Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/1 maq. 8-13
  • ‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba Hōlileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba Hōlileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlompha Bahlolohali
  • ‘Ho Hlokomela Lithahasello tsa Bona’ le le Baholo
  • ‘Ho Hlokomela Lithahasello tsa Bona’ le le Batho ka Bomong
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Molimo o Hlokomela ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Finyella Litlhokahalo Tsa Batho ba Rōna ba Hōlileng—Phephetso ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/1 maq. 8-13

‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba Hōlileng

“E mong le e mong a se ke a hlokomela [lithahasello] tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.”—BA-FILIPPI 2:4.

1, 2. (a) Sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo se ile sa bontša thahasello joang litlhokong tsa ba hōlileng? (b) Ke bopaki bofe bo teng ba hore mosebetsi oa ho bolela o ne o sa hlokomolohuoa?

NAKOANA kamorao ho Pentekonta ea 33 C.E., “ba-Jode ba ba-Gerike ba korotla [ka phuthehong ea Bokreste] ka ba-Jode ba ba-Heberu, ka hore, basali ba bahlolohali ba bona ha ba hlokomeloe phepong [ea lijo ho bahloki] ea letsatsi le leng le le leng.” Ha ho pelaelo hore ba bang ho bahlolohali bana ba ne ba tsofetse’me ba sa khone ho itšokolela. Leha ho le joalo, baapostola ka bobona ba namola, ba re: “A le ke le khetheng banna ba supileng har’a lōna, e leng ba tšepjoang, ba tletseng Moea o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tšebeletsong eo [“ea bohlokoa,” NW].”—Liketso 6:1-3.

2 Kahoo, Bakreste ba pele ba ne ba talima ho hlokomela ba hlokang e le ‘tšebeletso ea bohlokoa.’ Lilemo hamorao morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona.” (Jakobo 1:27) Na ho ne ho bolela hore mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela o ne o hlokomolohiloe? Che, hobane tlaleho e ho Liketso e bolela hore kamor’a hore mosebetsi oa phallelo bakeng sa bahlolohali o hlophisoe hantle, “lentsoe la Molimo le ne le ntse le tsoela pele; ’me barutuoa ba ne ba anafala haholo Jerusalema.”—Liketso 6:7.

3. Ho fanoa ka khothatso efe ho Ba-Filippi 2:4, hona ke hobane’ng ha hona ho loketse ka ho khethehileng kajeno?

3 Kajeno re talimane le “linako tsa bothata.” (2 Timothea 3:1, TLP) Ho hlokomela litlhoko tsa bophelo ba lelapa le mosebetsi oa boipheliso ho ka ’na ha re khathatsa haholo—kapa ha re hlokisa takatso—ho ameha ka litlhoko tsa ba hōlileng. Ke ka nepo, he, Ba-Filippi 2:4 e re phehellang hore re ‘se ke ra hlokomela lithahasello tseo e leng tsa rōna feela empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ Hoo ho ka etsoa joang ka tsela e leka-lekaneng le e molemo?

Ho Hlompha Bahlolohali

4. (a) Phutheho ea lekholong la pele la lilemo e ne e ‘hlonepha’ bahlolohali ka lebaka lefe, hona joang? (b) Na litokisetso tse joalo li ne li hlokahala kamehla?

4 Ho 1 Timothea khaolo ea 5, Pauluse o bontša kamoo Bakreste ba pele ba neng ba hlokomela bahlolohali ba hōlileng ba ka phuthehong. O ile a phehella Timothea hore: “Hlonepha basali ba bahlolohali, bao e leng bona ruri.” (Temana ea 3) Bahlolohali ba hōlileng ba ile ba qoolloa ka ho khethehileng e le ba tšoaneloang ke ho hlompshoa ka hore ba ’ne ba thusoe ka lichelete nako le nako. Ba joalo ho ne ho sa bonahale ho hang hore na ba ka phela ka eng ’me hoo ba neng ba ka ho etsa feela ke hore ‘ba itšepele Molimo, ba tiisetse liqelong le merapelong, bosiu le motšehare.’ (Temana ea 5) Lithapelo tsa bona bakeng sa ho phela li ne li arabeloa joang? Ka phutheho. Ka mokhoa o hlophisitsoeng, bahlolohali bao e leng bona ruri ba ne ba khothaletsoa ho phela ka mokhoa o itekanetseng. Ha e le hantle, haeba mohlolohali a ne a e-na le chelete kapa beng ka eena ba ka khonang ho mo phelisa, litokisetso tse joalo li ne li sa hlokahale.—Litemana 4, 16.

