Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae
    Molula-Qhooa—2013 | July 15
    • 8. Ka Pentekonta balumeli ba bacha ba ile ba bontša joang hore ba ne ba hlokomela ka ho hlaka mocha oo Kreste a neng a o sebelisa?

      8 Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Kreste ea tsositsoeng bafung o ile a sebelisa baapostola ba hae e le mocha oo ka oona a fepang barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng kaofela. (Bala Liketso 2:41, 42.) Bajuda hammoho le batho ba neng ba sokolohetse Bojudeng bao e ileng ea e-ba Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba lemoha mocha oo ka ho hlaka. Ba ile ba “tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola” ba sa tsilatsile. Ho latela setsebi se seng, leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le ho “tsoela pele ho inehela” le ka bolela “hore motho o tsepamisa kelello nthong e itseng ’me o tšepahala ho eona.” Balumeli bao ba bacha ba ne ba lapetse lijo tsa moea haholo ’me ba ne ba tseba hantle hore na ba tla li fumana hokae. Ka botšepehi bo sa thekeseleng, ba ne ba lebella hore baapostola e be bona ba ba hlalosetsang mantsoe a Jesu le lintho tseo a ileng a li etsa le hore ba ba fe leseli le lecha mabapi le se boleloang ke mangolo a buang ka eena.c—Lik. 2:22-36.

  • Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae
    Molula-Qhooa—2013 | July 15
    • c Serapeng sa 8: Taba ea hore ebe balumeli ba bacha ba ne ba “tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola” e fana ka maikutlo a hore baapostola ba ne ba ruta kamehla. Tse ling tsa lithuto tseo tsa baapostola li ile tsa ngoloa libukeng tse bululetsoeng tseo hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela