Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/15 maq. 21-25
  • Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kemiso ea Pauluse ea ho Ithuta
  • Saule o Ile a Ithuta ho Rata Batho
  • Pauluse o ne a Inka joang?
  • ‘Matha ka Mamello’ Peisong ea Bophelo
  • Buka ea Bibele ea 44—Liketso
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Mohlorisi o Bona Khanya e Khōlō
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/15 maq. 21-25

Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse

“Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 TIM. 4:7.

1, 2. Ke liphetoho life tseo Saule oa Tarsase a ileng a li etsa bophelong ba hae, ’me ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo a ileng a o etsa?

E NE e le monna ea bohlale le ea tsebang ho etsa liqeto. Leha ho le joalo, o ile ‘a itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea hae.’ (Baef. 2:3) Hamorao o ile a itlhalosa hore e ne e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Monna eo e ne e le Saule oa Tarsase.

2 Hamorao, Saule o ile a etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. O ile a tlohela mekhoa ea hae ea nako e fetileng ’me a sebetsa ka thata hore ‘a se ke a batla se molemo ho eena empa a batle se molemo ho ba bangata.’ (1 Bakor. 10:33) O ile a ba bonolo ’me a bontša lerato ho bao pele a neng a ba hloile. (Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.) O ile a ngola a re: “Ke bile mosebeletsi,” eaba o phaella ka ho re: “’Na motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle, ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang, e le hore ke bolelle lichaba litaba tse molemo tse mabapi le maruo a ke keng a lekanngoa a Kreste.”—Baef. 3:7, 8.

3. Ho ithuta mangolo a Pauluse le tlaleho ea tšebeletso ea hae ho ka re thusa joang?

3 Saule, eo hape a neng a tsejoa e le Pauluse, o ile a hatela pele haholo moeeng. (Lik. 13:9) Tsela e ’ngoe eo ho seng pelaelo hore e ka potlakisa ho hatela pele ha rōna moeeng ke ea ho ithuta mangolo a Pauluse le tlaleho ea tšebeletso ea hae ebe re etsisa mohlala oa hae oa tumelo. (Bala 1 Bakorinthe 11:1; Baheberu 13:7.) A re boneng kamoo ho etsa seo ho tla re susumetsa kateng hore re be le kemiso e ntle ea thuto ea botho, re be le lerato la sebele ho batho le hore re inke ka tsela e nepahetseng.

Kemiso ea Pauluse ea ho Ithuta

4, 5. Thuto ea botho e ile ea tsoela Pauluse molemo joang?

4 Joaloka Mofarisi ea neng a rupetsoe “maotong a Gamaliele, ea rupetsoeng ho ea ka ho tiea ha Molao oa baholo-holo,” Pauluse o ne a se a ntse a e-na le tsebo e itseng ea Mangolo. (Lik. 22:1-3; Bafil. 3:4-6) Hang feela ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a “kena Arabia”—eo e ka ’nang eaba e ne e le Lehoatata la Syria kapa mohlomong sebaka se itseng se khutsitseng Hloahloeng ea Arabia moo motho a neng a ka thuisa teng. (Bagal. 1:17) Mohlomong Pauluse o ne a batla ho thuisa ka mangolo a neng a paka hore Jesu ke Mesia. Ho feta moo, Pauluse o ne a batla ho itokisetsa mosebetsi o neng o mo emetse. (Bala Liketso 9:15, 16, 20, 22.) Pauluse o ile a ipha nako ea ho thuisa ka lintho tsa moea.