5. (a) Bahlolohali ba bang ba ne ba ka ’na ba ‘iphelela menyakeng’ joang? (b) Na phutheho e ne e tlamehile ho phelisa ba joalo?

5 Pauluse o hlokomelisitse: “Empa [mohlolohali] ea iphelelang menyakeng o shoele [moeeng], leha a sa phela.” (Temana ea 6) Pauluse ha a hlalose hore na ke joang ba bang, joalokaha Kingdom Interlinear e ho ngola e leng “ba phelelang ho khotsofatsa litakatso.” Ba bang mohlomong ba ne ba ntse ba loantša ‘litakatso tsa bona tsa botšehali.’ (Temana ea 11) Leha ho le joalo, ho latela Liddell & Scott’s Greek-English Lexicon, ho ‘phelela ho khotsofatsa litakatso’ ho ka boetse ha ama ‘ho phela habonolo kapa menonong e feteletseng kapa ho ikhotsofatseng ho feteletseng.’ Mohlomong ka nako eo, ba bang ba ne ba batla hore phutheho e ba ruise, e ba fe lichelete bakeng sa bophelo bo phahameng, bo senyang le ba boikhotsofatso. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba litaba e ne e le bofe, Pauluse obontša hore ba joalo ba ne ba sa tšoanelehe hore ba ka amohela thuso ea phutheho.

6, 7. le botlaaseng ba leqephe. (a) ‘Ngoliso’ e ne e le eng? (b) Ke hobane’ng ha ba ka tlaase ho lilemo tse 60 ba ne ba sa tšoanelehe hore ba ka amohela thuso? (c) Pauluse o ile a thusa bahlolohali ba bacha hore ba ka oela ‘tsuong’ joang?

6 Pauluse joale a re:“Ho ngoloe [lethathamong la ba amohelang thuso ea lichelete] mohlolohali eo lilemo tsa hae li sa haelleng ho phetha mashome a tšeletseng.” Mehleng ea Pauluse mosali ea kaholimo ho lilemo tse 60 ka ho hlakileng o ne a talingoa a sa khone ho iphelisa ’me ho se bonolo hore a ka nyaloa hape.a “Empa,” Pauluse o itse, “u hane bahlolohali ba bacha [bakeng sa ngoliso]; hobane litakatso ha li ba ngalisa Kreste, ba be ba rate ho nyaloa, ba kena tsuong ka ho fetola boitlamo ba bona ba pele lefeela.”—Litemana 9, 11, 12.

7 Haeba ‘ngoliso’ e ne e bulehetse bahlolohali ba bacha, e ka ’na eaba ba bang ba ile ba potlakela ho ipolela hore ba tla lula e ntse e le bahlolohali. Leha ho le joalo, kamorao ho nako ba ba le bothata ba ho laola “takatso” ea bona ’me ba batla ho nyaloa hape, ‘ba oela tsuong ea ho koenehela kano ea bona ea pele ea tumelo,’ ea ho lula e le bahlolohali. (Bapisa Moeklesia 5:2-6.) Pauluse o ile a qoba mathata a joalo, a boetse a re, “ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohali ba bacha ba nyaloe, ba tsoale bana.”—Temana 14.

8. (a) Tataiso ea Pauluse e ile ea sireletsa phutheho joang? (b) Na bahlolohali ba banyenyane kapa maqheku ba hlokang le bona ba ne ba hlokomeloa?

8 Moapostola o boetse a lekanyetsa ngoliso ho ba nang le tlaleho e telele ea mesebetsi e metle ea Bokreste. (temana ea 10) Ka baka leo phutheho e ne e se “sebaka sa lithuso” bakeng sa ba botsoa kapa ba meharo. (2 Ba-Thessalonika 3:10, 11) Empa ho thoe’ng ka maqheku kapa bahlolohali ba banyenyane? Haeba ba joalo ho ne ho ka etsahala hore ba hloke, ha ho pelaelo hore phutheho e ne e tla ba hlokomela e le motho ka mong.—Bapisa 1 Johanne 3:17, 18.

9. (a) Ke hobane’ng ha litokisetso tsa tlhokomelo bakeng sa ba hōlileng kajeno li fapana le tse ileng tsa etsoa lekholong la pele la lilemo? (b) Puo ea Pauluse ka bahlolohali ho 1 Timothea khaolo ea 5 e re thusa ho ananela eng kajeno?

9 Litokisetso tse joalo ho bonahala li ne li lekane bakeng sa litlhoko tsa liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo. Empa joalokaha The Expositor’s Bible Commentary e hlokomela: Kajeno, ka lichelete tse lefuoang ke insurance, tšireletso ea sechaba le menyetla ea mesebetsi, boemo bo fapane haholo.” Ka baka la sebopeho se fetohileng sa boahi le moruo, ke seoelo ho hlokahalang hore kajeno liphutheho li ngolise ba hōlileng ba ka thusoang. Leha ho le joalo, mantsoe a Pauluse ho Timothea a re thusa ho ananela: (1) Mathata a ba hōlileng a ama phutheho ka kakaretso—haholo-holo baholo. (2) Tlhokomelo ea ba hōlileng e lokela ho hlophisoa hantle. (3) Tlhokomelo e joalo e lekanyetsoa feela ho ba hlokang kannete.

‘Ho Hlokomela Lithahasello tsa Bona’ le le Baholo

10. Kajeno baholo ba ka etella pele joang ho bontša ho thahasella ba hōlileng?

10 Kajeno balebeli ba etella pele joang ho bontša ho thahasella ba hōlileng? Nako le nako ba ka ’na ba akarelletsa litlhoko tsa ba hōlileng litabeng tseo ba tlang ho buisana ka tsona libokeng tsa bona. Ha ho hlokahala thuso e khethehileng, ba ka lokisetsa hore e fanoe. Ho ka ’na ha etsahala hore tlhokomelo e se ke ea tsoa ho bona ka ho toba, joalokaha ka phuthehong hangata ho e-ba le ba bangata ba ithaopang—ho akarelletsa bacha—ba ka thusang. Leha ho le joalo, ba ka laola tlhokomelo e joalo haufi-ufi, mohlomong ba abela moena hore a hokahanye tlhokomelo e neoang motho eo.

11. Baholo ba ka itloaetsa litlhoko tsa ba hōlileng joang?

11 Salomone o ile a eletsa: “U hlahlobe mohlape oa hao hantle.” (Liproverbia 27:23) Kahoo, balebeli ka bobona ba ka etela ba hōlileng ho lekanyetsa hamolemo hore na ke joang ‘ho ka kenngoang letsoho thusong ea ba hlokang.’ (Ba-Roma 12:13, TLP) Molebeli ea tsamaeang o ile a ho bolela ka tsela ena: “Batho ba bang ba hōlileng ba ‘ikhantša’ haholo, ’me ho ba botsa feela hore na ba hloka ha ho etsoa eng, ha ho na molemo. Ho molemo ho hlokomela hore na ho hlokahala hore ho etsoe eng e be u oela tšebetsong!” Balebeli ba bang Japane ba ile ba fumana hore khaitseli e mong ea lilemo li 80 o hloka tlhokomelo e matla. Baa tlaleha: “Hona joale re hlokomela hore ho na le e mong ea mo hloelang habeli ka letsatsi, hoseng le mantsiboea, ka ho mo etela kapa ka thelefono.”—Bapisa Mattheu 25:36.

