-
“Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
18. Litho tsa phutheho ea Jerusalema li ile tsa thusana joang?
18 Ka nako le motsotso, phutheho e sa tsoa thehoa Jerusalema e ile ea hola ho fihlela e e-na le litho tse 5 000.d Le hoja barutuoa e ne e le batho ba limelo tse fapa-fapaneng, ba ne ba “lumellana.” Ba ne nahane le ho sheba lintho ka tsela e tšoanang. (Lik. 4:32; 1 Bakor. 1:10) Barutuoa ha baa ka ba rapella feela hore Jehova a hlohonolofatse mosebetsi oa bona. Ba ile ba tšehetsana moeeng ’me ha ho hlokahala ba thusana ka lintho tsa ho iphelisa. (1 Joh. 3:16-18) Ka mohlala, morutuoa Josefa, eo baapostola ba neng ba boetse ba mo bitsa Barnabase, o ile a rekisa tšimo ea hae ’me a nehelana ka chelete eohle bakeng sa ho thusa batho ba tsoang linaheng tse hole hore ba lule Jerusalema nako e teletsana e le hore ba ka ithuta haholoanyane ka tumelo ea bona e ncha.
-
-
“Batho Feela ba Tloaelehileng ba sa Rutehang”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
d E ka ’na eaba ho ne ho e-na le Bafarisi ba ka bang 6 000 le sehlopha se batlang se le senyenyane sa Basaduse Jerusalema ka 33 C.E. Mohlomong lena ke lebaka le leng le ileng la etsa hore lihlopha tsena tse peli li se ke tsa ja litheohelang ha li utloa lithuto tsa Jesu.
-