Khaolo 6
Mehlolo—Na Kannete e Etsahetse?
Ka letsatsi le leng ka 31 C.E., Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba ea Naine, motse o ka leboea ho Palestina. Ha ba atamela khoro ea motse, ba kopana le mokoloko o eang mabitleng. Mofu e ne e le mohlankana. ’M’ae e ne e le mohlolohali, ’me e ne e le mora a ’notši oa hae, kahoo joale o ne a setse a le mong feela. Ho latela tlaleho, Jesu o ile “a mo utloela bohloko, a ba a re ho eena: Se lle. ’Me a atamela, a ama mojaro oa mofu. Eaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha! Eaba mofu oa lula, a qala ho bua.”—Luka 7:11-15.
1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Jesu o ile a etsa mohlolo ofe haufi le motse oa Naine? (b) Mehlolo ke ea bohlokoa hakae ka Bibeleng, empa na batho bohle ba lumela hore kannete e etsahetse?
KE PALE e thabisang, empa na ke ’nete? Ba bangata ba fumana ho le thata ho lumela hore kannete lintho tse joalo li kile tsa etsahala. Leha ho le joalo, mehlolo ke karolo ea bohlokoahali ea tlaleho ea Bibele. Ho lumela Bibele ho bolela ho lumela hore mehlolo e etsahetse. Ha e le hantle, tsela eohle eo ’nete ea Bibele e bōpiloeng ka eona e itšetlehile ka mohlolo o le mong oa bohlokoa haholo: tsoho ea Jesu Kreste.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba sa Lumeleng
2, 3. Rafilosofi oa le-Scottish David Hume o ile a beha mabaka ka tsela efe ka boiteko ba ho paka hore mehlolo ha e etsahale?
2 Na u lumela mehlolo? Kapa na u nahana hore mehleng ena ea mahlale, hase ho utloahalang ho lumela mehlolo—ke hore, liketsahalo tse sa tloaelehang tse pakang ho kenella ha matla a phahametseng a motho? Haeba ha u lumele, hase uena oa pele. Lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng, rafilosofi oa le-Scottish David Hume o ne a e-na le bothata bo tšoanang. E ka ’na eaba mabaka ao u sa lumeleng ka ’ona a tšoana le a hae.
3 Likhanyetso tsa Hume khopolong ea mehlolo li ne li akarelletsa lintlha tse tharo tse hlahelletseng.1 Pele, oa ngola: “Mohlolo o hanana le melao ea tlhaho.” Ka nako e telele haholo motho o ’nile a itšetleha ka melao ea tlhaho. O ’nile a tseba hore ntho e tla oa haeba e lihuoa, hore letsatsi le tla chaba hoseng ho hong le ho hong ’me le likele bosiu bo bong le bo bong, joalo-joalo. Ka tlhaho, oa tseba hore ka mehla liketsahalo li tla latela litsela tse joalo tse tloaelehileng. Le ka mohla ha ho letho le tla etsahala le sa lumellaneng le melao ea tlhaho. Hume o ne a nahana hore, ‘bopaki’ bona “ke bo felletseng joaloka khang leha e le efe e ka etsoang ho tsoa phihlelong” khahlanong le hore mehlolo e ka etsahala.
4, 5. David Hume o ile a fana ka mabaka afe a mang a mabeli ho paka hore mehlolo e ke ke ea etsahala?
4 Khang ea bobeli eo a ileng a e hlahisa ke hore batho ba thetseha habobebe. Ba bang ba batla ho lumela meeka le mehlolo, haholo-holo haeba e amana le bolumeli, ’me ho ’nile ha hlahella hore lintho tse ngata tseo ho thoeng ke mehlolo ke malepa. Khang ea boraro e ne e le hore hangata mehlolo e tlalehoa e etsahetse mehleng ea ho hloka tsebo. Ha batho ba ntse ba ruteha ho ea pele, ho tlalehoa mehlolo e fokolang haholoanyane. Kamoo Hume a ho hlalositseng kateng, “Ho hang liketsahalo tse makatsang joalo ha li etsahale mehleng ea rōna.” Ka hona, o ne a nahana hore hoo ho paka hore ha ho mohla li kileng tsa etsahala.
5 Ho fihlela kajeno, likhang tse ngata tse etsoang khahlanong le mehlolo li latela melao-motheo ena e akaretsang, kahoo a re ke re hlahlobeng likhanyetso tsa Hume ka bonngoe.
Na e Khahlanong le Melao ea Tlhaho?
6. Ke hobane’ng ha ho sa utloahale ho hanyetsa khopolo ea mehlolo ka lebaka la hore e ‘hanana le melao ea tlhaho’?
6 Ho thoe’ng ka khanyetso ea hore mehlolo e ‘hanana le melao ea tlhaho’ ’me ka hona e ke ke ea ba ’nete? Ha se talingoa ka holimo feela, sena se ka ’na sa bonahala e le se kholisang; empa hlahlobisisa se hlileng se boleloang. Ka tloaelo, mohlolo o ka hlalosoa e le ntho e etsahalang ka thōko ho melao e tloaelehileng ea tlhaho.a Ke ketsahalo e sa lebelloang hoo bashebelli ba kholisehang hore e bile lipaki tsa ho kenella ha matla a phahametseng a motho. Kahoo, seo khanyetso e hlileng e se bolelang ke hore: ‘Mehlolo e ke ke ea etsahala hobane ke mehlolo!’ Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe bopaki pele u potlakela qetong e joalo?
7, 8. (a) Mabapi le melao ea tlhaho joalokaha re e tseba, ke ka litsela life bo-ramahlale ba seng ba nahana ka mokhoa o batsi haholoanyane ponong ea bona ea se ka etsahalang le se ke keng sa etsahala? (b) Haeba re lumela ho Molimo, ke hobane’ng ha re lokela hore hape re lumele matla a oona a ho etsa lintho tse sa tloaelehang?
7 ’Nete ke hore, kajeno batho ba rutehileng ha ba tsitlallele joaloka David Hume ho bolela hore melao e tloaelehileng ea tlhaho e sebetsa hohle le hona ka linako tsohle. Bo-ramahlale ba utloisisa ho nahanisisa ka hore, ho fapana le mahlakore a mararo a tloaelehileng a bolelele, bophara, le bophahamo, ho ka ’na ha e-ba le mahlakore a mangata a eketsehileng bokahohleng.2 Ba ruta ka boteng ba linaleli tse senyehileng, linaleli tse khōlō tse motelang ka botsona ho fihlela likarolo tseo li entsoeng ka tsona li batla li teteane ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa. Ho boleloa hore mathōkong a tsona boleng ba sebaka se se nang letho bo senyehile haholo hoo nako ka boeona e emeng ’nģa e le ’ngoe.3 Bo-ramahlale ba bile ba pheha khang ea hore na e be, tlas’a maemo a itseng, nako e ka khutlela morao ho e-na le ho ea pele!4
8 Stephen W. Hawking, Moprofesa oa Lucasian oa Lipalo Univesithing ea Cambridge, ha a hlalosa kamoo bokahohle bo qalehileng kateng, o itse: “Thutong e amoheloang ea kamano ea lintho e akaretsang . . . ho qaleha ha bokahohle e lokela ho ba ntho e le ’ngoe e teteaneng haholo ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa le kamano ea sebaka le nako. Tlas’a maemo a joalo, melao eohle e tsejoang ea mahlale a tšebeliso ea matla e ne e tla senyeha.”5 Kahoo, bo-ramahlale ba kajeno ha ba lumele hore kahobane ntho e itseng e hanana le melao e tloaelehileng ea tlhaho e ke ke ea etsahala. Maemong a sa tloaelehang, lintho tse sa tloaelehang li ka ’na tsa etsahala. Ka sebele, haeba re lumela ho Molimo o Matla ’Ohle, re lokela ho lumela hore o na le matla a ho etsa hore liketsahalo tse sa tloaelehang—tsa mohlolo—li etsahale haeba hoo ho tšoanela morero oa oona.—Exoda 15:6-10; Esaia 40:13, 15.
Ho Thoe’ng ka Malepa?
9. Na ke ’nete hore mehlolo e meng ke malepa? Hlalosa karabelo ea hao.
9 Ha ho motho ea nang le kutloisiso ea ka latolang hore ho na le mehlolo eo e leng malepa. Ka mohlala, ba bang ba bolela hore ba na le matla a ho folisa ba kulang ka pholiso ea mohlolo ea tumelo. Ngaka e ’ngoe ea sekhooa, William A. Nolan, e ile ea ipha mosebetsi o khethehileng oa ho hlahloba lipholiso tse joalo. E ile ea hlahloba liphekolo tse ’maloa tseo ho boleloang hore li bile teng har’a baevangeli ba folisang ka tumelo United States hammoho le bao ho thoeng ke lingaka tsa moea Asia. Phello? Sohle seo e ileng ea se fumana e ne e le mehlala ea ho nyahama le bolotsana.6
10. Na u nahana hore ’nete ea hore mehlolo e meng e bontšitsoe e le malepa e paka hore mehlolo eohle e entsoe ka bolotsana?
