-
“Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
7, 8. Ha ho pelaelo hore taelo ea lengeloi e ile ea etsa hore baapostola ba ikutloe joang, ’me re lokela ho ipotsa potso efe?
7 Ha baapostola ba lutse teronkong ba emetse hore nyeoe ea bona e kene, ho ka etsahala hore ba ne ba ipotsa hore na ebe lira tsa bona li tla ba bolaea ka lebaka la tumelo ea bona. (Mat. 24:9) Empa bosiu ho ile ha etsahala mohlolo—“lengeloi la Jehova la bula menyako ea teronko.”b (Lik. 5:19) Eaba lengeloi leo le ba fa taelo e hlakileng, le re: “E-eang ka tempeleng, le ’ne le bolelle sechaba molaetsa oa bophelo.” (Lik. 5:20) Mohlomong taelo ena e ile ea kholisa baapostola hore ba ne ba etsa se nepahetseng. Hape, mohlomong mantsoe a lengeloi leo a ile a ba matlafatsa hore ba lule ba tiile ho sa tsotellehe se etsahalang. Ka tumelo e tiileng le ka sebete, baapostola “ba ea tempeleng esale hoseng ho ea ruta.”—Lik. 5:21.
-
-
“Molimo ke Eena ’Musi oa Rona, re Tla Mamela Eena”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
b Lena ke lekhetlo la pele ho a ka bang 20 ao ka ho toba ho buuoang ka mangeloi bukeng ea Liketso. Pejana ho Liketso 1:10, ho buuoa ka tsela e sa tobang ka mangeloi e le ‘banna ba apereng liaparo tse tšoeu.’
-