12. (a) Baholo ba ka hlokomela joang hore ba hōlileng ba fumana molemo oa liboka tsa phutheho? (b) Litheipi tse entsoeng ke Mokhatlo li ka sebelisoa hamolemo joang?

12 Balebeli ba boetse ba ameha ka hore ba hōlileng ba fumana molemo libokeng tsa phutheho. (Ba-Heberu 10:24, 25) Na ho na le ba hlokang lipalangoang? Na ba bang taba ke hore feela ba sitoa ho ‘mamela, le ho utloisisa’ liboka ka lebaka la ho se utloe hantle ka litsebeng? (Mattheu 15:10) Mohlomong ho ka ba molemo ho ba kenyetsa lintho tse roaloang tse ba thusang hore ba utloe. Ka ho tšoanang, liphutheho tse ’maloa hona joale li ntšetsa pele liboka ka mehala ea thelefono e le hore ba holofetseng ba ka mamela ba le malapeng. Ba bang ba hatisa liboka litheiping tsa kasete bakeng sa ba kulang haholo hore ba ka ba teng—mabakeng a mang ba ba rekela li-bapala-likasete. ’Me ha re bua ka li-bapala-likasete, moholo e mong oa Jeremane o ile a hlokomela: “Ke etetse ba bangata ba hōlileng ba neng ba lula feela ka pel’a thelevishene ’me ba shebella mananeo ao ho hang a ke keng a hlalosoa e le a hahang moeeng.” Ke hobane’ng ha bakeng sa hoo u ke ke ua ba khothaletsa ho mamela litheipi tse entsoeng ke Mokhatlo, tse kang tse nang le lipina tsa ’Muso le ’malo oa Bibele?

13. Ba hōlileng ba ka thusoa joang hore ba lule ba le mafolo-folo joaloka baboleli ba ’Muso?

13 Litho tse ling tsa ba hōlileng ka phuthehong li se li fetohile ba sa beng teng kamehla kapa ba sa etseng letho joaloka baboleli. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore lilemo li thibele motho hore a ka bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Mattheu 24:14, NW) Ba bang ba ka ’na ba amohela memo e bonolo feela ea hore ba sebetse le uena tšebeletsong ea tšimo. Mohlomong u ka tsosa lerato la bona bakeng sa ho bolela ka ho ba phetela liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo. Haeba ho hloa litepisi e le bothata, lokisetsa hore ba sebetse matlo a nang le mechine e hloesang le ho theola batho kapa libaka tse se nang litepisi. Bahoeletsi ba bang ba ka ba ba etsa hore ba hōlileng ba ee le bona lithutong tsa Bibele—kapa ba tšoarele thuto lapeng la ea hōlileng.

14 le lebokose. (a) Baholo ba ka etsa joang haeba moena kapa khaitseli ea hōlileng a le tsietsing ea chelete? (b) Liphutheho tse ling li khahlanyelitse litlhoko tsa bahoeletsi ba hōlileng joang?

14 ‘Chelete ke tširelo.’ (Moeklesia 7:12) Empa baena le bo-khaitseli ba bangata ba hōlileng ba tsietsing ea lichelete ’me ha ba na beng ka bona ba utloisisang ho ba thusa. Leha ho le joalo, batho ka bomong ba ka phuthehong ba atisa ho thabela ho ba thusa ha ba hlokomelisoa ka hoo. (Jakobo 2:15-17) Baholo ba ka ba ba bona hore na ke litšebeletso life tsa ’muso kapa tsa thuso ea sechaba, litefo tsa insurance, liphenshene le tse joalo, tse teng. Leha ho le joalo, linaheng tse ling litšebeletso tse joalo li fumaneha ka thata, ’me mohlomong ho ke ke ha e-ba mokhoa o mong ha e se feela ho latela mohlala oa 1 Timothea khaolo ea 5 le ho lokisetsa hore phutheho ka kakaretso e fane ka thuso. (Bona Ho Hlophisetsoa ho Etsa Tšebeletso ea Rōna, maqephe 122-123.)

Bahoeletsi ba Nigeria ba thusa kamehla pula-maliboho oa kamehla ea lilemo li 82 le mosali oa hae ka limpho tse bonahalang. Hoba ’muso o laele hore ho heletsoe mohaho oo ba neng ba lula ho oona, phutheho ea ba memela ho ea lula kamoreng e hahelletsoeng Holong ea ’Muso ho fihlela ha ho ka lokisetsoa sebaka se seng sa bolulo.

Brazil phutheho e ile ea hira mooki ea ka hlokomelang banyalani ba seng ba hōlile. Ka nako e tšoanang, khaitseli e mong a abeloa ho hloekisa ntlo, ho ba phehela le ho bona hore na ba hloka eng. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe phutheho e behella ka thōko lichelete tseo ba tla li sebelisa.

15. (a) Na ho na le litekanyetso thusong eo phutheho e ka fanang ka eona? (b) Keletso e ho Luka 11:34 ke e loketseng joang bakeng sa ba itseng ba fetohang ba tšoenyang haholo?

15 Joaloka lekholong la pele la lilemo, litokisetso tse joalo li etsetsoa ba tšoanelehang ba li hlokang kannete. Balebeli ha baa tlameha ho khahlanyetsa litlhoko tse feteletseng kapa tse sa hlokahaleng tsa ba hlokang. Ba hōlileng le bona, ba tlameha ho ba le ‘leihlo le lokileng.’—Luka 11:34.

‘Ho Hlokomela Lithahasello tsa Bona’ le le Batho ka Bomong

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ba bang ntle ho baholo ba thahaselle ba hōlileng? (b) Bahoeletsi ba tšoarehileng ba ka ‘lopolla nako’ joang bakeng sa ba hōlileng?

16 Neng-neng nakong e fetileng khaitseli e mong ea hōlileng o ile a kenngoa sepetlele. Ha fumaneha hore phepo ea hae e fosahetse. Moholo e mong o ile a ngola hore: “Hoja ba bangata ka phuthehong ba ne ba ile ba mo thahasella, mohlomong hona ho ka be ho sa ka ha etsahala.” E, baholo hase bona feela ba tlamehang ho thahasella ba hōlileng. Pauluse o itse: “Re litho ba bang tsa ba bang.”—Ba-Efese 4:25.

17 Ha ho pelaelo hore ba bang ho lōna ba se ba ntse ba imetsoe ke boikarabelo ba botho. Empa ‘le se ke la hlokomela lithahasello tsa lōna feela.’ (Ba-Filippi 2:4) Ka tlhophiso e ntle ea botho, hangata u ka ‘lopolla nako.’ (Ba-Efese 5:16) Ka mohlala, na u ka etela e mong ea hōlileng kamorao ho tšebeletso ea tšimo? Ba bang ba hlora haholo har’a beke. Bacha le bona, ba ka nka karolo ho eteleng ba hōlileng le ho ba etsetsa lintho tse itseng. Khaitseli e mong ea ileng a thusoa ke mocha o ile a rapela: “Kea u leboha Jehova ka Moena John e monyenyane. Ke motho ea molemo hakaakang.”

18. (a) Ke hobane’ng ha ho qoqa le ea hōlileng ho ka ’na ha e-ba thata ka linako tse ling? (b) Motho a ka etsa joang hore ho etela kapa ho qoqa le motho ea hōlileng e be ho ba hahang ka bobeli?

