Ho Rata Moahisani ho ka Etsahala
SETŠOANTŠO sa Jesu Kreste sa Mosamaria se bontšitse hore na lerato la sebele la moahisani le hlile le bolela eng. (Luka 10:25-37) Jesu o ile a boela a ruta: “‘U tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka sephefumolohi sa hao sohle le ka mohopolo oa hao oohle.’ Ena ke taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e tšoanang le eona, ke ena, ‘U tlameha ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.’”—Mattheu 22:37-39, NW.
Joaloka batho ba bangata, na u thatafalloa ho rata moahisani oa hao oa morabe o fapaneng le oa hao? Mohlomong ho joalo hobane u ithutile kapa uena ka bouena u ile oa latsoa khethollo le ho hloka toka. Uena kapa baratuoa ba hao e ka ’na eaba le ile la hlekefetsoa ke batho ba morabe o mong.
Kaha Jesu o ile a bontša hore e ’ngoe ea litaelo tsa Molimo ke hore re rate moahisani oa rōna, e tlameha ebe re ka khona ho hlōla maikutlo a joalo a matla. Senotlolo sa ho etsa joalo ke ho talima batho joalokaha Molimo le Kreste ba ba talima. Tabeng ena a re hlahlobeng mohlala oa Jesu le Bakreste ba pele.
Mohlala o Motle oa Jesu
Bajode ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba e-na le maikutlo a matla khahlanong le Basamaria, e leng batho ba neng ba lula sebakeng se lipakeng tsa Judea le Galilea. Ka lekhetlo le leng bahanyetsi ba Bajode ba ile ba botsa Jesu ka ho nyatsa: “Na ha re nepe ha re re, U Mosamaria ’me u na le modemona?” (Johanne 8:48, NW) Boikutlo boo ba ho ba khahlanong le Basamaria bo ne bo le matla hoo Bajode ba bang ba neng ba bile ba rohaka Basamaria phatlalatsa masynagogeng ’me ba rapela letsatsi le letsatsi hore Basamaria ba se ke ba fuoa bophelo bo sa feleng.
Ha ho pelaelo hore tsebo ea lehloeo lena le tebileng e ile ea susumelletsa Jesu ho fana ka setšoantšo sa Mosamaria ea ileng a ipaka e le moahisani oa sebele ka ho hlokomela monna oa Mojode ea neng a tetekiloe ke linokoane. Jesu o ne a ka araba joang ha monna oa Mojode eo e leng setsebi sa Molao oa Moshe a botsa: “Ha e le hantle moahisani oa ka ke mang?” (Luka 10:29, NW) Ha e le hantle, Jesu a ka be a ile a araba ka ho toba ka ho re: ‘Moahisani oa hao ke Mojode oa heno haesita le batho ba bang, esita le Mosamaria.’ Leha ho le joalo, Bajode ba ne ba tla fumana ho le thata ho amohela seo. Kahoo o ile a pheta setšoantšo sa Mojode ea ileng a amohela mohau oa Mosamaria. Ka hona Jesu o ile a thusa bamameli ba hae ba Bajode ho fihlela qeto ea hore lerato la ’nete la boahisani le ne le tla fetela ho bao eseng Bajode.
Jesu o ne a se na boikutlo ba ho ba khahlanong le Basamaria. Ka lekhetlo le leng ha a le tseleng e fetang Samaria, o ile a phomola selibeng ha balateli ba hae ba ne ba kene motseng o haufi ho ea batla lijo. Ha mosali oa Mosamaria a tla ho tla kha metsi, Jesu o ile a re: “Mphe, ke noe.” Kaha Bajode ba ne ba se na litšebelisano le Basamaria, mosali o ile a botsa: “Ere u le mo-Jode, u qela joang metsi ho ’na, ke le mosali oa Samaria?” Jesu o ile a mo pakela, a ba a bolela phatlalatsa hore ke Messia. Mosali eo o ile a arabela ka ho ea motseng ’me a bitsa ba bang ho tla mo mamela. Phello e ile ea e-ba efe? “Ba-Samaria ba bangata ba motse oo ba lumela ho eena.” Hoo ke phello e molemo hakaakang hobane Jesu a ne a sa ka a sitisoa ke boikutlo boo bo neng bo atile har’a Bajode ba mehleng ea hae!—Johanne 4:4-42.
Molimo ha A ee ka Tšobotsi
E ne e le morero oa Molimo hore Jesu a rute haholo-holo ho Bajode, “linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.” (Mattheu 15:24) Kahoo, balateli ba hae ba pele e ne e le ba semelo sa Bojode. Empa lilemo tse tharo feela ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang ka Petekonta ea 33 C.E., Jehova o ile a hlakisa hore o batla hore balumeli ba Bajode ba atolosetse mosebetsi oa ho etsa barutuoa ho batho ba lichaba, Balichaba.
Likelellong tsa Bajode, ho rata Mosamaria joalokaha ba ithata ho ne ho tla ba thata haholo. Ho ne ho tla ba thata le ho feta ho bontša lerato ho Balichaba ba sa bollang, batho ba neng ba e-na le ho fokolang ho tšoanang le Bajode ho feta Basamaria. Ha The International Standard Bible Encyclopaedia e bua ka boikutlo ba Bajode mabapi le Balichaba, e re: “Mehleng ea T[estamente] e N[cha], re fumana ho khesa, nyeliso le lehloeo tse feteletseng. [Balichaba] ba ne ba talingoa ba sa hloeka, ’me ho ne ho nkoa e le tlōlo ea molao ho ba le litšebelisano leha e le life tsa botsoalle le bona. E ne e le lira tsa Molimo le batho ba Hae, ’me ba ne ba thibetsoe ho fumana tsebo ea Molimo ntle leha ba ka fetoha basokolohi, ’me esita le hoo, joaloka mehleng ea boholo-holo, ba ne ba ke ke ba fuoa botsoalle bo feletseng. Bajode ba ne ba thibetsoe ho ba eletsa, ’me ha ba ne ba botsa ka lintho tsa Bomolimo ba ne ba lokela ho rohakoa.”
Le hoja ba bangata ba ne ba e-na le lipono tsena, Jehova o ile a etsa hore moapostola Petrose a bone pono eo ho eona a ileng a bolelloa hore ‘a khaotse ho re seo Molimo a se hloekisitseng se litšila.’ Joale Molimo o ile a mo lebisa lehaeng la Kornele oa Molichaba. Petrose o ile a paka ka Kreste ho Kornele, lelapa la hae, le ho Balichaba ba bang. Petrose o ile a re: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” Ha Petrose a ntse a ruta, moea o halalelang o ile oa theohela holim’a balumeli bao ba bacha, bao joale ba ileng ba kolobetsoa ’me ea e-ba balateli ba pele ba Kreste ba Balichaba.—Liketso, khaolo 10.
Balateli ba Bajode ba ile ba amohela ntlafatso ena, ba hlokomela hore taelo ea Jesu ea ho “etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa” ha ea lekanyetsoa ho Bajode ba linaheng tsohle empa e ne e akareletsa le Balichaba. (Mattheu 28:19, 20, NW; Liketso 11:18) Ho hlōla maikutlo leha e le afe a khahlanong le Balichaba ao mohlomong ba neng ba e-na le oona, ka cheseho ba ile ba hlophisa letšolo la ho ruta le ho etsa barutuoa har’a lichaba. Lilemo tse ka tlaase ho 30 hamorao, ho ne ho ka boleloa hore litaba tse molemo li bolelletsoe “pōpo eohle e leng ka tlas’a leholimo.”—Ba-Kolosse 1:23, NW.
Moapostola Pauluse eo ka boeena e neng e le Mokreste oa semelo sa Bojode, e ne e le eena ea eteletseng pele mosebetsing ona oa ho ruta. Pele e e-ba molateli oa Kreste, e ne e le setho se chesehang sa sehlotšoana sa bokhelohi sa bolumeli ba Bafarisi. Ba ne ba khella Balichaba haesita le batho ba tloaelehileng ba sechaba sa bona tlaase. (Luka 18:11, 12) Empa Pauluse ha aa ka a lumella hore maikutlo a bona a mo sitise ho bontša ba bang lerato la boahisani. Ho e-na le hoo, e ile ea e-ba “moapostola oa ba-lichaba,” a nehela bophelo ba hae mosebetsing oa ho etsa barutuoa ho pholletsa le metse ea Mediterranean.—Ba-Roma 11:13.
Nakong ea tšebeletso ea hae, Pauluse o ile a tlepetsoa ka majoe, a otloa, le ho kenngoa teronkong. (Liketso 14:19; 16:22, 23) Na liphihlelo tsee tse bohloko li ile tsa mo halefisa ’me tsa etsa hore a etse qeto ea hore o ne a senya nako ea hae har’a balichaba le batho ba merabe e itseng? Le hanyenyane. O ne a tseba hore ho na le batho ka bomong ba lipelo li tšepahalang ba leng mona le mane har’a batho ba merabe e mengata ea mehleng ea hae.
Ha Pauluse a fumana Balichaba ba ikemiselitseng ho ithuta litsela tsa Molimo, o ile a ba rata. Ka mohlala, o ile a ngolla Ba-Thessalonika: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joalokaha ’mè ea anyesang a hlokomela bana ba hae. Kahoo, ka ho ba le kameho e bonolo bakeng sa lōna, re ile ra thabela ho le fa litaba tse molemo tsa Molimo, haesita le liphefumolohi tsa rōna, hobane re ne re le rata.” (1 Ba-Thessalonika 2:7, 8, NW) Mantsoe ana a tsoang pelong a bontša hore Pauluse kannete o ne a rata Ba-Thessalonika ba Balichaba ’me haa ka a lumella letho ho senya thabo ea hae ea ho ba le kamano e ntle le bona.
Lerato la Boena Lea Sebetsa
Kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo, ba khomarelang phutheho ea Bokreste ba hlaolela lerato la boahisani bakeng sa batho ba merabe eohle. Ka ho hlaolela pono ea Bomolimo ka batho ba bang le ka ho arolelana litaba tse molemo tsa ’Muso le bona, Bakreste ba ’nete ba atolositse kutloisiso ea bona ea batho bao le ka mohla ba neng ba ke ke ba ba ba tseba hoja ba sa kopanele le phutheho. Ba bile ba na le lerato la boena bakeng sa bona. (Johanne 13:34, 35) U ka latsoa phihlelo ena le uena.
Lerato le joalo le teng har’a Lipaki tsa Jehova, le hoja li fumanoa linaheng tse 229 ’me li emela “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” (Tšenolo 7:9) Joaloka boena ba lefatše lohle, li bonngoeng borapeling ba tsona ba Jehova, ka ho hana ho nka karolo likhohlanong le lintoeng tsa merabe, le ho qhela likhethollo tse sitisang batho ho ba le likamano tse mofuthu le batho ba bang.
Kopanela le Lipaki, ’me u tla hlokomela kamoo batho ba limelo tsa merabe eohle ba etsang thato ea Molimo ka teng. U tla bona lerato la boahisani le sebetsa ha ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. E, liphuthehong tsa tsona, u ka kopana le batho ba mosa, ba tšepahalang ba bontšang ka bophelo ba bona hore kannete ba ithutile ho rata baahisani ba bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, u tla fumana batho ba thabileng ba merabe eohle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Arrival of the Good Samaritan at the Inn/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.