10 Na bolotsana bo joalo bo bolela hore ha ho mohla mehlolo ea ’nete e kileng ea etsahala? Ha ho hlile ha ho joalo. Ka linako tse ling re utloa ka chelete ea pampiri e entsoeng ka bolotsana e ntseng e sebelisoa, empa seo ha se bolele hore chelete eohle e entsoe ka bolotsana. Batho ba bang ba kulang ba lumela haholo ho bo-ngakana-ntšonyana, lingaka tsa balotsana, ’me ba ba fa chelete e ngata. Empa seo ha se bolele hore lingaka kaofela ke balotsana. Baetsi ba bang ba litšoantšo ba fetohile litsebi tsa ho kopitsa ka bolotsana litšoantšo tse ferefiloeng tsa ‘litsebi tsa khale.’ Empa seo ha se bolele hore litšoantšo tsohle tse ferefiloeng ke malepa. Esita le ’nete ea hore ka ho hlakileng lintho tse ling tse boleloang e le mehlolo ke malepa ha e bolele hore mehlolo ea ’nete e ke ke ea etsahala.
‘Mehlolo ha e Etsahale Hona Joale’
11. Khanyetso ea boraro ea David Hume khopolong ea mehlolo e ne e le efe?
11 Khanyetso ea boraro e ile ea akaretsoa polelong ena: “Ho hang liketsahalo tse makatsang joalo ha li etsahale mehleng ea rōna.” Ha ho mohla Hume a neng a kile a bona mohlolo, kahoo o ne a hana ho lumela hore mehlolo e ka etsahala. Leha ho le joalo, ho nahana ka tsela ena ha ho utloahale. Motho leha e le ofe ea nahanang o lokela ho lumela hore, pele ho mehla ea rafilosofi eo oa le-Scottish, ho ile ha etsahala “liketsahalo tse makatsang” tse sa kang tsa phetoa bophelong ba hae. Ke liketsahalo life?
12. Ho etsahetse liketsahalo life tse tsotehang nakong e fetileng tse ke keng tsa hlalosoa ka melao ea tlhaho e sebetsang kajeno?
12 Ntho e ’ngoe ke hore, bophelo bo qalehile lefatšeng. Joale, mefuta e itseng ea bophelo e ile ea fuoa matla a ho elelloa se etsahalang. Qetellong, motho o ile a hlaha, a filoe bohlale, monahano, matla a ho rata, le matla a letsoalo. Ha ho ramahlale ea ka hlalosang ka melao ea tlhaho e sebetsang kajeno hore na lintho tse sa tloaelehang joalo li etsahetse joang. Leha ho le joalo, re na le bopaki bo phelang ba hore li etsahetse.
13, 14. Ke lintho life tse tloaelehileng kajeno tse neng li ka bonahala e le mehlolo ho David Hume?
13 ’Me ho thoe’ng ka “liketsahalo tse makatsang” tse etsahetseng ho tloha mehleng ea David Hume? Ha re re mohlomong re ne re ka khona ho khutlisetsa nako morao ’me re ’molelle ka lefatše la kajeno. Nahana haeba u ne u leka ho hlalosa hore rakhoebo ea leng Hamburg a ka buisana le motho ea limaele tse likete-kete hōle le eena Tokyo ho sa hlokahale le hore a phahamise lentsoe la hae; le hore papali ea bolo e Spain e ka bonoa lefatšeng ka bophara hona ha e ntse e bapaloa; le hore lifofa-sebakeng tse khōlō haholo ho feta likepe tse neng li sesa leoatleng mehleng ea Hume li ka phahama ho tloha lefatšeng ’me tsa nka batho ba 500 li fofa moeeng lik’hilomithara tse likete-kete ka nako ea lihora feela. Na u ka inahanela hore o ne a tla arabela joang? ‘Ho ke ke ha etsahala! Ho hang liketsahalo tse makatsang joalo ha li etsahale mehleng ea rōna!’
14 Empa ‘limakatso’ tse joalo lia etsahala mehleng ea rōna. Hobane’ng? Hobane motho, a sebelisa melao-motheo ea mahlale eo Hume a neng a sa e tsebe, o ithutile ho etsa lithelefono, lithelevishene, le lifofane. Ka hona, na ho thata hakaalo ho lumela hore ka linako tse ling mehleng e fetileng, ka litsela tseo re ntseng re sa li utloisise, Molimo o ne o ka finyella lintho tseo ho rōna e leng mehlolo?
Re ka Tseba Joang?
15, 16. Haeba kannete mehlolo e etsahetse, tsela feela eo re ka e tsebang ka eona ke efe? Hlalosa karabelo ea hao.
15 Ho hlakile hore ho bolela hore mehlolo e ne e ka etsahala ha ho bolele hore e etsahetse. Lekholong lena la bo20 la lilemo, re ka tseba joang hore na morao koana mehleng ea Bibele Molimo o ile oa etsa mehlolo ea ’nete ka bahlanka ba oona lefatšeng kapa che? U ne u ka lebella bopaki ba mofuta ofe bakeng sa lintho tse joalo? Nahana ka motho oa moloko oa khale ea nkiloeng lehaeng la hae merung ho etela motse o moholo. Ha a khutla, a ka hlalosetsa batho ba habo limakatso tsa tsoelo-pele joang? A ke ke a hlalosa hore na koloi e sebetsa joang kapa hore na ke hobane’ng ha ’mino o e-tsoa seea-le-moeeng se senyenyane. A ke ke a etsa computer ho paka hore ntho e joalo e teng. Sohle seo a ka se etsang ke ho bolela seo a se boneng.
16 Re boemong bo tšoanang le ba batho ba habo monna eo oa moloko oa khale. Haeba kannete Molimo o entse mehlolo, tsela feela eo re ka tsebang ka eona ke ho utloa ho lipaki tse boneng ka mahlo. Lipaki tse boneng ka mahlo li ke ke tsa hlalosa kamoo mehlolo e neng e etsahala kateng, kapa hona ho e pheta. Li ka re bolella feela seo li se boneng. Ka ho totobetseng, lipaki tse boneng ka mahlo li ka qhekelloa. Hape li ka fetelletsa litaba habobebe ’me tsa fana ka boitsebiso bo fosahetseng. Ka hona, hore re tle re lumele bopaki ba tsona, ho hlokahala hore re tsebe hore lipaki tsena tse boneng ka mahlo ke tsa ’nete, tsa boleng bo phahameng, ’me li pakile hore li na le lipheo tse ntle.
Mohlolo o Nang le Bopaki bo Bongata ka ho Fetisisa
17. (a) Mohlolo o nang le bopaki bo bongata ka ho fetisisa ka Bibeleng ke ofe? (b) Ke maemo afe a ileng a lebisa lefung la Jesu?
17 Mohlolo o nang le bopaki bo bongata ka ho fetisisa ka Bibeleng ke tsoho ea Jesu Kreste, kahoo ha re sebeliseng ’ona e le teko. Pele, nahana ka linnete tse tlalehiloeng: Jesu o ile a tšoaroa mantsiboeeng a la 14 Nisane—e leng bosiu ba Labone ka mokhoa oa rōna oa ho bala matsatsi a beke kajeno.b O ile a hlaha ka pel’a baeta-pele ba Bajode ba ileng ba mo qosa ka ho nyefola ’me ba etsa qeto ea hore o tšoanela ho shoa. Baeta-pele ba Bajode ba ile ba isa Jesu ka pel’a ’musisi oa Roma Ponse Pilato, ea ileng a inehela tlas’a khatello ea bona ’me a nehelana ka eena hore a bolaoe. Thapameng ea Labohlano—e ntse e le la 14 Nisane almanakeng ea Bajode—o ile a khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso ’me ka mor’a lihora tse seng kae a shoa.—Mareka 14:43-65; 15:1-39.
18. Ho latela Bibele, tlaleho ea tsoho ea Jesu e qalile ho hasana joang?
18 Ka mor’a hore lesole la Roma le hlabe Jesu ka lerumo lehlakoreng ho tiisa hore kannete o shoele, ’mele oa Jesu o ile oa patoa lebitleng le lecha. Letsatsi le latelang, la 15 Nisane (Labohlano/Moqebelo), e ne e le sabbatha. Empa hoseng ha la 16 Nisane—Sontaha hoseng—barutuoa ba bang ba ile ba ea lebitleng ’me ba fumana le se na letho. Ka potlako, ho ile ha qala ho hasoa lipale tsa hore Jesu o bonoe a phela. Qalong karabelo lipaleng tsena e ne e tšoana hantle le e neng e tla ba teng kajeno—ho se lumele. Esita le baapostola ba ne ba hana ho lumela. Empa ha bona ka bobona ba bona Jesu ea phelang, ba ne ba se na boikhethelo haese ho amohela hore ka sebele o ne a tsositsoe bafung.—Johanne 19:31–20:29; Luka 24:11.
Lebitla le se Nang Letho
19-21. (a) Ho latela Justin Martyr, Bajode ba ile ba hanyetsa boboleli ba Bakreste bo mabapi le tsoho ea Jesu joang? (b) Ke eng eo re ka kholisehang hore e ne e le ’nete mabapi le lebitla la Jesu ka la 16 Nisane?
19 Na Jesu o ne a tsositsoe, kapa sena sohle e mpa e le bomene-mene? Ntho e ’ngoe eo e ka ’nang eaba batho ba ne ba tla e botsa morao koo ke hore: Na ’mele oa Jesu o ntse o le ka lebitleng? Balateli ba Jesu ba ne ba tla thulana le tšitiso e khōlō haeba bahanyetsi ba bona ba ne ba ka supa setopo sa hae hantle se ntseng se le moo se patiloeng teng e le bopaki ba hore ha aa tsosoa. Leha ho le joalo, ha ho tlaleho ea hore ba kile ba etsa sena. Ho e-na le hoo, ho latela Bibele, ba ile ba fana ka chelete ho masole a neng a abetsoe ho lebela lebitla ’me ba a bolella: “E-reng: Barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utsoitse re robetse.” (Mattheu 28:11-13) Hape re na le bopaki bo ka thōko ho Bibele ba hore baeta-pele ba Bajode ba ile ba itšoara ka tsela ena.
20 Hoo e ka bang lekholo la lilemo ka mor’a lefu la Jesu, Justin Martyr o ile a ngola buka e bitsoang Dialogue With Trypho. Bukeng ena, o itse: “Lōna [Bajode] le rometse banna ba hloailoeng le ba khethiloeng ho pholletsa le lefatše lohle ho phatlalatsa hore molaetsa oa bokhelohi o se nang bomolimo le o se nang molao o hlahile ho Jesu, mothetsi oa Galilea, eo re mo thakhisitseng, empa barutuoa ba hae ba ile ba mo utsoa lebitleng bosiu, moo a neng a behiloe teng.”7
21 Joale, Trypho e ne e le Mojode, ’me Dialogue With Trypho e ne e ngoletsoe ho sireletsa Bokreste khahlanong le Bojode. Kahoo, ha ho utloahale hore Justin Martyr o ne a ka bua seo a se buileng—hore Bajode ba ne ba qosa Bakreste ka ho utsoa ’mele oa Jesu lebitleng—haeba Bajode ba ne ba sa etsa qoso e joalo. Ho seng joalo, o ne a tla ipepesetsa qoso e neng e ka tiisoa habobebe ea ho bua leshano. Justin Martyr o ne a ka bua sena feela haeba kannete Bajode ba ne ba ile ba roma manģosa a joalo. ’Me ba ne ba ka etsa joalo feela haeba kannete lebitla le ne le se na letho ka la 16 Nisane, 33 C.E. le haeba ba ne ba ke ke ba supa ’mele oa Jesu ka lebitleng e le bopaki ba hore o ne a sa tsosoa. Kahoo kaha lebitla le ne le se na letho, ho ne ho etsahetse joang? Na barutuoa ba ile ba utsoa ’mele? Kapa o ile oa tlosoa ka mohlolo e le bopaki ba hore kannete Jesu o ne a tsositsoe?
Qeto ea Ngaka Luka
22, 23. Ke monna ofe e mong ea rutehileng oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a hlahloba tsoho ea Jesu, ’me ke mehloli efe ea boitsebiso eo a neng a ka e fumana?
22 Monna e mong ea neng a rutehile haholo oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a hlahloba bopaki ka hloko e ne e le Luka, ngaka. (Ba-Kolosse 4:14) Luka o ngotse libuka tse peli tseo e leng karolo ea Bibele hona joale: e ’ngoe e ne e le Molaetsa o Molemo, kapa histori ea tšebeletso ea Jesu, ’me e ’ngoe, e bitsoang Liketso tsa Baapostola, e ne e le histori ea ho hasana ha Bokreste lilemong tsa ka mor’a lefu la Jesu.
23 Ha a kenyelletsa Molaetsa oa hae o Molemo, Luka o bua ka bopaki bo bongata boo a neng a ka bo fumana empa boo re ke keng ra hlola re bo fumana. O bua ka litokomane tse ngotsoeng tse buang ka bophelo ba Jesu tseo a ileng a li hlahloba. Hape o bolela hore o ile a bua le lipaki tse boneng ka mahlo bophelo, lefu, le tsoho ea Jesu. Joale, o re: “Ke [botsisisitse] litaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona.” (Luka 1:1-3) Ka ho hlakileng, Luka o ile a batlisisa ka ho felletseng. Na e ne e le rahistori ea molemo?
24, 25. Ba bangata ba talima litšoaneleho tsa Luka e le rahistori joang?
24 Ba bangata ba pakile hore o ne a le joalo. Morao koana ka 1913, Monghali William Ramsay ha a fana ka thupelo o ile a hlalosa bonnete ba histori ea lingoliloeng tsa Luka. Qeto ea hae e bile efe? “Luka ke rahistori ea hlahelletseng ka holim’a bohle; hase feela hore lipolelo tsa hae tsa ’nete li ka tšeptjoa; o na le kutloisiso ea ’nete ea histori.”8 Babatlisisi ba morao tjena ba fihletse qeto e tšoanang. Ha e kenyelletsa meqolo e buang ka Luka, The Living Word Commentary e re: “Luka e ne e le rahistori (le hona e le ea nepang litaba) e bile e le setsebi sa thuto ea bolumeli.”
25 Dr. David Gooding, eo pele e neng e le moprofesa oa Segerike sa Testamente ea Khale Ireland Leboea, o bolela hore Luka e ne e le “rahistori oa boholo-holo neanong ea bo-rahistori ba Testamente ea Khale le neanong ea Thucydides [e mong oa bo-rahistori ba phahameng ka ho fetisisa ba lefatšeng la boholo-holo]. Joaloka bona o ne a tla intša sehlabelo ho fuputsa mehloli ea hae, ho hloaea boitsebiso ba hae, le ho hlophisa boitsebiso boo. . . . Thucydides o ile a kopanya mokhoa ona le lerato la histori e nepahetseng: ha ho lebaka la ho nahana hore Luka ha aa ka a etsa ho tšoanang.”9
26. (a) Qeto ea Luka mabapi le tsoho ea Jesu e bile efe? (b) Ke eng eo e ka ’nang eaba e ile ea mo matlafatsa qetong ee?
26 Qeto ea monna eo ea rutehileng haholo e bile efe mabapi le hore na ke hobane’ng ha lebitla la Jesu le ne le se na letho ka la 16 Nisane? Molaetseng oa hae o Molemo le bukeng ea Liketso, Luka o tlaleha hore ke ’nete hore Jesu o ile a tsosoa bafung. (Luka 24:1-52; Liketso 1:3) Ho hang o ne a se na khoao ka hona. Mohlomong ho lumela ha hae mohlolo oa tsoho ho ile ha matlafatsoa ke liphihlelo tsa hae ka boeena. Le hoja ho bonahala eka e ne e se paki e boneng ka mahlo ea tsoho eo, o tlaleha a bona mehlolo e entsoeng ke moapostola Pauluse.—Liketso 20:7-12; 28:8, 9.
Ba Bone Jesu ea Tsositsoeng
27. Ke bo-mang ba bang ba ileng ba bolela hore ba bone Jesu ea tsositsoeng?
27 Neano e bolela hore Melaetsa e ’meli e Molemo e ngotsoe ke banna ba neng ba tseba Jesu, ba ileng ba ’mona ha a e-shoa, ’me ba bolela hore ba hlile ba ’mona ka mor’a tsoho ea hae. Bana ke moapostola Mattheu, eo pele e neng e le molekhetho, le Johanne, moapostola ea neng a ratoa ke Jesu. Sengoli se seng sa Bibele, moapostola Pauluse, le sona se boletse hore se ile sa bona Kreste ea tsohileng. Ho phaella moo, Pauluse o thathamisa ka mabitso ba bang ba ileng ba bona Jesu a phela ka mor’a lefu la hae, ’me o bolela hore ka nako e ’ngoe Jesu o ile a itlhahisa ho “baena ba fetisang makholo a mahlano.”—1 Ba-Korinthe 15:3-8.
28. Tsoho ea Jesu e bile le phello efe holim’a Petrose?
28 E mong eo Pauluse a ’molelang e le paki e boneng ka mahlo ke Jakobo, ngoan’abo Jesu hantle, eo e tlamehang e be o tsebile Jesu ho tloha bongoaneng. E mong ke moapostola Petrose; rahistori Luka o tlaleha hore o ile a fana ka bopaki a sa tšabe letho ka tsoho ea Jesu libeke tse seng kae feela ka mor’a lefu la Jesu. (Liketso 2:23, 24) Neano e bolela hore mangolo a mabeli ka Bibeleng a ngotsoe ke Petrose, ’me ho la pele mangolong ana Petrose o bontša hore tumelo ea hae tsohong ea Jesu e ne e ntse e le tšusumetso e matla esita le lilemo tse ngata ka mor’a ketsahalo eo. O ngotse: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung.”—1 Petrose 1:3.
29. Le hoja re ke ke ra bua le lipaki tse boneng tsoho ka mahlo, ke bopaki bofe bo khahlisang boo leha ho le joalo re ka bo fumanang?
29 Kahoo, feela joalokaha Luka a ne a ka bua ka batho ba neng ba bolela hore ba bone le hore ba buile le Jesu ka mor’a lefu la hae, re ka bala mantsoe ao ba bang ba bona ba a ngotseng. ’Me re ka ahlola ka borōna hore na batho bao ba ne ba thetsitsoe, hore na ba ne ba leka ho re thetsa, kapa kannete ba ne ba bone Kreste ea tsositsoeng. Ka ho toba, ha ho tsela eo ba neng ba ka thetsoa ka eona. Ba ’maloa har’a bona e ne e le metsoalle e haufi-ufi ea Jesu ho fihlela lefung la hae. Ba bang ba bona ba ne ba bone mahlomola a hae thupeng ea tlhokofatso. Ba ile ba bona mali le metsi a ileng a phalla leqebeng la lerumo moo a neng a hlabiloe ke lesole. Lesole le ile la tseba, ’me le bona ba ile ba tseba, hore ho ne ho se pelaelo hore Jesu o shoele. Hamorao, ba bolela hore ba ile ba bona Jesu a phela le hore ba hlile ba bua le eena. Che, e ne e ke ke eaba ba thetsitsoe. Joale, na ba ne ba leka ho re thetsa ha ba bolela hore Jesu o tsositsoe?—Johanne 19:32-35; 21:4, 15-24.
30. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha etsahala hore e be lipaki tsa pele tse boneng tsoho ea Jesu ka mahlo li ne li bua leshano?
30 Ho arabela sena, re lokela feela hore re ipotse: Na bona ka bobona ba ne ba lumela seo ba se buang? E, ha ho pelaelo. Ho Bakreste, ho akarelletsa ba neng ba ipolela e le lipaki tse boneng ka mahlo, tsoho ea Jesu e ne e le motheo ’ohle oa tumelo ea bona. Moapostola Pauluse o itse: “Ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ea rōna ke lefeela . . . Ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, tumelo ea lōna ke lefeela.” (1 Ba-Korinthe 15:14, 17) Na seo se utloahala eka ke mantsoe a motho ea buang leshano ha a bolela hore o bone Kreste ea tsositsoeng?
31, 32. Bakreste ba pele ba ile ba etsa boitelo bofe, ’me ke hobane’ng ha see e le bopaki bo matla ba hore Bakreste baa ba ne ba bua ’nete ha ba re Jesu o tsositsoe?
31 Nahana hore na ho ba Mokreste mehleng eo ho ne ho bolela eng. Ho ne ho se botumo, matla, kapa leruo leo motho a ka le fumanang. Boemo e ne e le bo fapaneng. Bakreste ba bangata ba pele ba ile ba ‘lumela ka thabo ha lintho tsa bona li tlatlapuoa’ ka baka la tumelo ea bona. (Ba-Heberu 10:34) Bokreste bo ne bo bolela bophelo ba boitelo le mahloriso ao maemong a mangata a neng a qetella ka ho shoela tumelo ka lefu le hlabisang lihlong, le bohloko.
32 Bakreste ba bang ba ne ba e-tsoa malapeng a ruileng, joaloka moapostola Johanne eo kamoo ho bonahalang kateng ntat’ae a neng a e-na le khoebo e atlehileng ea ho tšoasa litlhapi Galilea. Ba bangata ba ne ba e-na le litebello tse ntle, joaloka Pauluse eo, ha a amohela Bokreste, a neng a rutiloe ke moruti oa molao oa Bajode ea tsebahalang Gamaliele ’me a qala ho itsebahatsa mahlong a babusi ba Bajode. (Liketso 9:1, 2; 22:3; Ba-Galata 1:14) Empa, kaofela ba ile ba furalla seo lefatše lena le neng le ba tšepisa sona hore ba hase molaetsa o theiloeng ’neteng ea hore Jesu o ne a tsositsoe bafung. (Ba-Kolosse 1:23, 28) Ke hobane’ng ha ba ne ba ka etsa boitelo bo joalo hore ba hlokofatsoe ka baka la ntho eo ba neng ba tseba hore e theiloe holim’a leshano? Karabelo ke hore, ba ne ba ke ke ba ho etsa. Ba ne ba ikemiselitse ho hlokofatsoa le ho shoela ntho eo ba neng ba tseba hore e theiloe ’neteng.
Kannete Mehlolo E-ea Etsahala
33, 34. Kaha kannete tsoho e etsahetse, re ka re’ng ka mehlolo e meng ea Bibele?
33 Ka sebele, bopaki bo ngotsoeng ke bo kholisang ka ho felletseng. Kannete Jesu o ile a tsosoa bafung ka la 16 Nisane, 33 C.E. ’Me kaha tsoho eo e etsahetse, mehlolo e meng kaofela ea Bibele e ne e ka etsahala—mehlolo eo le eona re nang le bopaki bo tiileng ba eona, bopaki ba ba boneng ka mahlo. Eena ea Matla ea ileng a tsosa Jesu bafung o ile a boela a etsa hore Jesu a khone ho tsosa mora oa mohlolohali oa Naine. Hape o ile a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo e ka tlaasana—empa e ntse e le e tsotehang—ea ho folisa. O ile a susumetsa ho feptjoa ha letšoele ka mohlolo, ’me hape O ile a etsa hore Jesu a khone ho tsamaea holim’a metsi.—Luka 7:11-15; Mattheu 11:4-6; 14:14-21, 23-31.
34 Ka hona, ’nete ea hore Bibele e bua ka mehlolo hase lebaka la ho belaella bonnete ba eona. Ho fapana le hoo, ’nete ea hore mehlolo e etsahetse mehleng ea Bibele ke bopaki bo matla ba hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo. Empa ho na le qoso e ’ngoe e etsoang khahlanong le Bibele. Ba bangata ba bolela hore e-ea ikhanyetsa ’me ka hona e ke ke ea e-ba Lentsoe la Molimo. Na see ke ’nete?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Re re “ka tloaelo,” hobane e ka ’na eaba mehlolo e meng e ka Bibeleng e ne e akarelletsa liketsahalo tsa tlhaho, tse kang litšisinyeho tsa lefatše kapa lintho tse helehang. Leha ho le joalo, li ntse li talingoa e le mehlolo hobane li etsahetse hantle feela ka nako eo li neng li hlokahala ka eona ’me ka ho hlakileng e ne e le ka tataiso ea Molimo.—Joshua 3:15, 16; 6:20.
b Letsatsi la Bajode le ne le qala hoo e ka bang ka hora ea botšelela mantsiboea ’me le tsoela pele ho fihlela ka hora ea botšelela mantsiboeeng a latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 81]
Lira tsa Bokreste li ne li bolela hore barutuoa ba utsoitse ’mele oa Jesu. Haeba sena e ne e le ’nete, ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba ka ikemisetsa ho shoela tumelo e theiloeng tsohong ea hae?
[Lebokose le leqepheng la 85]
Ke Hobane’ng ha Mehlolo e sa Etsahale Kajeno?
Ka linako tse ling ho phahamisoa potso: ‘Ke hobane’ng ha mehlolo e kang ea Bibele e sa etsahale kajeno?’ Karabelo ke hore mehlolo e ile ea phetha morero oa eona morao koo, empa kajeno Molimo o lebelletse hore re phele ka tumelo.—Habakuke 2:2-4; Ba-Heberu 10:37-39.
Mehleng ea Moshe, mehlolo e ne e etsahala ho tiisa litšoaneleho tsa Moshe. E ne e bontša hore Jehova oa mo sebelisa le hore ruri selekane sa Molao se tsoa ho Molimo le hore ho tloha ka nako eo ho ea pele Baiseraele e ne e le batho ba khethiloeng ke Molimo.—Exoda 4:1-9, 30, 31; Deuteronoma 4:33, 34.
Lekholong la pele la lilemo, mehlolo e ile ea thusa ho tiisa litšoaneleho tsa Jesu le tsa phutheho e nyenyane ea Bokreste, ka morao ho eena. E ile ea thusa ho bontša hore Jesu ke Messia ea tšepisitsoeng, hore ka mor’a lefu la hae Iseraele ea nama e ile ea nkeloa sebaka ke phutheho ea Bokreste e le batho ba Molimo ba khethehileng, ’me ka hona Molao oa Moshe o ne o se o sa tlame.—Liketso 19:11-20; Ba-Heberu 2:3, 4.
Ka mor’a mehla ea baapostola, nako ea mehlolo e ne e fetile. Moapostola Pauluse o hlalositse: “Ha e le boprofeta, bo tla fela; leha e le lipuo, li tla lesa ho ba teng, le eona tsebo e tla fela. Hobane re tseba ka nģa e le ’ngoe ’me re profeta ka nģa e le ’ngoe feela. Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nģa e le ’ngoe feela se tla felisoa.”—1 Ba-Korinthe 13:8-10.
Kajeno, re na le Bibele e felletseng, e akarelletsang litšenolo le keletso tsohle tsa Molimo. Re na le phethahatso ea boprofeta, ’me re na le kutloisiso e eketsehileng ea merero ea Molimo. Kahoo, mehlolo ha e sa hlokahala. Leha ho le joalo, oona moea oa Molimo o neng o etsa mehlolo o ntse o le teng ’me o hlahisa liphello tse fanang ka bopaki bo matla ka ho tšoanang ba matla a Molimo. Re tla bona sena ka ho eketsehileng khaolong e ’ngoe e tlang.
[Setšoantšo se leqepheng la 75]
Ba bangata ba talima botšepehi ba melao ea tlhaho, e kang ’nete ea hore letsatsi le chaba hoseng ho hong le ho hong, e le bopaki ba hore mehlolo e ke ke ea etsahala
[Setšoantšo se leqepheng la 77]
Pōpo ea lefatše e le lehae la lintho tse phelang ke ‘ketsahalo e makatsang’ e etsahetseng hanngoe feela
[Litšoantšo tse leqepheng la 78]
U ne u tla hlalosetsa motho ea phetseng lilemong tse 200 tse fetileng meeka ea mahlale a kajeno joang?