5 Tsebo ea Mangolo le temohisiso tseo Pauluse a ileng a li fumana thutong ea hae ea botho, li ile tsa mo thusa hore a rute ’nete ka katleho. Ka mohlala, synagogeng ea Antioke e Pisidia, Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka ho toba bonyane ka makhetlo a mahlano ho paka hore Jesu e ne e le Mesia. Pauluse o ile a boela a bua ka mangolo a halalelang ka makhetlo a mangata. Mabaka a Mangolo ao a neng a fana ka ’ona a ne a susumetsa hoo “ba bangata ba Bajuda le ba basokolohi ba neng ba rapela Molimo ba [ileng ba] latela Pauluse le Barnabase” e le hore ba ithute ho ea pele. (Lik. 13:14-44) Lilemo hamorao, ha sehlopha sa Bajuda ba Roma se ne se tla ho eena sebakeng sa hae sa bolulo Pauluse o ile a se hlalosetsa litaba “ka ho paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo le ka ho [se] susumetsa malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe hammoho le Baprofeteng.”—Lik. 28:17, 22, 23.

6. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse ho lula a le matla moeeng ha a ne a thulana le liteko?

6 Ha a ne a thulana le liteko, Pauluse o ile a tsoela pele ho hlahloba Mangolo ’me molaetsa oa ’ona o bululetsoeng o ile oa mo matlafatsa. (Baheb. 4:12) Ha a ntse a le chankaneng Roma pele a bolaoa, Pauluse o ile a kōpa Timothea hore a mo tlisetse “meqolo” le “matlalo a ho ngolla.” (2 Tim. 4:13) Mohlomong litokomane tseo e ne e le likarolo tsa Mangolo a Seheberu tseo Pauluse a ileng a li sebelisa ha a ne a ithuta ka botebo. Ho fumana tsebo ea Mangolo ka ho ba le kemiso ea ho ithuta Bibele e ne e le habohlokoa ho Pauluse e le hore a ka lula a tiile.

7. Bolela melemo eo u ka e fumanang ka ho ithuta Bibele kamehla.

7 Ho ithuta Bibele kamehla, le ho thuisa ho etsoang ka morero, ho tla re thusa ho hatela pele moeeng. (Baheb. 5:12-14) Mabapi le bohlokoa ba Lentsoe la Molimo, mopesaleme o ile a bina a re: “Molao oa molomo oa hao o molemo ho ’na, o molemo haholo ho feta likotoana tse likete tsa khauta le silevera. Taelo ea hao e ntlhalefisa ho feta lira tsa ka, kahobane ke ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ke thibile maoto a ka tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe, ka morero oa hore ke boloke lentsoe la hao.” (Pes. 119:72, 98, 101) Na u na le kemiso ea botho ea thuto ea Bibele? Na u lokisetsa likabelo tseo u tla li etsa tšebeletsong ea Molimo ka moso ka ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng le ka ho thuisa ka seo u se balang?

Saule o Ile a Ithuta ho Rata Batho

8. Saule o ile a tšoara batho bao e neng e se ba Bolumeli ba Sejuda joang?

8 Pele e e-ba Mokreste, Saule o ne a chesehela bolumeli ba hae, empa o ne a sa re letho ka batho bao eseng ba Bolumeli ba Sejuda. (Lik. 26:4, 5) O ile a shebella ka kananelo ha Bajuda ba bang ba ne ba tlepetsa Setefane ka majoe. E tlamehe ebe Saule o ile a betefatsoa ke seo a ileng a se bona, mohlomong a nka hore Setefane o ne a loketsoe ke kahlolo eo. (Lik. 6:8-14; 7:54–8:1) Tlaleho e bululetsoeng e re: “Saule a qala ho tšoara phutheho hampe. A futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ’me, ha a hulanyetsa banna hammoho le basali ntle, o ne a nehelana ka bona chankaneng.” (Lik. 8:3) O ile a “ea bohōleng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.”—Lik. 26:11.

9. Ke ketsahalo efe e ileng ea etsa hore Saule a hlahlobe bocha tsela eo a neng a tšoara batho ka eona?

9 Saule o ne a le tseleng e eang Damaseka ho ea hlorisa barutuoa ba Kreste ba moo ha Morena Jesu a bonahala ho eena. Khanya e sa tloaelehang ea Mora oa Molimo e ile ea foufatsa Saule ea ba ea mo etsa hore a tlamehe ho thusoa ke ba bang. Nakong eo Jehova a neng a sebelisa Ananiase ho etsa hore Saule a boele a bone, maikutlo a Saule ka batho a ne a se a fetohetse ruri. (Lik. 9:1-30) Ha e e-ba molateli oa Kreste, o ile a ikitlaelletsa ho sebetsana le batho bohle joaloka Jesu. Sena se ne se bolela ho tlohela ho ba mabifi le hore a be “le khotso le batho bohle.”—Bala Baroma 12:17-21.

