-
Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng OonaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
6. Buka ea batho bohle
Bibele ke eona buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata le eo batho ba bangata ba nang le eona ho feta buka leha e le efe lefatšeng. Bala Liketso 10:34, 35 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke hobane’ng ha Molimo a batla hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse ngata hakaale le hore batho ba bangata ba be le eona?
Ke ntho efe eo u e ratang ka Bibele?
Hoo e ka bang
batho bohle
lefatšeng
ba khona ho fumana Bibele ka puo eo ba e utloisisang
E fumaneha ka
lipuo tse fetang
3 000
e feletse kapa e le likarolo tse itseng
Ho hatisitsoe likopi tse ka bang
5 000 000 000,
e leng palo e fetang hole ea buka leha e le efe e ’ngoe
-
-
Etsa Hore ho Lule ho E-na le Bonngoe ka PhuthehongU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Qoba khethollo
Re batla ho rata bara le barali ba bo rona kaofela. Empa re ka ’na ra thatafalloa ke ho rata motho ea etsang lintho ka tsela e fapaneng le ea rona. Re ka thusoa ke’ng? Bala Liketso 10:34, 35 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova o amohetse batho ba mefuta eohle hore e be Lipaki tsa hae. Taba ee e lokela ho etsa hore u ikutloe joang ka batho ba etsang lintho ka tsela e fapaneng le ea hao?
Ke mefuta efe ea khethollo e teng sebakeng seo u lulang ho sona eo u batlang ho e qoba?
Bala 2 Bakorinthe 6:11-13 ebe le buisana ka potso ena:
U nahana hore u ka etsa’ng hore u rate bara le barali ba bo rona ba etsang lintho ka tsela e fapaneng le ea hao?
-