong oa Iseraele o tla bona lipolokelo tse peli tse sa tloaelehang tsa masapo a bafu. Biblical Archaeology Review ea hlalosa: “Lipolokelo tsa masapo a bafu li ne li sebelisoa haholo-holo hoo e ka bang lilemong tse lekholo pele Jerusalema e timetsoa ke Baroma ka 70 C.E. . . . Mofu o ne a behoa lephaong le entsoeng leboteng la lebitla la lehaha; ha nama e se e bolile, masapo a ne a phuthoa ’me a behoa ka polokelong ea masapo a bafu—pitsa eo hangata e leng ea lejoe la mokoetla le khabisitsoeng.” Tse peli tse behiloeng pontšeng li ile tsa fumanoa ka November 1990 ka lebitleng la lehaha. Zvi Greenhut, setsebi sa ho epolloa ha lintho tsa khale, oa tlaleha: “Lentsoe . . . ‘Caiapha’ le ngotsoeng lipolokelong tse peli tsa masapo a bafu tse ka lebitleng le hlaha mona ka lekhetlo la pele linthong tsa khale tse epolotsoeng. Mohlomong ke lebitso la lelapa la Moprista ea Phahameng Kaifase, eo ho builoeng ka eena . . . ka Testamenteng e Ncha . . . E ne e le ntlong ea hae e Jerusalema moo ho ileng ha nehelanoa ka Jesu ho ’musisi oa Roma Ponse Pilato.” Polokelo e ’ngoe e ne e tšetse masapo a monna ea lilemo li ka bang 60. Litsebi li nahana hore ha e le hantle ana ke masapo a Kaifase. Setsebi se seng se re lipolokelo tsena ke tsa mehleng ea Jesu: “Chelete ea tšepe e fumanoeng ka ho e ’ngoe ea lipolokelo tsena e ne e entsoe ke Heroda Agrippa (37-44 C.E.). E ka ’na eaba lipolokelo tsena tse peli tsa masapo a Kaifase ke tsa khale mathoasong a lekholo leo la lilemo.”
William G. Dever, moprofesa oa ho epolloa ha lintho tsa khale oa Near Eastern Univesithing ea Arizona, o ile a bua tjena mabapi le Jerusalema: “Hase ho fetelletsa litaba ho bolela hore lilemong tse fetileng tse 15 re ithutile haholoanyane ka histori ea ho epolloa ha lintho tsa khale ea setša sena sa bohlokoa ho feta lilemong tse 150 tse fetileng li kopane.” Bongata ba mesebetsi e ka sehloohong ea ho epolla lintho tsa khale Jerusalema mashomeng a lilemo a morao tjena ka sebele bo hlahisitse lintho tse hlakisang histori ea Bibele.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
Reproduction of the City of Jerusalem at the time of the Second Temple -located on the grounds of the Holyland Hotel, Jerusalem
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ka holimo: Kou e ka boroa-bophirimela ea Thaba ea Tempele ea Jerusalema
Ka ho le letona: Ho theohela ka mokoting oa Warren