10, 11. Pauluse o ile a bontša batho lerato la sebele joang?

10 Pauluse o ne a sa khotsofalle feela hore a phele ka khotso le batho ba bang. O ne a batla ho ba bontša lerato la sebele, ’me tšebeletso ea Bokreste e ile ea mo fa monyetla oa ho etsa joalo. Leetong la hae la boromuoa la pele, o ile a bolela litaba tse molemo Asia Minor. Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi, Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba shebana haholo le ho thusa ba bonolo hore e be Bakreste. Ba ile ba etela Lystra le Ikoniamo hape, le hoja bahanyetsi ba metseng eo ba ne ba ile ba leka ho bolaea Pauluse.—Lik. 13:1-3; 14:1-7, 19-23.

11 Hamorao, Pauluse le sehlopha sa hae ba ile ba batla batho ba neng ba batla ho ba le kamano le Molimo motseng oa Filipi o Macedonia. Mosokolohi oa Mojuda ea bitsoang Lydia o ile a mamela litaba tse molemo ’me ea e-ba Mokreste. Batho ba boholong sechabeng ba ile ba otla Pauluse le Silase ka melamu eaba ba ba lahlehela chankaneng. Leha ho joalo, Pauluse o ile a bolella molebeli oa teronko litaba tse molemo, ’me eena le ba lelapa la hae ba ile ba kolobetsoa hore e be barapeli ba Jehova.—Lik. 16:11-34.

12. Ke eng e ileng ea susumetsa Saule oa monyefoli hore e be moapostola ea lerato oa Jesu Kreste?

12 Ke hobane’ng ha Saule eo e neng e kile ea e-ba mohlorisi a ile a amohela tumelo ea batho bao a neng a ba hlorisa? Ke eng e ileng ea susumetsa monna eo oa monyefoli hore e be moapostola ea mosa le ea lerato, ea neng a ikemiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing e le hore ba bang ba ka ithuta ’nete ka Molimo le Kreste? Pauluse ka boeena oa hlalosa: “Molimo, ea ileng a . . . mpitsa ka mosa oa hae o sa tšoanelang, [o ile] a nahana hore ho molemo ho senola Mora oa hae mabapi le ’na.” (Bagal. 1:15, 16) Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Ke [ile] ka bontšoa mohau . . . e le hore ka ’na ke le mohlala o ka pele-pele Kreste Jesu a ka bontša tiisetso eohle ea hae hore e be mohlala bakeng sa ba tlang ho beha tumelo ea bona ho eena bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (1 Tim. 1:16) Jehova o ile a tšoarela Pauluse, ’me ho bontšoa mosa o joalo o sa tšoanelang le mohau, ho ile ha mo susumelletsa hore a bontše lerato ho ba bang ka ho ba bolella litaba tse molemo.

13. Ke eng e lokelang ho re susumelletsa ho rata batho ba bang, hona re ka etsa seo joang?

13 Ka ho tšoanang, Jehova o tšoarela libe tsa rōna le liphoso tsa rōna. (Pes. 103:8-14) Mopesaleme o ile a botsa: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema? (Pes. 130:3) Haeba Molimo a ne a sa re bontše mohau, ha ho le ea mong oa rōna ea neng a ka thabela tšebeletso e halalelang, kapa a ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bile moholo haholo ho rōna kaofela. Kahoo, joaloka Pauluse, re lokela ho lakatsa ho bontša lerato ho ba bang ka ho ba bolella litaba tse molemo le ka ho ba ruta ’nete le ka ho matlafatsa balumeli-’moho le rōna.—Bala Liketso 14:21-23.

14. Re ka eketsa tšebeletso ea rōna joang?

14 Pauluse o ne a batla ho ba ’moleli oa litaba tse molemo ea hatelang pele, ’me mohlala oa Jesu o ile oa mo ama pelo. Litsela tse ling tseo ka tsona Mora oa Molimo a ileng a bontša batho lerato le fetisisang e bile ka tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. Jesu o ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:35-38) Pauluse o ile a sebetsa tumellanong le kōpo leha e le efe eo e ka ’nang eaba o ile a e etsa ea hore ho eketsoe basebetsi, ka hore a etse mosebetsi ka cheseho. Uena u etsa joang? Na u ka ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea hao? Kapa na u ka eketsa nako eo u e qetang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, mohlomong u be u hlophise lintho e le hore u ka ba pula-maliboho? A re bontšeng ba bang lerato la sebele ka ho ba thusa hore ba ‘tšoare ka thata lentsoe la bophelo.’—Bafil. 2:16.

Pauluse o ne a Inka joang?

15. Pauluse o ne a inka joang ha a bapisoa le Bakreste-’moho le eena?

15 E le ’moleli oa Mokreste, ho na le tsela e ’ngoe eo Pauluse a ileng a re behela mohlala o ikhethang ka eona. Le hoja a ile a fuoa likabelo tse ngata ka phuthehong ea Bokreste, Pauluse o ne a tseba hantle hore ho ne ho se na letho leo a le entseng le neng le entse hore a fumane litlhohonolofatso tseo ’me o ne a sa nke hore o ne a e-na le tokelo ea ho li fumana ka lebaka la bokhoni ba hae. O ile a hlokomela hore litlhohonolofatso tseo a neng a e-na le tsona e ne e le sesupo sa mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Pauluse o ile a hlokomela hore Bakreste ba bang le bona e ne e le baboleli ba atlehang ba litaba tse molemo. Ho sa tsotellehe boemo ba hae har’a batho ba Molimo, o ile a lula a ikokobelitse.—Bala 1 Bakorinthe 15:9-11.

16. Pauluse o ile a bontša boikokobetso le boinyenyefatso joang mabapi le taba ea lebollo?

16 Hlokomela kamoo Pauluse a ileng a sebetsa bothata bo ileng ba hlaha motseng oa Antioke oa Syria. Phutheho ea moo ea Bokreste e ne e sa lumellane tabeng ea lebollo. (Lik. 14:26–15:2) Kaha Pauluse o ne a khethetsoe hore a etelle pele mosebetsing oa ho bolela har’a Balichaba ba sa bollang, o ne a ka ’na a nahana hore ke setsebi tabeng ea ho sebetsana le bao eseng Bajuda ’me ka lebaka leo o ne a tšoaneleha ka botlalo hore a ka rarolla bothata boo. (Bala Bagalata 2:8, 9.) Leha ho le joalo, ha ho ne ho bonahala hore matsapa ao a a entseng ha a rarolle bothata, ka boikokobetso le boinyenyefatso o ile a latela litokisetso tsa ho ea tšohla taba ena le sehlopha se busang se neng se le Jerusalema. O ile a sebelisana le litho tsa sona ha li ntse li mametse taba ’me li fihlela qeto li bile li mo roma hore e be e mong oa manģosa a sona. (Lik. 15:22-31) Kahoo Pauluse o ile a ‘etella pele ho bontšeng tlhompho’ ho bahlanka-’moho le eena.—Bar. 12:10b.

17, 18. (a) Pauluse o ne a ikutloa joang ka ba neng ba le ka liphuthehong? (b) Tsela eo baholo ba Efese ba ileng ba itšoara ka eona ha Pauluse a ne a tsamaea e re ruta eng ka eena?

