-
“Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
12, 13. (a) Phutheho e ile ea ikutloa joang ha Eutikase a tsosoa bafung? (b) Kajeno ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba tšelisoa ke tšepo efe e thehiloeng Bibeleng?
12 Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba tsamaea hammoho ho pholletsa le Macedonia ’me ho bonahala eka ha morao ba ile ba arohana. Ho ka etsahala hore ba ile ba boela ba kopana Troase.d Bibele e re: “Pele matsatsi a mahlano a fela, ra fihla ho bona Troase.”e (Lik. 20:6) Ke mona moo mohlankana ea bitsoang Eutikase a ileng a tsosoa bafung, joalokaha ho bontšitsoe qalong ea khaolo ena. O so ka inahanela feela hore na bara ba bo rona ba ile ba ikutloa joang ha ba bona mphato oa bona Eutikase a tsoha bafung. Bibele e re “ba [ne ba] tšelisehile haholo.”—Lik. 20:12.
-
-
“Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
d Taba ea hore ebe Luka o ile a ikenyelletsa ho Liketso 20:5, 6, e bontša hore mohlomong o ile a boela a tsamaea le Pauluse ha a le Filipi ka mor’a hore Pauluse a mo siee moo ka nako e itseng.—Lik. 16:10-17, 40.
e Ba ile ba nka matsatsi a mahlano ho tloha Filipi ho ea Troase. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le meea e matla hobane nakong e fetileng ba ile ba nka matsatsi a mabeli feela leetong lena.—Lik. 16:11.
-