-
“’Mamele ke le Hlalosetse”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
11. Baholo ba ile ba eletsa Pauluse hore a etse’ng ’me ho ka etsahala hore seo se ne se akareletsa’ng? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)
11 Le hoja litaba tseo tsa bo-bare e ne e le mashano, li ile tsa ferekanya balumeli ba Bajuda. Ke ka lebaka leo banna ba baholo ba ileng ba eletsa Pauluse ba re: “Re na le banna ba bane ba entseng kano. Tsamaea le banna bana, le itlhoekise ho ea ka Molao ’me u ba patalle e le hore ba kute lihlooho. Joale batho bohle ba tla tseba hore menyenyetsi eo ba e utloileng ka uena ha se ’nete, ba tla tseba hore u etsa lintho hantle le hore u mamela Molao.”c—Lik. 21:23, 24.
12. Pauluse o ile a bontša joang hore o ikemiselitse ho sebelisana le baholo ba Jerusalema le ho etsa seo ba reng a se etse?
12 Pauluse a ka be a hanne eaba o bolela hore bothata bo ne bo sa bakoa ke litaba tsa bo-bare empa bo bakiloe ke hore balumeli bao ba Bajuda ba chesehela Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho etsa seo ba reng a se etse, hafeela a sa tlole molao oa Molimo. Pele ho moo o ile a re: “Ho ba latelang molao ke bile joaloka ea latelang molao e le hore nka tlisa ba latelang molao tseleng ea Kreste le hoja ’na ke sa latele molao.” (1 Bakor. 9:20) Lekhetlong lena Pauluse o ile a sebelisana le baholo ba Jerusalema ’me a ba “joalo ka ea latelang molao.” Ka ho etsa joalo, o ile a re behela mohlala o motle oa hore re sebelisane le baholo ’me re se ke ra tsitlella ho etsa lintho ka moo re ratang ka teng.—Baheb. 13:17.
Pauluse o ne a tenyetseha le maemo ’me o ile a etsa lintho tseo baholo ba neng ba mo kopa tsona hafeela li se khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Uena?
-
-
“’Mamele ke le Hlalosetse”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
c Litsebi li re e ka ’na eaba banna bao ba ne ba entse boitlamo ba Bonazari. (Num. 6:1-21) Ke ’nete hore Molao oa Moshe, oo boitlamo bona bo neng bo entsoe tlas’a oona, o ne o se o feletsoe ke nako. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Pauluse o ne a nahana hore ha se phoso ha banna bao ba phetha boitlamo boo ba bo entseng ho Jehova. Ka lebaka leo, e ne e se phoso ha a ba lefella litšenyehelo a bile a tsamaea le bona. Ha re tsebe hore na e ne e le boitlamo ba mofuta ofe empa ha re lumele hore Pauluse o ne a ka tšehetsa ho nyeheloa ha sehlabelo sa phoofolo (e leng seo Banazari ba neng ba se etsa), a lumela hore se tla hloekisa banna bao sebe. Kaha Kreste o ne a se a entse sehlabelo se phethahetseng, mahlabelo a joalo a liphoofolo a ne a se a se na matla a ho koahela libe. Le hoja re sa tsebe seo Pauluse a ileng a se etsa, re kholisehile hore o ne a ke ke a lumela ho etsa ntho e ka silafatsang letsoalo la hae.
-