17 Pauluse ea neng a ikokobelitse ha aa ka a ikarola ho bara le baralib’abo ka liphuthehong. Ho e-na le hoo, o ne a momahane le bona. Qetellong ea lengolo la hae le eang ho Baroma, o ile a lumelisa batho ba 20 a ba bolela ka mabitso. Boholo ba bona ha ho moo ho buuoang ka bona hape ka Mangolong, ’me ke ba seng bakae ba neng ba e-na le likabelo tse khethehileng. Empa e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ’me Pauluse o ne a ba rata haholo.—Bar. 16:1-16.

18 Boikokobetso ba Pauluse le botsoalle ba hae li ne li matlafatsa liphutheho. Ka mor’a hore a kopane le baholo ba tsoang Efese ka lekhetlo la ho qetela, “[ba ile] ba itihela molaleng oa Pauluse ’me ba mo aka ka lerato, hobane ba ne ba utloisitsoe bohloko haholo-holo ke lentsoe leo a neng a le buile la hore ba ne ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae.” Ba ka be ba sa ka ba itšoara ka tsela eo haeba ho ne ho tsamaea monna ea ikakasang le ea iphahamisang.—Lik. 20:37, 38.

19. Re ka bontša joang hore re ‘ikokobelitse kelellong’ ha re sebelisana le Bakreste-’moho le rōna?

19 Bohle ba lakatsang ho hatela pele moeeng ba lokela ho bontša moea oa boikokobetso o tšoanang le oa Pauluse. O ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena hore ba se etse ‘letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong ba nke hore ba bang ba ba phahametse.’ (Bafil. 2:3) Re ka sebelisa keletso eo joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho sebelisana le baholo phuthehong ea habo rōna, re latela tataiso ea bona le ho tšehetsa liqeto tsa boahloli tseo ba li etsang. (Bala Baheberu 13:17.) Tsela e ’ngoe ke ka ho hlompha haholo bara le baralib’abo rōna ka phuthehong. Hangata ka liphuthehong tsa batho ba Jehova ho na le batho ba tsoang lichabeng, litsong, merabeng le mehlobong e fapa-fapaneng. Leha ho le joalo, na ha rea lokela ho ithuta ho tšoara batho bohle ka ho hloka leeme le ka lerato, joalokaha Pauluse a ile a etsa? (Lik. 17:26; Bar. 12:10a) Re khothalletsoa hore re ‘amohelane, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela, ka tebello ea khanya ho Molimo.’—Bar. 15:7.

‘Matha ka Mamello’ Peisong ea Bophelo

20, 21. Ke eng e tla re thusa hore re atlehe ha re matha peisong ea bophelo?

20 Bophelo ba Mokreste bo ka tšoantšoa le lebelo la mokoka. Pauluse o ile a ngola: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo. Ho tloha nakong ena ho ea pele ke boloketsoe moqhaka oa ho loka, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tla ’neha oona e le moputso ka letsatsi leo, empa leha ho le joalo eseng ’na feela, empa le bohle ba ratileng ponahalo ea hae.”—2 Tim. 4:7, 8.

21 Ho latela mohlala oa Pauluse ho tla re thusa hore re atlehe ha re matha peisong ea bophelo bo sa feleng. (Baheb. 12:1) Ka lebaka leo, a re tsoeleng pele ho hatela pele moeeng ka ho ba le kemiso e ntle ea thuto ea botho, ka ho ba le lerato le tebileng bakeng sa batho le ka ho lula re ikokobelitse.

U ka Araba Joang?

• Pauluse o ile a rua molemo joang ka ho ithuta Mangolo kamehla?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba ’nete ba be le lerato le tebileng bakeng sa batho?

• Ke litšobotsi life tse tla u thusa hore u se ke ua tšoara batho ba bang ka leeme?

• Mohlala oa Pauluse o ka u thusa joang hore u sebelisane le baholo phuthehong ea heno?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Joaloka Pauluse, lumella Mangolo hore a u matlafatse

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Bontša lerato ka ho bolella ba bang litaba tse molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Na ua tseba hore na ke eng e ileng ea etsa hore Pauluse a ratoe ke barab’abo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela