Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 7/1 leq. 15
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maloala a re Fepang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 7/1 leq. 15

RE U LOME TSEBE?

Maloala a letsoho a ne a sebelisoa joang mehleng ea boholo-holo?

Maloala a letsoho a ne a sebelisetsoa ho sila lijo-thollo e le hore e be phofo ea bohobe. Leloala la letsoho le ne le sebelisoa letsatsi le leng le le leng ke basali kapa makhabunyane. Ho utloa molumo oa leloala e ne e le ntho e tloaelehileng mehleng eo.—Exoda 11:5; Jeremia 25:10.

Setšoantšo sa Moegepeta ea silang ka leloala la letsoho

Litšoantšo tsa Egepeta ea boholo-holo le liemahale li bontša hore na mosebetsi oo o ne o etsoa joang. Lijo-thollo li ne li behoa holim’a leloala la lejoe moo ho leng sekoti. Motho ea silang o ne a khumama ebe o tšoara tšiloana ka matsoho a mabeli ’me a sile ka hore a e lebise pele le morao holim’a leloala la lejoe. Ho latela sengoliloeng se seng, tšiloana e ne e e-ba boima ba lik’hilograma tse peli ho ea ho tse ’nè. Haeba motho a ne a ka otloa ka eona, o ne a ka ’na a shoa.—Baahloli 9:50-54.

Ho sila lijo-thollo e ne e le mosebetsi oa bohlokoa e le hore lelapa le phele, ke kahoo molao oa Bibele o hanelang motho hore a nke leloala e le tebeletso. Deuteronoma 24:6 e re: “Ho se ke ha e-ba le ea nkang leloala la letsoho kapa tšiloana ea lona e le tebeletso, hobane o nka moea e le tebeletso.”

Poleloana e reng “ea sefubeng” e bolela’ng?

Moapostola Johanne o otlile ka lehlakore sefubeng sa Jesu lijong tsa Paseka ea ho qetela

Bibele e re Jesu o “sefubeng sa Ntate.” (Johanne 1:18) Poleloana ena e bontša hore Jesu o na le kamano e haufi le Ntat’ae. Mantsoe ana a sebelisitsoe ho ipapisitsoe le tloaelo eo Bajuda ba neng ba e-na le eona ha ba e-ja.

Mehleng ea Jesu, Bajuda ba ne ba ja ba otlile ka lehlakore litulong tse potolohileng tafole ea ho jela. Kaha litulo tsa bona e ne eka libethe, ba ne ba otla ka lehlakore lihlooho tsa bona li okametse tafoleng ’me ba itšehelitse ka letsoho le letšehali. Sena se ne se etsa hore matsoho a bona a matona a lokolohe. Kaha bohle ba tafoleng ba ne ba otla ka lehlakore le letšehali, ba atamelane, sengoliloeng se seng se re “hlooho ea monna e mong e ne e le pel’a sefuba sa ea lutseng ka mor’a hae, ke kahoo ho neng ho ka thoe o ‘itšetlehile sefubeng’ sa hae.”

Ho itšetleha sefubeng kapa ho otla ka lehlakore pel’a hlooho ea lelapa kapa mong’a mokete ho ne ho nkoa e le tlotla. Ke kahoo, moketeng oa ho qetela oa Paseka oo Jesu a ileng a ba ho oona, moapostola Johanne e leng “morutuoa eo Jesu a neng a mo rata,” e leng eena ea ileng a “itšetleha sefubeng sa hae.” Kahoo Johanne o ile a “itšetleha sefubeng sa Jesu” ’me a mo botsa potso.—Johanne 13:23-25; 21:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela