Thusa ba Bang ho Amohela Molaetsa oa ’Muso
“Agripa a re ho Pauluse: ‘Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.’”—LIKETSO 26:28.
1, 2. Ho tlile joang hore moapostola Pauluse a hlahe ka pel’a ’Musisi Festase le Morena Heroda Agripa II?
’MUSISI oa Moroma, Porkiase Festase, o ile a eteloa ke Morena Heroda Agripa II le khaitseli ea hae, Bernise ka selemo sa 58 C.E. Cesarea. Ba ile ba tloha Jerusalema ba menngoe ke ’Musisi Festase. Letsatsing le hlahlamang, “ka pontšo e khōlō ea makōkō,” ba ile “ba kena ka kamoreng ea bamameli hammoho le balaoli ba sesole hammoho le banna ba boemo bo phahameng motseng.” Festase o ile a laela hore moapostola oa Mokreste Pauluse a tlisoe ka pel’a bona. Ho ile ha tla joang hore molateli eo oa Jesu Kreste a eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa ’Musisi Festase?—Liketso 25:13-23
2 Seo Festase a ileng a se bolella baeti ba hae se araba potso eo. O ile a re: “Morena Agripa le lōna kaofela banna ba teng le rōna, le bona monna enoa eo letšoele lohle la Bajuda le ipilelitseng hammoho ho ’na malebana le eena Jerusalema le mona, le hooa hore o tšoanela hore a se ke a hlola a phela. Empa ka lemoha hore o ne a sa etsa letho le tšoaneloang ke lefu. Kahoo ha monna enoa a ipiletsa ho Ea Tlotlehang, ka etsa qeto ea ho mo romela. Empa ha ke na letho le tiileng leo nka le ngollang Moren’a ka malebana le eena. Ka hona ke mo tlisitse ka pel’a lōna, ’me haholo-holo ka pel’a hao, Morena Agripa, e le hore, ka mor’a hore tlhahlobo ea boahloli e be teng, nka fumana ho hong hoo nka ho ngolang. Etsoe ho ’na ho bonahala e le ho se nang kahlolo e molemo ho romela motšoaruoa ’me hape ho sa bontšoe liqoso tse khahlanong le eena.”—Liketso 25:24-27.
3. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba ile ba qosa Pauluse?
3 Mantsoe a Festase a bontša hore Pauluse o ne a shebane le liqoso tsa bohata tsa ho hlohlelletsa bofetoheli—e leng tlōlo ea molao eo kahlolo ea eona e neng e le lefu. (Liketso 25:11) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a se na molato. O ne a qosoa ka lebaka la mōna oa baeta-pele ba bolumeli ba Jerusalema. Ba ne ba hanyetsa mosebetsi oa Pauluse e le ’moleli oa ’Muso ’me ka botebo ba hlonamisoa ke hore o ne a thusa batho ba bang hore e be balateli ba Jesu Kreste. Pauluse o ile a latoa Jerusalema a lebetsoe ke masole a hlometseng ka matla a isoa motseng o koung ea likepe oa Cesarea, moo a ileng a ipiletsa ho Cesare. Ha a tloha moo o ne a tla isoa Roma.
4. Morena Agripa o ile a bua taba efe e makatsang?
4 Bona ka mahlo a kelello ha Pauluse a le ka tlung ea borena ka pel’a sehlopha se akarelletsang ’musi oa karolo ea bohlokoa ea ’Muso oa Roma. Morena Agripa o retelehela ho Pauluse ’me o re: “U lumeletsoe ho ipuella.” Ha Pauluse a ntse a bua, ho etsahala ntho e sa tloaelehang. Seo Pauluse a se buang se qala ho ama morena enoa. Kahoo, Morena Agripa o re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.”—Liketso 26:1-28.
5. Ke hobane’ng ha mantsoe ao Pauluse a a buileng ho Agripa a ile a atleha hakaalo?
5 Nahana feela! Ka lebaka la boitšireletso ba Pauluse bo hloahloa, ’musi enoa o ile a angoa ke matla a Lentsoe la Molimo a phunyeletsang. (Baheberu 4:12) Ke eng e ileng ea etsa hore boitšireletso ba Pauluse e be bo atlehileng hakaalo? Hona re ka ithuta eng ho Pauluse e ka re thusang mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa? Ha re seka-seka boitšireletso ba hae, ho na le lintlha tse peli tse totobalang: (1) Ha Pauluse a ne a bua, o ne a susumetsa. (2) O ne a sebelisa tsebo ea hae ea Lentsoe la Molimo ka masene, feela joalokaha setei se nang le tsebo se sebelisa sesebelisoa ka katleho.
Sebelisa Tsebo ea ho Susumetsa
6, 7. (a) “Ho susumetsa” ho bolela eng joalokaha ho sebelisitsoe ka Bibeleng? (b) Ho susumetsa ho phetha karolo efe ha ho thusoa batho ba bang hore ba amohele thuto e itseng eo Bibele e e rutang?
6 Bukeng ea Liketso, mantsoe a Segerike a sebelisetsoang ho susumetsa hangata a sebelisoa ha ho buuoa ka boboleli ba Pauluse. Ho susumetsa ho amana joang le mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa?
7 Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine, e bolela hore puong ea pele ea Mangolo a Segerike a Bakreste, “ho susumetsa” ho ne ho bolela “ho hapa” kapa ho “fetola kelello ea motho ka ho mo susumetsa ka mabaka kapa ka ho mo khothalletsa boitšoaro bo botle.” Ha re hlahloba moelelo o ka sehloohong oa lentsoe lena re fumana leseli le eketsehileng. O fana ka maikutlo a hore motho o tšepa taba e itseng. Kahoo, ha u susumetsa motho hore a amohele thuto e itseng ea Bibele, u etsa hore a tšepe seo u se buang, a lumele hore thuto eo ke ea ’nete. Ho hlakile hore ha hoa lekana ho bolella motho seo Bibele e se bolelang e le hore a se lumele ’me a se sebelise. Motho ea u mametseng o lokela ho kholiseha hore seo u se buang ke ’nete, ho sa tsotellehe hore na ke ngoana, ke moahelani, ke mosebetsi-’moho le uena, ke motho eo u kenang sekolo le eena, kapa ke mong ka uena.—2 Timothea 3:14, 15.
8. Ho kholisa motho ka ’nete e itseng ea Mangolo ho akarelletsa eng?
8 Ke joang u ka kholisang motho hore seo u se buang se tsoa Lentsoeng la Molimo ke ’nete? Pauluse o ne a ikitlaelletsa ho fetola likelello tsa batho bao a neng a bua le bona ka ho beha mabaka a utloahalang, ka puisano e nang le mabaka le ka ho ipiletsa ka tieo.a Kahoo, ho e-na le ho bolela feela hore taba e itseng ke ’nete ho hlokahala hore u fane ka bopaki bo khotsofatsang bo tšehetsang seo u se buang. See se ka etsoa joang? Ka ho tiisa hore seo u se buang se thehiloe ka tieo Lentsoeng la Molimo eseng maikutlong a hao. Hape, sebelisa bopaki bo eketsehileng ho tšehetsa se tsoang ka Mangolong seo u se buang ho tloha botebong ba pelo. (Liproverbia 16:23) Ka mohlala, haeba u bolela hore batho ba mamelang ba tla thabela bophelo lefatšeng la paradeise, tšehetsa seo u se buileng ka ho qotsa Lengolo le kang la Luka 23:43 kapa la Esaia 65:21-25. U ka sebelisa bopaki bo eketsehileng joang ho tšehetsa ntlha ea Mangolo eo u e buang? U ka sebelisa mehlala ea phihlelo ea motho ea u mametseng. U ka ’na ua mo hopotsa ka lintho tse tloaelehileng tse thabisang le tse sa lefelloeng tse tlisoang ke botle ba letsatsi ha le likela, palesa e nkhang hamonate, tholoana e hlabosang, kapa ho thabela ho bona nonyana e fepa malinyane a eona. Mo thuse ho bona hore lintho tsena tse thabisang ke bopaki ba hore ’Mōpi o batla hore re thabele bophelo lefatšeng.—Moeklesia 3:11, 12.
9. Re ka bontša kahlolo e molemo joang mosebetsing oa rōna oa ho bolela?
9 Ha u leka ho susumetsa motho hore a amohele thuto e itseng ea Bibele, u hlokomele hore cheseho ea hao e se ke ea etsa hore u utloahale u le ea hatellang, kahoo u koala kelello le pelo ea motho ea u mametseng. Buka ea Sekolo sa Tšebeletso e fana ka temoso e latelang: “Hangata ho ba thata hore motho a amohele ’nete haeba e shanofatsa tumelo eo a e ratang haholo puo-phara, esita le haeba ’nete eo e tšehetsoa ke lethathamo le lelelele la litemana tsa Mangolo. Ka mohlala, haeba u nyatsa habonolo feela hore mekete e tloaelehileng e simolohile boheteneng, sena se ka ’na sa se ke sa fetola tsela eo batho ba bang ba ikutloang kateng ka eona. Hangata ho sebelisa katamelo e itseng e nang le kahlolo e molemo ho atleha haholo.” Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho sebelisa kahlolo e molemo? Buka eo e re: “Mokhoa oa ho beha mabaka o khothalletsa puisano, o etsa hore batho ba be le seo ba ka nahanang ka sona hamorao ’me o bula monyetla bakeng sa moqoqo nakong e tlang. O fana ka tšusumetso e matla.”—Bakolose 4:6.
Tšusumetso e Ipiletsang Pelong
10. Pauluse o ile a qala boitšireletso ba hae ka tsela efe ka pel’a Agripa?
10 Joale, a re hlahlobeng mantsoe a boitšireletso ba Pauluse a ho Liketso khaolo ea 26. Hlokomela kamoo a ileng a qala puo ea hae kateng. E le hore Pauluse a kenyelletse taba ea hae, o ile a fumana lebaka le utloahalang leo a neng a ka babatsa Agripa ka lona, le hoja morena enoa a ne a kene kamanong e hlabisang lihlong le khaitseli ea hae Bernise. Pauluse o ile a re: “Malebana le lintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona, Morena Agripa, ke inka ke le ea thabileng hore ebe ke tla itšireletsa ka pel’a hao letsatsing lena, haholo-holo kaha u le setsebi litloaelong tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda. Ka hona ke kōpa hore u nkutloe ka ho se fele pelo.”—Liketso 26:2, 3.
11. Mantsoe a Pauluse ho Agripa a ile a bontša tlhompho joang, ’me a bile le liphello life tse molemo?
11 Na u hlokometse hore Pauluse o ile a bontša hore o ela hloko boemo bo phahameng ba Agripa ka hore a mo bitse ka tlotla ea hae ea Morena? Sena se ne se bontša tlhompho, ’me ka ho khetha mantsoe ka bohlale, Pauluse o ile a bontša hore o hlompha Agripa. (1 Petrose 2:17) Pauluse o ne a hlokomela hore Agripa ke setsebi sa meetlo le melao e rarahaneng ea bafo ba hae ba Bajuda ’me a bolela hore o thabela ho itšireletsa ka pel’a ’musi ea nang le tsebo e pharalletseng joalo. Pauluse, eo e neng e le Mokreste, ha aa ka a itšoara joalokaha eka o phahametse Agripa eo e neng e se Mokreste. (Bafilipi 2:3) Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a kōpa Morena Agripa hore a mo mamele a sa mo felle pelo. Kahoo, Pauluse o ile a etsa hore Agripa hammoho le bamameli ba bang ba labalabele haholoanyane ho utloa seo a neng a tla se bua. O ne a etsa kenyelletso ea ntho eo ba lumellanang ka eona eo a ileng a theha mabaka a hae holim’a eona.
12. Mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, re ka ipiletsa lipelong tsa bamameli ba rōna joang?
12 A re etsiseng Pauluse ha a ne a bua le Agripa, ho tloha qalong ho ea qetellong re ipiletse lipelong tsa batho ha re bua le bona ka molaetsa oa ’Muso. Re ka etsa sena ka ho bontša hore ka sebele re hlompha motho eo re mo pakelang le ka ho bontša thahasello ea ’nete semelong sa hae le monahanong oa hae.—1 Bakorinthe 9:20-23.
Sebelisa Lentsoe la Molimo ka Tsebo
13. U ka susumetsa bamameli ba hao joaloka Pauluse joang?
13 Pauluse o ne a labalabela ho susumetsa bamameli ba hae hore ba sebelise seo ba se utloileng ha ba bolelloa litaba tse molemo. (1 Bathesalonika 1:5-7) O ile a finyella sena ka hore a ipiletse lipelong tsa bona tsa tšoantšetso, tseo e leng mohloli oa tšusumetso. Ha re khutlela boitšireletsong ba Pauluse ka pel’a Agripa, hlokomela kamoo Pauluse ‘a ileng a tšoara lentsoe la Molimo ka nepo’ kateng ka ho bua ka lintho tse ileng tsa buuoa ke Moshe le baprofeta.—2 Timothea 2:15.
14. Hlalosa hore na Pauluse o ile a sebelisa tšusumetso joang ha a ne a le ka pel’a Agripa.
14 Pauluse o ne a tseba hore Agripa e ne e le Mojuda ka lebitso. Ha Pauluse a ipiletsa tsebong ea Agripa ea tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda, o ile a fana ka lebaka la hore ka sebele boboleli ba hae bo ne bo akarelletsa ho se “bolele letho haese lintho tseo Baprofeta hammoho le Moshe ba ileng ba bolela hore li ne li tla etsahala” malebana le lefu la Mesia le tsoho ea hae. (Liketso 26:22, 23) Ha Pauluse a bua le Agripa ka ho toba, o ile a mo botsa: “Morena Agripa, na u lumela Baprofeta?” Agripa o ile a qakeha. Haeba a ne a ka bolela hore ha a lumele ho baprofeta, o ne a tla be a sentse botumo ba hae ba hore ke molumeli oa Sejuda. Empa haeba a ne a ka lumellana le tsela eo Pauluse a behang mabaka ka eona, o ne a tla be a bontša phatlalatsa hore o lumellana le Pauluse ’me o ne a tla be a ipeha kotsing ea ho bitsoa Mokreste. Pauluse o ile a araba potso ea hae ka bohlale a re: “Kea tseba hore ua lumela.” Pelo ea Agripa e ile ea mo susumelletsa ho araba joang? O ile a re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Liketso 26:27, 28) Le hoja Agripa e sa ka ea e-ba Mokreste, ho hlakile hore ka tsela e itseng, Pauluse o ile a ama pelo ea Agripa ka molaetsa oa hae.—Baheberu 4:12.
15. Pauluse o ile a khona joang ho qala phutheho Thesalonika?
15 Na u hlokometse hore mokhoa oa Pauluse oa ho bolela litaba tse molemo o ne o akarelletsa ho bolela phatlalatsa le ho susumetsa? Kaha Pauluse o ne a sebelisa mokhoa oo ha a ntse ‘a tšoara lentsoe la Molimo ka nepo,’ ba bang ba ileng ba mo utloa ha ea ka ea e-ba bamameli feela empa e ile ea e-ba balumeli. Ho bile joalo Thesalonika, moo Pauluse a ileng a batla Bajuda le Balichaba ba tšabang Molimo synagogeng. Tlaleho e ho Liketso 17:2-4 e re: “Ho ea ka tloaelo ea [hae] Pauluse a kena ka hare ho ea ho bona, ’me ka lisabatha tse tharo a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung . . . Ka lebaka leo ba bang ba bona ea e-ba balumeli.” Pauluse o ne a susumetsa. O ne a beha mabaka, a hlalosa le ho paka ka Mangolo hore Jesu e ne e le Mesia eo e neng e le khale a tšepisitsoe. Phello ea e-ba efe? Phello ea e-ba hore ho thehoe phutheho ea balumeli.
16. U ka fumana thabo e khōloanyane joang ha u bolela ka ’Muso?
16 Na u ka hlaolela bokhoni bo boholoanyane ba tsebo ea ho susumetsa ha u hlalosa Lentsoe la Molimo? Haeba ho joalo, u tla khotsofala le ho thaba haholoanyane mosebetsing oa hao oa ho paka le ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. Bahoeletsi ba litaba tse molemo ba sebelisitseng litlhahiso tsa ho sebelisa Bibele haholoanyane mosebetsing oa ho bolela baa tseba hore sena ke ’nete.
17. Ho bontša kamoo ho sebelisa Bibele tšebeletsong ea rōna e leng habohlokoa kateng, pheta phihlelo ea hao kapa u akaretse e serapeng sena.
17 Ka mohlala, molebeli e mong ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova o ile a ngola a re: “Hona joale bara le barali babo rōna ba bangata ba se ba tšoara Libibele ka matsoho ha ba paka ka ntlo le ntlo. Sena se thusitse bahoeletsi ho balla batho ba bangata bao ba teanang le bona lengolo. Se bile se thusitse beng ba matlo le bahoeletsi hore ba se ke ba amahanya tšebeletso ea rōna le limakasine le libuka feela, empa ba boele ba e amahanye le Bibele.” Empa, hore na re tšoara Bibele ka tsela eo batho ba tla e bona kapa che ha re le mosebetsing oa boboleli, ho itšetlehile ka mabaka a sa tšoaneng, a akarelletsang mekhoa e tloaelehileng sebakeng ka seng. Ho sa tsotellehe seo, re lokela ho batla ho ba le botumo ba ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka bohlale ho susumetsa batho ba bang hore ba amohele molaetsa oa ’Muso.
E-ba le Pono ea Molimo ka Tšebeletso
18, 19. (a) Molimo o talima tšebeletso ea rōna joang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa ho ba le pono ea hae? (b) Ke eng se tla re thusa ho etsa maeto a ho boela a atlehang? (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Atlehang Kateng ho Etsa Maeto a ho Boela,” leqepheng la 16.)
18 Tsela e ’ngoe ea ho finyella lipelo tsa bamameli ba rōna e akarelletsa hore re be le pono ea Molimo ka tšebeletso le hore re se ke ra fela pelo. Thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Na le rōna ha re lakatse hore ho be joalo? Jehova o boetse ha a fele pelo, ’me ho se fele pelo ha hae ho fa batho ba bangata menyetla ea ho fihla pakong. (2 Petrose 3:9) Kahoo, ha re fumana motho ea ratang ho mamela molaetsa oa ’Muso, ho ka ’na ha hlokahala hore re khutlele ho eena ka makhetlo hore re hōlise thahasello eo. Ho hloka nako le ho se fele pelo hore re bone ha peō ea ’nete e hōla. (1 Bakorinthe 3:6) Lebokose le nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Atlehang Kateng ho Etsa Maeto a ho Boela” le fana ka litlhahiso tsa hore na thahasello eo e ka hōlisoa joang. Hopola hore bophelo ba batho—mathata a bona le maemo a bona—bo fetoha kamehla. Ho ka ’na ha hlokahala hore ho etsoe boiteko ba ho khutlela ho bona hangata e le hore re ba fumane malapeng, empa boiteko boo ke ba bohlokoa. Re batla ho ba fa monyetla oa ho utloa molaetsa oa poloko o tsoang ho Molimo. Kahoo, rapela Jehova Molimo hore a u fe bohlale ba ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho susumetsa mosebetsing oa hao oa ho thusa ba bang hore ba amohele molaetsa oa ’Muso.
19 Hang ha ho se ho fumanoe motho ea lakatsang ho utloa ho eketsehileng ka molaetsa oa ’Muso, ke eng hape seo rōna joaloka basebetsi ba Bakreste re ka se etsang? Sehlooho sa rōna se latelang se tla re thusa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tšusumetso, bona thuto ea 48 le ea 49 ea buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Na Ua Hopola?
• Ke eng e ileng ea atlehisa boitšireletso ba Pauluse ka pel’a Morena Agripa?
• Molaetsa oa rōna o ka ipiletsa pelong joang?
• Ke eng se tla re thusa ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka katleho hore re finyelle pelo?
• Ke joang re ka bang le pono ea Molimo ka tšebeletso?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Kamoo U ka Atlehang Kateng ho Etsa Maeto a ho Boela
• Bontša hore ka sebele u thahasella batho.
• Khetha sehlooho se ipiletsang sa Bibele seo le ka buisanang ka sona.
• Rala motheo bakeng sa leeto le leng le le leng le latelang.
• U ’ne u nahane ka motho eo leha u se u tlohile ho eena.
• Boela ho eena kapele, mohlomong ka mor’a letsatsi kapa a mabeli, e le hore u latelle thahasello eo.
• Hopola hore sepheo sa hao ke ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele.
• Rapella hore Jehova a hōlise thahasello eo.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pauluse o ile a sebelisa tšusumetso ha a ne a le ka pel’a ’Musisi Festase le Morena Agripa