-
Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a EgepetaMolula-Qhooa—2002 | June 15
-
-
Ka mor’a hore a khutlisetsoe ho morali’a Faro, Moshe o ile “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:22) Sena se bolela hore Moshe o ile a koetlisoa hore a tšoanelehele mosebetsi o itseng o phahameng oa ’muso. Thuto e pharaletseng ea Egepeta e ne e akarelletsa lipalo, geometry, thuto ea tsebo ea moralo oa kaho, ho haha le mesebetsi e meng ea bonono le saense. Mohlomong lelapa la borena le ne le batla hore a rutoe bolumeli ba Egepeta.
Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ile a ba le tokelo ea ho rutoa thuto ena e khethehileng hammoho le bana ba bang ba boreneng. Har’a ba bang ba neng ba rutoa thuto ena ea boemo bo phahameng sechabeng e ne e le “bana ba babusi ba linaha tse ling ba neng ba romeloa kapa ba isoa Egepeta e le batšoaruoa e le hore ba ka ‘hlalefisoa’ ’me ka mor’a moo ba khutlisetsoe morao e le linqaloka” tse tšepahalang tsa Faro. (The Reign of Thutmose IV, ea Betsy M. Bryan) Ho bonahala eka Likolo tsa Tlhokomelo le Koetliso li ne li ruta bacha ho sebeletsa e le bahlanka ba lekhotla.a Mongolo o ngotsoeng nakong ea ’Muso o Bohareng oa Egepeta le nakong ea ’Muso o Mocha o bontša hore ba bang ba bahlokomeli ba Faro le liofisiri tsa hae tse phahameng tsa ’muso ba ne ba ntse ba hlomphuoa ka hore ke “Ngoana oa Sekolo sa Tlhokomelo le Koetliso” leha e se e le batho ba baholo.
-
-
Ho Hong ho Hoholoanyane ho Feta Matlotlo a EgepetaMolula-Qhooa—2002 | June 15
-
-
a Mohlomong thuto ena e ne e tšoana le eo Daniele le metsoalle ea hae ba ileng ba e rutoa e le hore ba ka sebeletsa e le balaoli ba lekhotla ba ka sehloohong Babylona. (Daniele 1:3-7) Bapisa le buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolo ea 3, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
-