18 Libokeng, na u lumelisa ba hōlileng ka potlako feela? Ho ke ke ha latoloa hore ho ka ’na ha e-ba thata ho qoqa le motho ea utloang ka thata kapa ea sa khoneng ho itlhalosa habonolo. ’Me kaha ho kula ho nkile karolo ea hona, hase batho bohle ba hōlileng ba nang le botho bo hlasimolohileng. Leha ho le joalo, ‘ea pelo e telele o molemo.’ (Moeklesia 7:8) Ka boiteko bo seng bokae, ‘ho tšelisana’ hasebele ho ka tsoela pele. (Ba-Roma 1:12) Leka ho mo phetela phihlelo ea tšimo. Kopanela le eena ntlha eo u e balileng ho Molula-Qhooa kapa Tsoha! Kapa ho molemo haholoanyane, mamela. (Bapisa Jobo 32:7.) Ba hōlileng ba ka u bolella ho hongata haeba u ba fa sebaka. Moholo e mong o ile a lumela: “Ho etela moena eane ea hōlileng ho ile ha ntsoela molemo haholo.”

19. (a) Kameho ea rōna ka ba hōlileng e atolohela ho bo-mang? (b) Tse ling tsa litsela tseo re ka ipakang ka tsona hore re na le thuso ho malapa a hlokomelang batsoali ba hōlileng ke life?

19 Na kameho ea hao ka ba hōlileng e ke ke ea boetse ea atolohela malapeng a ba ba hlokometseng? Banyalani ba bang ba hlokometseng batsoali ba tsofetseng ba ile ba tlaleha hore: “Ho e-na le ho re khothatsa, ba bang ka phuthehong ba fetohile ba nyatsang. Khaitseli e mong o itse: ‘Haeba le ntse le fosa liboka, le tla kula moeeng!’ Empa o ne a sa utloisise ho etsa eng kapa eng ho re thusa hore re ee libokeng haholoanyane.” Ho nyahamisang ka mokhoa o tšoanang ke litšepiso tse sa reng letho tse kang, Haeba le ka hloka thuso, le ntsebise. Tseo hangata li itšoanelang feela le ho re, ‘le futhumale, le khore.’ (Jakobo 2:16) Ho ne ho ka ba molemo haholoanyane hakaakang haeba u ka etsa see seo u amehileng ka sona! Ho tlaleha banyalani ba bang: “Metsoalle e re thusitse ka ho babatsehang le ho re tšehetsa! Ba bang ba hlokomela ’Mè ka matsatsi a seng makae ka nako e le hore re ka phomola hanyenyane. Ba bang ba ea le eena lithutong tsa Bibele. ’Me ka sebele hoa re khothatsa ha ba bang ba botsa hore na o ntse a tsoha joang.”

20, 21. Ba hōlileng ba ka etsa’ng ho thusa ba ba hlokomelang?

20 Ba hōlileng ba rōna ba ntse ba hlokomeloa hantle libakeng tsohle. Leha ho le joalo, Lipaki tse hōlileng ka botsona li ka etsa joang e le hore mosebetsi o joalo o ka etsoa ka thabo e seng ka hlomoho? (Bapisa Ba-Heberu 13:17.) Sebelisanang le litokisetso tseo baholo ba li etsang bakeng sa ho le hlokomela. Lebohang le ho bontša kananelo bakeng sa mosa leha e le ofe o bontšoang ’me le qobe ho ba ba tšoenyang le ba nyatsa-nyatsang. ’Me le hoja mahlaba le mahloko tsa botsofali e le tsa sebele, lekang ho bontša boikutlo ba cheseho le bo molemo.—Liproverbia 15:13.

21 Ba bangata ba hōlileng ba ’nile ba utluoa ba re, ‘Baena ba thusa haholo. Ha ke tsebe hore ke ne nka etsa joang ha ba le sieo.’ Leha ho le joalo, boikarabelo bo ka sehloohong ba ho hlokomela ba hōlileng bo ho bana ba bona. Hoo ho akarelletsa eng, ’me phephetso ee e ka khahlanyetsoa hamolemo joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Levitike 27:1-7 e bua ka topollo ea batho ba neng ba ‘beoa’ (ka kano) tšebeletsong ea tempele. Theko ea topollo e ne e ea ka lilemo. Ha a le lilemo li 60 theko ena e ne e theoha haholo, ka ho hlakileng hobane motho ea mokaalo ho ne ho nkoa hore ha a sa khona ho sebetsa ka thata joaloka e monyenyane. The Encyclopædia Judaica e boetse e re: “Ho latela Buka ea Meetlo ea Bajode, botsofali . . . bo qala lilemong tse 60.”

Na u sa Hopola?

◻ Ho ile ha etsoa litokisetso life bakeng sa bahlolohali ba hōlileng lekholong la pele la lilemo?

◻ Balebeli ba ka hlophisa joang tlhokomelo ea ba hōlileng ka phuthehong?

◻ Batho ka bomong ka phuthehong ba ka bontša ho thahasella baena le bo-khaitseli ba hōlileng joang?

◻ Ba hōlileng ba ka etsa’ng ho thusa ba ba hlokomelang?

[Lebokose le leqepheng la 11]

Ho Thusa ba Hōlileng—Se Etsoang ke ba Bang

Phutheho e ’ngoe ea Brazil e ile ea fumana tsela e molemo ea ho hlokomela litlhoko tse bonahalang tsa moena ea lulang pel’a Holo ea ’Muso: Sehlopha sa thuto ea buka se abetsoeng ho hloekisa holo se boetse se hloekisa ntlo ea hae.

Phutheho e ’ngoe mono e ile ea fumana tsela e molemo ea ho boloka moena oa sekulane a le mafolo-folo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ha ho fihla nako ea hae ea hore a fane ka puo, moena e mong o abeloa hore a tsamaee le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ho etela moena eo. Seboka se sekhutšoaane se qaloa ka thapelo, ’me moena o fana ka kabelo ea hae. Ho fanoa ka keletso e hlokahalang. Ketelo ee e ipaka e le khothatso e kaakang!

Balebeli ba tsamaeang ba beile mohlala o motle ka ho etella pele. Phuthehong e ’ngoe moena ea hōlileng ea neng a tsamaea ka setulo sa mabili o ile a fetoha ea khopehang habonolo ’me ka lebaka leo o ne a eteloa seoelo. Leha ho le joalo, molebeli ea tsamaeang a lokisetsa ho ea bontša moena enoa litšoantšo tsa puo ea hae moo a leng mong. Moena enoa ea hōlileng o ile a bokolla ka lebaka la seo a se bonang. Molebeli o re: “Ke ile ka utloa ke putsitsoe haholo ho bona kamoo tlhokomelo e nyenyane le lerato li ka tlisang liphello tse joalo.”

Baholo ba bang ba Nigeria, joaloka balisa, ba ile ba etela moena e mong ea hōlileng, ’me ba fumana hore o kula haholo. O ile a isoa sepetlele hang-hang. Ha fumaneha hore moena enoa ea hōlileng o hloka tlhokomelo e matla ea meriana empa a sa khone ho e lefella. Ha phutheho e tsebisoa ka tlhokahalo ena, bahoeletsi ba tla le chelete ea ho tla lefa litšenyehelo tsa hae. Baholo ba babeli ba fapanyetsana linako tsa ho mo tsamaisa pakeng tsa lapeng le sepetlele, le hoja hona ho ne ho hloka hore ba kōpe nako mosebetsing. Leha ho le joalo, ba ile ba thabela ho bona ha moena a hlaphoheloa ho kuleng ha hae ’me a nkela bopula-maliboho bo thusang ho fihlela ha a e-shoa lilemo tse ’nè hamorao.

Philippines khaitseli e mong ea hōlileng o ne a se na beng ka eena. Phutheho ea etsa litokisetso tsa ho mo hlokomela ka lilemo tse tharo tseo a kutseng ka tsona. Ba mo lokisetsa sebaka se senyenyane seo a tla lula ho sona, ba mo tlisetsa lijo tsatsi le leng le le leng, le ho hlokomela hore o hloekile.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bohle ba ka kopanela ho hlompheng maqheku la maqhekoana a ka phuthehong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela