Ke Lithapelo Tsa Bo-mang Tse Arabeloang?
“LINTHO tse eketsehileng li etsoa ka thapelo ho feta kamoo lefatše le lorang ka teng.” Ea boletseng joalo ke seroki sa Lenyesemane sa lekholong la bo19 la lilemo Alfred Tennyson. Empa ba bangata ba rapelletse bophelo bo botle, thabo, khotso, le nala ntle ho katleho. Ha e le hantle, ba bang ba ikutloa hore Molimo ha o hlile ha o mamele lithapelo. Empa, Bibele e o bitsa “ea utloang merapelo.”—Pesaleme ea 65:2.
Sena se ka ’na sa u etsa hore u botse: ‘Ke mang enoa “ea utloang merapelo”? Na re tlameha ho finyella litlhokahalo tse khethehileng e le hore lithapelo tsa rōna li ka utluoa? Re lokela ho rapela joang? ’Me ke lithapelo tsa bo-mang tse arabeloang?’
Lithapelo Tsa Bona li Ile Tsa Utluoa?
Thapelo ke ea khale joaloka motho. Nahana ka Abele, mora oa batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Ha a ne a nehela Molimo sehlabelo se amohelehang, ntle ho pelaelo se ile sa felehetsoa ke mantsoe a thapeli le thoriso.—Genese 4:1-5.
Lekholong la borobong la lilemo pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, moprofeta oa Molimo Jonase o ile a “rapela Jehova, Molimo oa hae, a le ka mpeng ea hlapi,” e neng e khethiloe hore e mo metse. Na thapelo eo e ile ea sebetsa? E, hobane ‘Jehova o ile a laela hlapi, ’me ea hlatsetsa Jonase lebopong.’ Jonase eaba o tsoela pele ho phethahatsa kabelo ea hae eo a e filoeng ke Molimo ea ho ea Ninive.—Jonase 1:17; 2:1, 10; 3:1-5.
Ha Davida oa Iseraeleng ea boholo-holo a ne a lika-likelitsoe ke lira tsa hae, o ile a hooa: “Jehova, utloa thapelo ea ka, u sekehele thapelisiso ea ka tsebe. Nkarabe ka baka la botšepehi ba hao le ka ho loka ha hao.” (Pesaleme ea 143:1) Lithapelo tsa Davida tsa hore a lopolloe li ile tsa arabeloa, kaha lira tsa hae ha ho mohla li ileng tsa atleha ho mo felisa. Ka hona, o ne a ka re: “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka ’nete.”—Pesaleme ea 145:18.
Ho Finyella Litlhokahalo Tsa Sehlooho
Ka hona, ka ho hlakileng bahlanka ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo lithapelo tsa bona li ile tsa arabeloa. Ha e le hantle, ba ne ba sa rapele Molimo o se nang lebitso e le tloaelo feela. Ba ne ba rapela Jehova ka tumelo, e leng eena ea “Holimo-limo holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18, NW) Ka hona e le hore lithapelo tsa rōna li tle li be le liphello tse molemo, re tlameha ho finyella litlhokahalo life tsa sehlooho?
Rapela Jehova feela. Ha ho na thuso—ha e le hantle, hase ntho ea mangolo—ho rapela melimo ea bohata, eo litšoantšo tsa eona tse sa pheleng li nang le melomo e sa bueng, litsebe tse sa utloeng, matsoho a sa tšoareng, maoto a sa tsamaeeng, le ’metso e sa ntšeng mantsoe. (Pesaleme ea 115:5-7; 1 Johanne 5:21) Ho fapana le melimo e se nang thuso joalo, Jehova o nka bohato molemong oa ba mo ratang le ba mo sebeletsang. Ka mohlala, lilemong tse fetileng tse makholo baprofeta ba molimo oa bohata Baale ba ile ba mo kōpa hore a theolele mollo fatše o tsoa leholimong. Le hoja ba ile ba rapela ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea, Baale o ne a sa arabele. Eaba Elia o kōpa Jehova ka thapelo, ea ileng a arabela ka ho romela mollo fatše o ileng oa chesa nyehelo e neng e behiloe holim’a aletare.—1 Marena, khaolo ea 18.
Atamela Molimo ka Jesu Kreste a le mong. Jehova Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, lefatšeng ho sebeletsa joaloka topollo ho pholosa batho sebeng le lefung. (Johanne 3:16, 36; Ba-Roma 5:12; 6:23) Ka hona, ho ba sebelisang monyetla oa tokisetso ena, Molimo o butse mokhoa o mocha oa ho o atamela ka thapelo. Bahlanka ba pejana ba Molimo joaloka mopesaleme Davida, ba ne ba rapela Jehova ka ho toba. (Pesaleme ea 4:1; 17:1; 55:1; 102:1) Empa katamelo e ncha e ne e le ka Jesu, ea ileng a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na. Ekare ha le kōpa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Johanne 14:6, 14) Ha ho kae kapa kae moo Mangolo a hlahisang hore lithapelo li lokela ho lebisoa ho Molimo ka mang kapa mang.
Kahoo, hang ha re ithutile hore re lokela ho rapela Molimo ka lebitso la Jesu, lithapelo tsa rōna li ne li ke ke tsa arabeloa ntle leha re ne re rapela Jehova feela ka Mora oa hae. Empa ho boetse ho na le mabaka a mang ao ka ’ona Jehova a sa arabeleng boholo ba lithapelo.
Lebaka Leo Molimo o sa Arabeleng ka Lona
Molimo o ke ke oa arabela lithapelo tsa rōna hobane feela re e-ba boemong bo khethehileng ha re rapela. Mangolo ha a hloke hore re rapele feela re le boemong bo le bong ka ho khetheha ba ’mele. Ha e le hantle, ho khumama ho ka ’na ha bontša boikokobetso pel’a Molimo. Empa hoa amoheleha ho rapela motho a eme, a lutse tafoleng, a phomotse betheng, kapa a ntse a tsoela pele ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. (Daniele 6:10, 11; Mareka 11:25) Bonneteng, Jehova o arabela esita le lithapelo tse etsetsoang ka pelong! Pele a bolella morena oa Persia hore o ne a lakatsa ho tsosolosa marako a Jerusalema a helelitsoeng, Nehemia o ile a “rapela Molimo oa maholimo” a khutsitse, ’me Jehova o ile a arabela thapelo eo. (Nehemia 2:1-6) Ka hona haeba boemo ba ’mele e se eona ntho ea bohlokoa, ke hobane’ng ha lithapelo tse ngata hakaale li sa arabeloe ke Molimo?
Jehova ha a khahlisoe ke lithapelo tsa ba khopo. E, “ea fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utloa, esita le thapelo ea hae e manyala.” (Liproverbia 28:9) Ka moprofeta Esaia, Molimo o ile oa bolella batho ba oona ba manganga tjena: “Leha le ka otlollela matsoho ho ’na, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.” (Esaia 1:15) Ka tloaelo, lithapelo tsa ba khopo ha li arabeloe esita le haeba li lebisoa ho Molimo ka Kreste.
Molimo ha o arabele lithapelo tsa boikaketsi. Jesu Kreste o itse: “Leha le rapela, le se ke la ba joalo ka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masynagogeng le likoung tsa literata, hore ba bonoe ke batho. Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso oa bona.” Jesu a phaella: “Empa uena, ha u rapela, kena phaposing ea hao, ’me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, o tla u putsa.” (Mattheu 6:5, 6) Ka ho rialo, Jesu o ne a sa re lithapelo tsohle tsa pontšeng ha lia tlameha ho etsoa, hobane le eena o ile a rapela moo ba bang ba leng teng a utloahala. (Mattheu 14:19) Empa Kreste o ne a bontša hore ke phoso ho rapela pontšeng hore feela motho a bonoe le ho utluoa ke ba bang le ho rorisoa ke bona.
Jehova ha a arabele lithapelo tse sa etsoeng ka tieo, tse phetakoang. Jesu o itse: “Empa ha le rapela, le se ke la pheta lintho tse tšoanang khafetsa, joalokaha batho ba lichaba ba etsa, hobane ba nahana hore ba tla utluoa ka ho sebelisa ha bona mantsoe a mangata. Kahoo, le se ke la itšoantša le bona, hobane Molimo Ntat’a lōna, o tseba lintho tseo le li hlokang le pele le ka li kōpa.” (Mattheu 6:7, 8, NW) Ba bangata linaheng tsa Bochabela ba nahana hore lekhetlo le leng le le leng ha ba bilikisa lebili le ngotsoeng lithapelo (toromolo eo ho eona ho behiloeng lithapelo tse ngotsoeng), lithapelo lia phetoa. Ba bang ba limillione ba sebelisa Lirosari kapa ba pheta lithapelo tse ngotsoeng libukeng tsa thapelo. Empa ba lakatsang ho utluoa ke Molimo ba tla qoba lithapelo tse phetakoang ’me ba tla ela hloko litaelo tsa Jesu tse tsoelang pele.
“Rapelang Tjena”
Hape Jesu o fane ka hoo ba bangata ba ho bitsang thapelo ea mohlala. (Mattheu 6:9-13, TLP) O itse: “Ha ho le joalo, lōna rapelang tjena: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.” Ho bua ka Molimo e le “Ntat’a rōna” ho bontša hore ba bang le bona ba na le kamano e haufi le oona e le karolo ea lelapa la oona la barapeli. Ho halaletsoa ha lebitso la Molimo, Jehova, ke ha bohlokoahali, empa o tla le halaletsa joang? Ka ho tlosa ba khopo, o tla hlakola lebitsong leo thohako eohle e phaelletsoeng holim’a lona.—Ezekiele 38:23.
Jesu o ile a phaella: “’Muso oa hao o tle, thato ea hao e etsoe lefatšeng joaloka leholimong.” Bobusi ba Molimo joalokaha bo bonahatsoa ke ’Muso oa Mora oa oona oa Bomessia oa leholimo haufinyane bo tla tla khahlanong le bahanyetsi bohle ba puso ea bomolimo, bo ba tlosa lefatšeng. (Daniele 2:44) Empa ke’ng se boleloa’ng ke ha re kōpa hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joaloka leholimong? Ena ke kōpo ea hore Jehova a phethahatse merero ea hae ka lefatše, ho akarelletsa le ho tlosoa ha bahanyetsi ba hae.—Tšenolo 16:14-16; 19:11-21.
A beile Molimo, ho halaletsoa ha Oona, le merero ea Oona pele thapelong ea mohlala, Jesu o ile a tsoela pele: “U re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (NW) Ho kōpa Jehova hore a fane ka lintho tse hlokahalang tsa “letsatsi lena” ho phahamisa tumelo matleng a hae a ho hlokomela litlhokahalo tsa barapeli ba hae tsa letsatsi le letsatsi. Ena hase kōpo ea boithati bakeng sa litokisetso tse fetelletseng tsa ho fana.
Jesu a phaella: “U re tšoarele melato ea rōna, joalo ka ha re tšoarela ba nang le melato ho rōna.” (Luka 11:4 e bontša hore “melato” ena ke “libe.”) Re ka fumana tšoarelo ho Molimo ha feela re tšoaretse ba re siteloang. (Mattheu 6:14, 15) Ka hona, ka ho loketseng moapostola Pauluse o ile a re: “Le tšoarelane, joalokaha [“Jehova,” NW] a le tšoaretse.”—Ba-Kolosse 3:13, TLP.
Ha a phethela thapelo ea mohlala, Jesu o itse: “U se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.” Jehova le ka mohla ha a leke batho ‘ka bobe.’ (Jakobo 1:13) Moleko o tsoa ho e mobe, Satane Diabolose, empa ka linako tse ling Bibele e re ho lumella ha Molimo lintho tse itseng ho kolekela holim’a hore e be oa li etsa. (Ruthe 1:20, 21; Moeklesia 7:13) Ha a arabela kōpo ea hore, “U se ke ua re isa molekong;” Jehova ha a lahle bahlanka ba hae ba tšepahalang kherehloa, le hoja a ba lumella hore ba lekoe. Ka sebele, “Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumella hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.”—1 Ba-Korinthe 10:13.
Ha re kōpa ho lopolloa ho e mobe, re kōpa hore Diabolose a se ke a lumelloa ho re hlōla joaloka barapeli ba Jehova ba tšepahalang. Haeba re le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo, re ka kholiseha hore o tla arabela thapelo e joalo, kaha moapostola Petrose o ile a ngola tjena: “[“Jehova,” NW] o tseba ho loela barapeli molekong.” (2 Petrose 2:9) ’Me karolo ee ea thapelo ea mohlala ke ea bohlokoa hakaakang, kahobane Satane Diabolose “o ntse a lika-lika joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang”!—1 Petrose 5:8.
Lebaka Leo ka Lona Lithapelo Tsa Bona li Arabeloang
Molimo o arabela lithapelo tsa barapeli ba oona ba tšepahalang. Hobane’ng? Ka karolo, Jehova o etsa joalo hobane ba rapela eena a le mong, ba mo atamela ka Jesu Kreste. Ba nena bokhopo le ho qoba lithapelo tsa boikaketsi le tse phetakoang. Ho e-na le ho pheta thapelo ea mohlala ka hlooho, Lipaki tsa Jehova li sebelisa tataiso ea eona ea bohlokoahali ha li hlalosa maikutlo a tsona a tsoang pelong ho Molimo. Empa ho sa boetse ho e-na le mabaka a mang ao lithapelo tsa tsona li arabeloang ka ’ona.
Bao lithapelo tsa bona li arabeloang ba finyelletse litlhokahalo tsa motheo. Ha a li bolela, Pauluse o ngotse: “Ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Hlokomela lintlha tsena tse peli tsa motheo: Jehova o arabela lithapelo tsa (1) ba lumelang hore Molimo o teng, kapa oa phela, le (2) ba “o batlang [“ka tieo,” NW].”
Motho e mong ea joalo oa lekholong la pele la lilemo e ne e le Kornele oa Molichaba ea inehetseng. O ne a lumela hore Molimo o teng, ’me o ne a o batla ka tieo. Kornele o ile a etsa eng ha a fumana tsebo e nepahetseng? O ile a inehela ho Jehova Molimo ka pelo eohle ’me a kolobetsoa e le ho tšoantšetsa boinehelo boo. Ka mor’a moo, ho bonahala Kornele o ile a ba le kamano e haufi le Molimo, ’me sena se ne se tla ba le phello e ntle lithapelong tsa hae.—Liketso 10:1-44.
Pele Kornele a kolobetsoa, lithapelo tsa hae ‘li nyolohetse pel’a Molimo, hore feela li tle li hopoloe.’ (Liketso 10:4) Leha ho le joalo, ka ho inehela ho Molimo motheong oa ho lumela ha hae sehlabelong sa Jesu sa topollo, le ho kolobetsoa, Kornele o ile a ineha Jehova a sa itšiele letho. Sena se ile sa thea katamelano e tsotehang pakeng tsa Molimo le monna enoa ea inehetseng—kamano e nehang Kornele tokelo ea thapelo e se nang moeli. (Jakobo 4:8) O ne a ka atamela Ntate oa hae oa leholimo ka Kreste Jesu a lebelletse ho utluoa. Ke sona se etsahalang ho bohle ba inehelang ho Molimo ka Kreste ’me ba kolobetsoa. Le bona ba na le tokelo ea thapelo e se nang moeli.
Ruri, u lakatsa hore lithapelo tsa hao li arabeloe. Ka hona, haeba hona joale ha u sebeletse Jehova joaloka e mong oa barapeli ba hae ba inehetseng, ke ho bohlale hakaakang ho ’matla ka tieo! Hahamalla tsela e tšoanang le ea Kornele, ’me Molimo o tla arabela lithapelo tsa hao.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ke joang lithapelo tsa Kornele li ileng tsa ama boinehelo ho Molimo le kolobetso?