Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 8/15 maq. 21-24
  • Na Sefapano se Loketse Bakreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Sefapano se Loketse Bakreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Letšoao la Bokreste?
  • Constantine le Sefapano
  • Phetoho ea Libopeho tsa Sefapano
  • Na Kreste o Shoetse Sefapanong?
  • Ho Tsamaea ka Tumelo, e Seng ka Pono
  • Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Seo Lerato la Molimo le se Bolelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Sefapano
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 8/15 maq. 21-24

Na Sefapano se Loketse Bakreste?

“KE SE filoe ke ’Mè.” “Se bontša bonna.” “Ke se roaletse bokhabane.” “Nka ikutloa ke sa phuthuloha ha se le sieo.” “Se ntšireletsa bobeng.” “Ke ntho feela e leketlisoang cheineng.”

Ke kamoo ho ileng ha arabela batho ba bangata ba ileng ba botsoa hore na ke hobane’ng ha ba roetse sefapano. Le hoja ho hlakile hore hase bohle ba etsang joalo ka lebaka la boineelo bolumeling, ho roala sefapano ho hlile ho tloaelehile likarolong tse ling tsa lefatše. Haesita le bacha ba Russia ba ’nile ba bonoa ba se roetse. Ba bangata ba amahanya bohlokoa bo boholo ba bolumeli le sefapano, hobane, joalokaha mocha e mong a ile a bolela ka bonolo feela, “Sea halalela.”

Empa na ho hlile ho loketse hore Mokreste a roale sefapano? Na se tšoantšetsa hantle tsela eo Kreste a shoeleng ka eona? Hona na ho na le likhanyetso tse utloahalang ha se roalloa bokhabane feela? Hore re tle re bone, a re qaleng ka ho sheba hore na sefapano se qalile joang.

Na ke Letšoao la Bokreste?

Mohlomong u nka hore Bakreste ke bona ba pele ba ileng ba sebelisa sefapano. Leha ho le joalo, The Encyclopedia Americana, e bua ka “tšebeliso ea sona ea boholo-holo ea Mahindu le Babuddha, India le China, le ea Bapersia, Baassyria le Bababylona.” Ka ho tšoanang, Chambers’s Encyclopaedia, (khatiso ea 1969) e re sefapano “e ne e le letšoao le ileng la hokelloa litlhalosong tsa bolumeli le tsa mehlolo khale pele ho mehla ea Bokreste.”

Ka sebele, ha ho na bopaki ba hore Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa sefapano borapeling ba bona. Matsatsing a qalang a Bokreste, ke Baroma ba bahetene ba neng ba sebelisa sefapano! The Companion Bible e re: “Lifapano tsena li ne li sebelisoa e le matšoao a molimo oa Babylona oa letsatsi . . . ’me li bonoa ka lekhetlo la pele cheleteng ea tšepe ea Julius Caesar, 100-44 B.C., hape le cheleteng ea tšepe e entsoeng ke mojalefa oa Caesar (Augustus), 20 B.C.” Molimo oa Baroma oa tlhaho, Bacchus ka linako tse ling o ne o tšoantšetsoa o roetse moqhaka o nang le lifapano tse ngata.

Joale ho tlile joang hore sefapano se fetohe letšoao la Bokreste-’mōtoana?

Constantine le Sefapano

Ka 312 C.E., Constantine, ea neng a busa sebakeng seo hona joale se tsejoang e le France le Brithani, o ile a futuha ho ea loantša soare sa hae, Maxentius, oa Italy. Ho tlalehoa hore ha a le tseleng o ile a bona pono—sefapano seo ho sona ho neng ho ngotsoe mantsoe “Hoc vince,” a bolelang “Hapa ka sena.” Hoba a hlōle, Constantine o ile a etsa sefapano letšoao la mabotho a hae. Eare hamorao ha Bokreste bo fetoha bolumeli ba naha ba ’Muso o Moholo oa Roma, sefapano sa fetoha letšoao la kereke.

Empa na pono e joalo e fela e bile teng? Litlaleho tsa pale ena, ha e le hantle, ke taba ea ba re ’me li tletse lintho tse belaetsang. Ka ho toba, har’a batho ba neng ba ka bontšoa tšenolo ea bomolimo, Constantine e ne e ka ba oa ho qetela. Nakong ea ketsahalo ena ea boinahanelo, e ne e le morapeli ea thata-thata oa molimo oa letsatsi. Constantine o bile a khetha Sontaha e le letsatsi bakeng sa borapeli ba letsatsi. Boitšoaro ba hae kamor’a hoo ho thoeng ke tšokoloho ea hae le bona ha boa ka ba fana ka bopaki bo bokaalo ba hore ka sebele o ineetse melaong ea motheo e nepahetseng. Bophelo ba hae bo ne bo busoa ke ho bolaea, ho loha mano le meharo ea bopolotiki. Ho bonahala eka ho Constantine, Bokreste e ne e le kofuto e matlanyana ho feta bopolotiki ho kopanya ’muso o litsekana.

Bopaki bo boetse boa fokola ba hore sefapano sa mofuta oo Constantine a ileng a se “bona” se ne se hlile se tšoantšetsa kofuto e ileng ea sebelisetsoa ho bolaela Kreste. Licheleteng tse ngata tsa tšepe tseo Constantine a ileng a etsa hore li etsoe kamorao ho moo, ho hatisitsoe sefapano se tšoanang le X e palamisitsoeng “P.” (Bona setšoantšo.) An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine, e re: “Ha e le ka Chi, kapa X, eo Constantine a neng a bolela hore o ile a e bona ponong e ileng ea mo etsa hore a emele tumelo ea Bokreste, tlhaku eo e ne e le tlhaku ea pele ea lentsoe ‘Kreste’ [ka puo ea Segerike] ’me ho ne ho se moo e amanang le ‘Sefapano,’” ke hore, joaloka kofuto ea polao. Ha e le hantle, sefapano sa mofuta ona se batla se tšoana le letšoao la bohetene bakeng sa letsatsi.

E be joale ke hobane’ng ha “Bakreste” ba ile ba amohela sefapano habonolo hakaale? Dictionary ea Vine e tsoela pele: “Bohareng ba lekholo la bo3 la lilemo A.D. likereke li ne li se li tlohile kapa li se li sothile lithuto tse itseng tsa tumelo ea Bokreste. E le ho hōlisa botumo ba tsamaiso ea bokoenehi ea baruti, bahetene ba ile ba amoheloa ka likerekeng ba sa tsoaloa labobeli ka tumelo ’me ba lumelloa haholo hore ba boloke matšoao le litšoantšo tsa bona tsa bohetene. Ke kahoo Tau kapa T, ka sebopeho seo e bonahalang ka sona hangata, ka karolo ea eona e etsang sefapano e theoletsoe tlaase, e ileng ea amoheloa ho ema bakeng sa sefapano sa Kreste.”

Phetoho ea Libopeho tsa Sefapano

Na e ne e le ka lebaka la ho rata Kreste ho ileng ha etsoa hore sefapano, ka nako ena e morao hakaalo, se fetohe ntho e hlomphuoang joalo? Encyclopedia of Religion and Ethics e re: “Lekho[long] la bone la lilemo tumelo ea mehlolo ea qala ho itsetsepela ka Kerekeng.” Joalokaha eka ke khoetsa, ho etsa pontšo ea sefapano feela, ho ne ho nkoa e le tšireletso e tiileng ka ho fetisisa khahlanong le bademona, le pheko bakeng sa mafu ’ohle.” Tšebeliso ea tumela-khoela ea sefapano e ntse e tsoela pele le kajeno.

Ho theosa le lilemo, ho bile le mefuta e 400 e sa tšoaneng ea lifapano. Qalong, se ne se se na setšoantšo sa Kreste. Ho e-na le hoo, ho ne ho ee ho tšoantšetsoe mocha ea tšoereng sefapano se tletseng mahakoe. Hamorao, ha akarelletsoa konyana. Ka 691 C.E., seboka sa Trullo sa etsa hore “ka molao” ho be le sefapano seo kaholimo ho sona se bontšang sefuba sa mohlankana, ho e-na le konyana. Kamorao ho nako sena sa fetoha ho ba sefapano se nang le setšoantšo sa setopo sa Kreste.

Na Kreste o Shoetse Sefapanong?

Motho a ka ’na a botsa, ‘Empa na Bibele ha e rute hore Kreste o fela a shoetse sefapanong?’ Hore re arabele sena, re tlameha ho sheba litlhaloso tsa mantsoe a mabeli a Segerike ao bangoli ba Bibele ba ileng ba a sebelisa ho hlalosa kofuto eo Kreste a shoetseng ho eona: stau·rosʹ le xyʹlon.

The International Standard Bible Encyclopedia (1979) e re, tlas’a sehlooho “Cross”: “Qalong staurós ea Segerike e ne e bolela thupa e motsu le e otlolohileng e tsetetsoeng fatše ka thata. . . . li ne li hlongoa li bapisitsoe, li kolokisitsoe ho etsa lekhoakhoa kapa lipalo tse motsu tse sireletsang motse, kapa ha li hlonngoe ka bonngoe li ne li emisoa e le kofuto tsa tlhokofatso tseo batlōli ba molao ba neng ba leketlisoa ho tsona hore ba shoe (kapa, haeba ba se ba bolailoe, ho tlotlolla litopo tsa bona ka ho feletseng).”

Ke ’nete hore Baroma ba ne ba sebelisa kofuto ea polao eo ka Selatine e neng e tsejoa e le crux. ’Me ha ho fetoleloa Bibele ka Selatineng, lentsoe lena crux le ile la sebelisoa ho fetolela stau·rosʹ. Kaha lentsoe la Selatine crux le lentsoe la Senyesemane cross a tšoana, ba bangata ka phoso ba ile ba nka hore crux e ne e hlile e le thupa e nang le e tšekaletseng ho eona. Leha ho le joalo, The Imperial Bible-Dictionary e re: “Esita le har’a Baroma crux (eo ho eona ho nkiloeng cross [ea Manyesemane]) ho bonahala tšimolohong e ne e le palo e otlolohileng, ’me ena kamehla e le eona karolo e khōlō haholo.”

Buka The Non-Christian Cross ea eketsa: “Ha ho polelo le e ’ngoe libukeng tse ngata-ngata tse etsang Testamente e Ncha, eo, ka Segerike sa pele, e nang le bopaki leha e le bo sa tobang feela ba tiiso ea hore stauros se sebelisitsoeng tabeng ea Jesu e ne e le se seng se fapaneng le stauros [palo kapa thupa] se tloaelehileng; re se re sa re letho ka phello ea hore se ne se e-na le likotoana tse peli tse khokhothelletsoeng hammoho ka sebopeho sa sefapano.” Ho ne ho ka ’na ha etsahala hantle hore e be Kreste o khokhothetsoe nthong e kang crux (stau·rosʹ) e tsejoang e le crux simplex. Ke kamoo thupa e joalo e ileng ea etsetsoa setšoantšo ke seithuti sa Roma e K’hatholike Justus Lipsius oa lekholong la bo16 la lilemo.

Ho thoe’ng ka lentsoe le leng la Segerike, xyʹlon? Phetolelong ea Segerike ea Bibele ea Septuagint le sebelisitsoe ho Esdrase 6:11: “Ke ’na ea ntšitseng taelo ea hore, mang le mang ea tla fosa taelo ena, ho tla ntšoa sefate tlung ea hae, ’me o tla khokhotheloa ho sona, ’me ntlo ea hae e tla fetoloa thotobolo ka lebaka lona lena.” Ho hlakile hore mona ho ne ho ameha palo e le ’ngoe kapa “sefate.”

Ke ka lebaka leo bafetoleli ba bangata ba Mangolo a Bokreste a Segerike (Testamente e Ncha) ba fetolelang mantsoe a Petrose ho Liketso 5:30 hore a balehe tjena: “Molimo oa bo-ntat’a rōna o tsositse Jesu; eo le ’molaileng ka ho mo fanyeha sefateng [kapa, “thupeng,” ho ea ka New World Translation].” Mohlomong u ka rata hore u boele u hlahlobe hore na Bibele ea hao e fetolela xyʹlon joang ho: Liketso 10:39; 13:29; Ba-Galata 3:13; le 1 Petrose 2:24.

Ho Tsamaea ka Tumelo, e Seng ka Pono

Esita le kamor’a ho hlahloba bopaki bo joalo ba hore ka sebele Kreste o shoetse thupeng, ba bang ba sa ntsane ba sa bone phoso ea letho ka ho roala sefapano. Ba ka ’na ba re, ‘ke bokhabane feela.’

Leha ho le joalo, hopola hore na sefapano se ile sa sebelisoa joang historing eohle—e le letšoao la borapeli ba bohetene le la tšabo ea tumela-khoela. Na ho roala sefapano, le haeba e le feela joaloka mokhabiso, ho ka etsoa hore ho lumellane le keletso ea moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 10:14: “Baratuoa ba ka, le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo”?

Ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete kajeno? Le bona, joalokaha Bibele e eletsa, ba lokela ho falimehela bohlokoa ba ‘ho itšabisa melimo ea bohata.’ (1 Johanne 5:21) Ka hona ha ba fumane sefapano e le mokhabiso o loketseng. Ba hopola polelo ea Pauluse: “Mang le mang ea fanyehiloeng sefateng o rohakiloe,” ’me ka lebaka leo ba ikhethela ho nahana ka Kreste e le Morena ea tlotlisitsoeng ea teroneng!—Ba-Galata 3:13, TLP; Tšenolo 6:2.

Le hoja Bakreste ba joalo ba sa roale lifapano, ka botebo ba ananela ’nete ea hore Kreste o ba shoetse. Baa tseba hore sehlabelo sa Kreste ke pontšo e babatsehang ea “matla a Molimo” le lerato la ka ho sa feleng. (1 Ba-Korinthe 1:18; Johanne 3:16) Empa ha ba hloke ntho e bonahalang e kang sefapano ho ba thusa hore ba rapele Molimo ona oa lerato. Hobane joalokaha Pauluse a khothalelitse, ba “tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.”—2 Ba-Korinthe 5:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Sefapano se fetotsoe libopeho le litšobotsi hangata ho theosa le makholo a lilemo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Seemahale sa molimo oa Mogerike Marsyas se ile sa qaqapolotsoa se ntse se le joalo kutung ea sefate—Louvre, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela