Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 11 leq. 149-leq. 158 ser. 5
  • Kamoo ho Tlileng ka Teng Hore Re Tsejoe Re le Lipaki tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ho Tlileng ka Teng Hore Re Tsejoe Re le Lipaki tsa Jehova
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso Mokreste
  • Mabitso a Phoqang
  • Tlhoko ea Lebitso le Khethollehileng
  • Liketsahalo tse Lebisang Lebitsong
  • Lebitso le Lecha
  • Ho Amohela Boikarabelo
  • Hase Lebitso Feela Tjee
  • Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • A5 Lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bakreste
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Hōla Tsebong e Nepahetseng ea ’Nete
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 11 leq. 149-leq. 158 ser. 5

Khaolo 11

Kamoo ho Tlileng ka Teng Hore Re Tsejoe Re le Lipaki tsa Jehova

MASHOMENG a qalang a lilemo tsa histori ea tsona ea kajeno, hangata li ne li bitsoa feela Liithuti tsa Bibele. Hangata ha ba bang ba botsa lebitso la mokhatlo, baena ba rōna ba ne ba arabela, “Re Bakreste.” Moena Russell o ile a arabela potso eo ka ho re, ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane): “Ha re ikarole ho Bakreste ba bang ka ho sebelisa lebitso leha e le lefe le re khethollang kapa le khethehileng. Re khotsofalletse lebitso, Mokreste, leo bahalaleli ba pele ba neng ba tsejoa ka lona.”—Tokollo ea September 1888.

Ka hona, ho tlile joang hore kajeno re tsejoe re le Lipaki tsa Jehova?

Lebitso Mokreste

Balateli ba ’nete ba Jesu Kreste, ba lekholong la pele la lilemo le ba kajeno, bona ka bobona ba ’nile ba ipitsa le ho bitsa balumeli-’moho le bona “baena,” “metsoalle,” le “phutheho ea Molimo.” (Lik. 11:29; 3 Joh. 14; 1 Ba-Kor. 1:2) Hape ba ’nile ba bua ka Kreste e le “Morena” ’me bona ba ipitsa “bahlanka ba Jesu Kreste” le “bahlanka ba Molimo.” (Ba-Kol. 3:24; Ba-Fil. 1:1; 1 Pet. 2:16) Mabitso a joalo a ’nile a sebelisoa ka bolokolohi ka har’a phutheho, ’me a ’nile a utloisisoa hamolemo.

Lekholong la pele la lilemo, mokhoa oa bophelo o thehiloeng tumelong ho Jesu Kreste (’me, ha ho atolosoa, ho phutheho ka boeona) o ne o bitsoa ‘Tsela.’ (Lik. 9:2; 19:9) Liphetolelo tse ngata tsa Liketso 18:25 li bontša hore o ne o boetse o bitsoa “tsela ea Jehova.”a Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba neng ba le ka ntle ho phutheho ka tsela e phoqang ba ne ba o bitsa “thuto e khelohileng ea ba-Nazaretha.”—Lik. 24:5.

Ka 44 C.E. kapa nakoana ka mor’a moo, balateli ba tšepahalang ba Jesu Kreste ba ile ba qala ho tsejoa e le Bakreste. Ba bang ba bolela hore ke batho ba ka ntle ba ileng ba ba bitsa Bakreste, ba etsa joalo ka tsela e nyelisang. Leha ho le joalo, bahlophisi le bahlalosi ba bangata ba libuka tsa Bibele ba bolela hore leetsi le ho Liketso 11:26 le fana ka maikutlo a tataiso kapa tšenolo ea Molimo. Ka hona, ho New World Translation, lengolo leo le baleha tjena: “Ke Antioke moo barutuoa ka tataiso ea Molimo ba ileng ba bitsoa Bakreste.” (Liphetolelo tse tšoanang li fumanoa ho Literal Translation of the Holy Bible ea Robert Young, Khatiso e Ntlafalitsoeng, ea 1898; The Simple English Bible, ea 1981; le New Testament ea Hugo McCord, ea 1988.) Hoo e ka bang ka 58 C.E., lebitso Mokreste le ne le tsebahala haholo ho liofisiri tsa Roma.—Lik. 26:28.

Ha baapostola ba Kreste ba sa ntse ba phela, lebitso Mokreste le ne le khethollehile le bile le tobile. (1 Pet. 4:16) Bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste empa litumelo kapa boitšoaro ba bona bo shanofatsa lipolelo tsa bona ba ne ba lelekoa har’a Bakreste. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele, ka mor’a lefu la baapostola Satane o ile a jala lipeō tse ileng tsa hlahisa Bakreste ba maiketsetso. Bakreste bana ba maiketsetso le bona ba ile ba sebelisa lebitso Mokreste. (Matt. 13:24, 25, 37-39) Ha Bokreste ba bokoenehi bo sokolla batho ka ho ba qobella, ba bang ba ile ba ipolela hore ke Bakreste hobane feela ba qoba ho hlorisoa. Ka mor’a nako, hangata moahi leha e le ofe oa Europe ea neng a sa ipitse Mojode, Momosleme, kapa ea latolang hore Molimo o teng o ne a talingoa e le Mokreste, ho sa tsotellehe litumelo kapa boitšoaro ba hae.

Mabitso a Phoqang

Ho tloha lekholong la bo16 la lilemo ho ea pele, boemo bona bo ile ba hlahisa bothata bakeng sa Batšehetsi ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli. Kaha lebitso Mokreste le ne le sebelisoa ka bolokolohi, ba ne ba ka ikhetholla joang ho ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste?

Hangata ba ne ba khotsofalla ha ho sebelisoa lebitso le phoqang leo ba le fuoeng ke lira tsa bona. Ka hona bahanyetsi ba Martin Luther ba bolumeli, Jeremane, ke bona ba pele ba ileng ba sebelisa lebitso la hae ho balateli ba hae, ba ba bitsa Maluthere. Ba kopanelang le John Wesley, Engelane, ba ne ba bitsoa Mamethodist hobane hangata ba ne ba phetha mesebetsi ea bolumeli ka hohle-hohle ba bile ba ipapisitse le mokhoa o hlomamisitsoeng. Qalong litho tsa bolumeli ba Baptist li ile tsa hana lebitso la Anabaptist (le bolelang, “Ea Kolobetsoang Hape”) empa ho e-na le hoo hanyane ka hanyane li ile tsa khetha ho amohela lebitso la Baptist.

Ho thoe’ng ka Liithuti tsa Bibele? Baruti ba ne ba re ke balateli ba Russell le ba Rutherford. Empa ho amohela lebitso le joalo ho ne ho tla fehla moea oa ho iketsa sehlotšoana sa bokhelohi. Ho ne ho tla be ho le khahlanong le khalemelo eo moapostola Pauluse a e fileng Bakreste ba pele, ha a ngola: “Na ha e mong a re: ’Na, ke oa Pauluse! e mong a re: ’Na, ke oa Apollose! na ha le ba nama [ke hore, ba bonahalang e le ba nama ho e-na le ba moea] na?” (1 Ba-Kor. 3:4) Batho ba bang ba ne ba li bitsa “Millennial Dawnists”; empa Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e ne e mpa e le e ’ngoe ea lithuto tsa tsona feela. Ba bang ba ne ba li bitsa “Batho ba Watch Tower”; empa lebitso leo le lona e ne e se le loketseng, hobane Watch Tower e ne e mpa e le feela e ’ngoe ea lingoliloeng tseo li li sebelisang bakeng sa ho phatlalatsa ’nete ea Bibele.

Tlhoko ea Lebitso le Khethollehileng

Ka mor’a nako, ho ile ha totobala ka ho eketsehileng hore ka sebele ho phaella lebitsong Mokreste, phutheho ea bahlanka ba Jehova e ne e hloka lebitso le e khethollang. Se boleloang ke lebitso Mokreste se ne se sothehile likelellong tsa batho hobane hangata batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba tseba hanyenyane kapa ba sa tsebe ho hang hore na Jesu Kreste ke mang, o ne a ruta eng, le seo ba lokelang ho se etsa haeba kannete e le balateli ba hae. Ho phaella moo, ha baena ba rōna ba ntse ba hatela pele kutloisisong ea bona ea Lentsoe la Molimo, ba ile ba bona ka ho hlaka tlhoko ea ho ikarola le ho ikhetha litsamaisong tsa bolumeli tseo ka bohata li ipolelang hore ke tsa Bokreste.

Ke ’nete hore hangata baena ba rōna ba ne ba ipitsa Liithuti tsa Bibele, le hore, ho qala ka 1910, ba ne ba sebelisa lebitso la International Bible Students’ Association ha ba bua ka liboka tsa bona. Ka 1914, e le hore ba ka qoba pherekano mabapi le mokhatlo oa bona o sa tsoa thehoa ka molao o bitsoang International Bible Students Association, ba ile ba sebelisa lebitso la Associated Bible Students bakeng sa lihlopha tsa sebaka ka seng. Empa borapeli ba bona bo ne bo akarelletsa ho fetang feela ho ithuta Bibele. Ho phaella moo, ho na le ba bang bao le bona ba neng ba ithuta Bibele—ba bang ba ho etsa ka tieo eohle; ba bang, ba ne ba etsa joalo e le bahlahlobisisi; ’me ba bangata, ba ne ba etsa joalo e le batho ba neng ba mpa ba e talima e le buka e ntle. Joale, ka mor’a lefu la Moena Russell, ba bang bao pele ba neng ba kopanela ba ile ba hana ho sebelisana le Mokhatlo oa Watch Tower le International Bible Students Association, ba bile ba hanyetsa mosebetsi oa mekhatlo ena. Lihlopha tse joalo tse tsekolohileng li ne li sebelisa mabitso a fapa-fapaneng, tse ling tsa tsona tsa khomarela lebitso la Associated Bible Students. Sena se ile sa baka pherekano e eketsehileng.

Empa joale, ka 1931, re ile ra amohela lebitso le khethollang kannete Lipaki tsa Jehova. Mongoli Chandler W. Sterling o bua ka lona e le “khopolo e bohlale ka ho fetisisa” ea J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo. Ho latela kamoo mongoli eo a talimang litaba ka teng, ena e bile khato e bohlale e sa kang ea fana ka lebitso la molao feela bakeng sa sehlopha empa hape ea boela ea se nolofalletsa ho hlalosa hore litšupiso tsohle tsa Mangolo tse buang ka “paki” le “bopaki” li sebetsa ka ho toba ho Lipaki tsa Jehova. Ho fapana le hoo, A. H. Macmillan, motsoalle oa tsamaiso oa bapresidente ba bararo ba Mokhatlo oa Watch Tower, o itse mabapi le tsebiso eo ea Moena Rutherford: “Ha ho pelaelo ka kelellong ea ka—nakong eo esita le hona joale—hore ke Morena ea mo tataisitseng ho seo, ’me ke lona lebitso leo Jehova a batlang hore re bitsoe ka lona, ’me re thabile haholo ebile re motlōtlō ho bitsoa ka lona.” Linnete li tšehetsa pono efe? Na lebitso leo e bile ‘khopolo e bohlale’ ea Moena Rutherford, kapa e bile tlas’a tataiso ea Molimo?

Liketsahalo tse Lebisang Lebitsong

Ke lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. moo Jehova a ileng a etsa hore Esaia a ngole sena: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. . . . [Le] lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke ’na Molimo.” (Esa. 43:10, 12) Joalokaha ho bontšitsoe ka Mangolong a Segerike a Bokreste, boprofeta bo bongata bo tlalehiloeng ke Esaia bo phethahala phuthehong ea Bokreste. (Bapisa Esaia 8:18 le Ba-Heberu 2:10-13; Esaia 66:22 le Tšenolo 21:1, 2.) Leha ho le joalo, Esaia 43:10, 12 ha ho mohla e kileng ea tšohloa ka ho qaqileng ho Molula-Qhooa lilemong tsa pele tse 40 tsa khatiso ea eona.

Leha ho le joalo, ka mor’a moo, ho ithuta Mangolo ho ile ha lebisa tlhokomelo ea bahlanka ba Jehova liketsahalong tse ncha tsa bohlokoa. ’Muso oa Molimo oo Jesu e leng Morena oa oona oa Bomessia o ne o tsoetsoe maholimong ka 1914. Ka 1925, selemo seo ka sona taba ena e ileng ea hlakisoa ho Molula-Qhooa, (oa Senyesemane) ho ile ha lebisoa tlhokomelo taelong ea boprofeta e lengolong la Esaia khaolo 43, ea ho ba lipaki tsa Jehova litokollong tse 11 tse fapaneng tsa makasine ona.

Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 1, 1926, sehlooho se seholo se ne se buella potso ena e phephetsang: “Ke Mang ea Tla Hlompha Jehova?” Lilemong tse hlano tse latelang, Molula-Qhooa o ile oa tšohla karolo e ’ngoe ea Esaia 43:10-12 litokollong tse 46 tse fapaneng ’me nako le nako o ne o e sebelisa ho Bakreste ba ’nete.b Ka 1929 ho ile ha hlakisoa hore tseko e ikhethang e tobaneng le libōpuoa tsohle tse bohlale e amana le ho hlompha lebitso la Jehova. ’Me mabapi le boikarabelo boo bahlanka ba Jehova ba nang le bona tsekong ena, nako le nako ho ’nile ha buuoa ka Esaia 43:10-12.

Ka hona linnete li bontša hore ka baka la ho ithuta Bibele, nako le nako ho ne ho lebisoa tlhokomelo tlamehong ea tsona ea ho ba lipaki tsa Jehova. Ho ne ho sa lebisoa tlhokomelo lebitsong la sehlopha empa mosebetsing oo se lokelang ho o etsa.

Empa lipaki tseo li lokela ho tsejoa ka lebitso lefe? Ka baka la mosebetsi oo li o etsang e ne e tla ba lefe le loketseng? Lentsoe la Molimo lona le ne le lebisa qetong efe? Taba ena e ile ea tšohloa kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, U.S.A., ka July 24-30, 1931.

Lebitso le Lecha

Litlhaku tse khōlō tsa J W li ne li totobalitsoe ka ho ikhethang leqepheng le ka holimo la lenaneo la kopano. Li ne li bolela’ng? E bile feela ka Sontaha, July 26, ho ileng ha hlalosoa seo li se bolelang. Letsatsing leo Moena Rutherford o ile a fana ka puo ea phatlalatsa e reng “’Muso, Tšepo ea Lefatše.” Puong eo, ha sebui se tsebahatsa bao e leng baboleli ba ’Muso oa Molimo, se ile sa bua ka ho khetheha ka lebitso Jehovah’s Witnesses (Lipaki tsa Jehova).

Neng-neng letsatsing lona leo Moena Rutherford o ile a fana ka puo e ’ngoe, eo ho eona a ileng a tšohla mabaka ao ka ’ona ho hlokahalang lebitso le khethehileng.c Mangolo ’ona a ne a supa lebitsong lefe? Sebui se ile sa qotsa Liketso 15:14, e lebisang tlhokomelo morerong oa Molimo oa ho khetha har’a lichaba “sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.” Puong ea sona se ile sa totobatsa hore joalokaha ho boletsoe ho Tšenolo 3:14, Jesu Kreste ke “paki e tšepehang, ea ’nete.” Se ile sa bua ka Johanne 18:37, moo Jesu a itseng: “Ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” Se ile sa lebisa tlhokomelo ho 1 Petrose 2:9, 10, e bolelang hore bahlanka ba Molimo ba lokela ho ‘bolela lintho tse babatsehang tsa ea ba bitsitseng ka ho ba ntša lefifing le ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ Se ile sa beha mabaka ka litemana tse ’maloa tsa Esaia, ’me hase tsona kaofela tse neng li utloisisoa ka ho hlaka nakong eo, eaba joale se fihlisa nehelano ea sona sehlohlolong ka Esaia 43:8-12, e akaretsang thōmo ea bomolimo: “Le lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke ’na Molimo.” Ka hona, Lentsoe la Jehova le ne le ba khannela qetong efe? Ha e le hantle lebitso le neng le tla nyalana le tsela eo Molimo o ba sebelisang ka eona ke lefe?

Karabelo e totobetseng e ne e fuperoe ke qeto e ileng ea amoheloa ka mafolo-folo ketsahalong eo.d Karolo e ’ngoe ea qeto eo e itse:

“E le hore boemo ba rōna ba ’nete bo ka tsejoa, ’me re lumela hore sena se tumellanong le thato ea Molimo, joalokaha e boletsoe ka Lentsoeng la hae, A BO ETSETSOE QETO, joalokaha ho boletsoe ka tlaase, e leng:

“HORE re rata Moena Charles T. Russell haholo, lebitsong la mosebetsi oa hae, le hore ka thabo rea lumela hore Morena o ile a mo sebelisa a ba a hlohonolofatsa mosebetsi oa hae haholo, empa tumellanong le Lentsoe la Molimo re ke ke ra lumellana le ho bitsoa ka lebitso la ‘Balateli ba Russell’; hore Watch Tower Bible and Tract Society le International Bible Students Association le Peoples Pulpit Association e mpa e le mabitso a mekhatlo eo joaloka sehlopha sa batho ba Bakreste re bitsoang ka ’ona, e leng mekhatlo eo re e laolang le ho e sebelisa bakeng sa ho ntšetsa mosebetsi oa rōna pele ka ho utloa litaelo tsa Molimo, empa ha ho lebitso le le leng la mabitso ana le re tšoanelang ka nepo kapa le sebetsang ho rōna re le sehlopha sa Bakreste ba latelang mehlala ea Morena le Monghali oa rōna, Kreste Jesu; hore re liithuti tsa Bibele, empa, joaloka sehlopha sa Bakreste ba bōpang mokhatlo, re hana ho amohela kapa ho bitsoa ka lebitso la ‘Liithuti tsa Bibele’ kapa mabitso a mang a tšoanang e le a khethollang boemo ba rōna bo loketseng pel’a Morena; re hana ho jara kapa ho bitsoa ka lebitso la motho leha e le ofe;

“HORE, kaha re rekiloe ka mali a bohlokoa a Jesu Kreste Morena le Molopolli oa rōna, kaha re behiloe ba lokileng ’me re tsoetsoe ke Jehova Molimo ra ba ra bitsetsoa ’musong oa hae, ntle ho tika-tiko re tšepahala le ho inehela ka ho felletseng ho Jehova Molimo le ’muso oa hae; hore re bahlanka ba Jehova Molimo ba fuoeng thōmo ea ho etsa mosebetsi lebitsong la hae, le ho utloa taelo ea hae ka ho fana ka bopaki ba Jesu Kreste, le ho tsebisa batho hore Jehova ke Molimo oa ’nete le ea Matla ’Ohle; ka hona ka thabo re amohela le ho ipitsa ka lebitso leo molomo oa Morena Molimo o le boletseng, ’me re lakatsa ho tsejoa le ho bitsoa ka lebitso leo, e leng, lipaki tsa Jehova.—Esa. 43:10-12.”e

Ka mor’a nehelano ea qeto ena e felletseng, litlatse tse khōlō tse entsoeng ka nako e telele li ile tsa bontša hore bamameli ba ntsoe-leng ka ho felletseng le se boletsoeng.

Ho Amohela Boikarabelo

Ke tlotla e kaakang ho bitsoa ka lebitso la Molimo a le mong oa ’nete, ’Musi oa bokahohle! Empa lebitso leo le tsamaea le boikarabelo. Ke boikarabelo boo lihlopha tse ling tsa malumeli li sa bo batleng. Joalokaha Moena Rutherford a boletse puong ea hae: “Ho thabile ba amohelang lebitso leo ho seng motho leha e le ofe tlas’a letsatsi ea le ratang ntle le ba inehetseng ho Jehova ka ho felletseng ba bile ba sa itšiele letho.” Leha ho le joalo, ke ho loketseng hakaakang hore bahlanka ba Jehova ba bitsoe ka lebitso la Molimo la botho, hore ba le tsebahatse, le hore le amahanngoe ka ho hlahelletseng le ho boleloa ha morero oa hae!

Sehlopha leha e le sefe kapa batho leha e le bafe ba buang ka lebitso la Jehova ba ikenya tlamong ea ho fetisa lentsoe la hae ka ’nete. (Jer. 23:26-28) Ha baa tlameha feela ho tsebahatsa litokisetso tsa Jehova bakeng sa ho hlohonolofatsa batho ba ratang ho loka empa hape le likahlolo tsa hae holim’a batho ba etsang bokhopo. Joalokaha Jehova a laetse baprofeta ba hae mehleng e fetileng, ka ho tšoanang le kajeno, lipaki tsa hae ha lia lokela ho tlosa letho lentsoeng la Molimo ka ho hlōleha ho le tsebahatsa. (Jer. 1:17; 26:2; Ezek. 3:1-11) Li tlameha ho bolela “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” (Esa. 61:1, 2) Ba ileng ba amohela qeto ena e ka holimo ba ile ba hlokomela boikarabelo boo, ’me karolong e qetellang ea qeto eo, ba ile ba re:

“Joaloka lipaki tsa Jehova morero oa rōna o le mong feela ke ho utloa litaelo tsa hae ka ho felletseng; ho tsebahatsa hore ke eena feela Molimo oa ’nete le ea Matla ’Ohle; hore Lentsoe la hae ke ’nete le hore lebitso la hae le tšoaneloa ke tlhompho le khanya eohle; hore Kreste ke Morena ea behiloeng ke Molimo, eo a ’mehileng teroneng ea hae ea bolaoli; hore ’muso oa hae o se o le teng, ’me re tlameha ho bontša kutlo litaelong tsa Morena ka hore hona joale re bolele litaba tsena tse molemo e le tiiso kapa bopaki ho lichaba le ho tsebisa babusi le sechaba sa mokhatlo oa Satane o sehlōhō le o hatellang le ho ba tsebisa ka oona, haholo-holo kamanong le ‘Bokreste-’mōtoana’, boo e leng karolo e khopo ka ho fetisisa ea mokhatlo oo o bonahalang, le ho ba tsebisa ka morero oa Molimo oa ho felisa mokhatlo oa Satane haufinyane, e leng khato e khōlō e tlang ho lateloa ke hore kapele-pele Kreste Morena a tlisetse batho ba utloang lefatšeng khotso le katleho, tokoloho le bophelo bo botle, thabo le bophelo bo sa feleng; hore ’muso oa Molimo ke tšepo ea lefatše, ’me ha ho e ’ngoe, le hore molaetsa ona o tlameha ho fanoa ke batho ba tsejoang e le lipaki tsa Jehova.

“Ka boikokobetso re mema batho bohle ba inehetseng ka ho felletseng ho Jehova le ’musong oa hae hore ba kopanele ho bolelleng ba bang litaba tsena tse molemo, hore tekanyetso e lokileng ea Morena e tle e phahamisoe, e le hore batho ba lefatše ba ka tseba moo ba ka fumanang ’nete le tšepo bakeng sa topollo; ka holim’a tsohle, le hore lebitso le leholo le le halalelang la Jehova Molimo le tlosoe qoso ’me le phahamisoe.”

Hase Columbus, Ohio, Amerika feela, moo bamameli ba ileng ba etsa litlatse ha ba utloa tsebiso ea lebitso leo empa le hōle koana Australia ho bile joalo. Japane, ka mor’a lihora tse telele tsa boiteko, karolo e khutšoanyane ea lenaneo leo e ile ea tšoaroa seea-le-moeeng se sebelisang leqhubu le lekhutšoanyane bosiu bo boholo. Hang-hang le ile la fetoleloa. Ka hona sehlotšoana seo se ile sa utloa qeto le litlatse tse khōlō. Matsue Ishii o ne a le teng har’a sona, ’me joalokaha a ngotse hamorao, se ile ‘sa tleroha ke thabo tumellanong le baena ba sona Amerika.’ Ka mor’a kopano e neng e tšoaretsoe Columbus, likopano le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova linaheng tsohle moo li etsang tšebeletso ea tsona teng li ile tsa hlalosa hore li lumellana ka ho felletseng le qeto eo. Ka mohlala, ho bile le tlaleho ena e tsoang Norway: “Kopanong ea rōna ea selemo . . . Oslo kaofela re ile ra raoha ka maoto ’me ka cheseho e khōlō ra hoeletsa ‘Ja’, ha re amohela lebitso la rōna le lecha ‘lipaki tsa Jehova’.”

Hase Lebitso Feela Tjee

Na lefatše ka kakaretso le ne le tla hlokomela hore baena ba rōna ba amohetse lebitso leo le lecha? Ka sebele ho joalo! Puo eo tsebiso ea lebitso le lecha e entsoeng ho eona e ile ea fanoa liea-le-moeeng tse ngata ka ho fetisisa tse neng li hokahantsoe ’moho tse kileng tsa sebelisoa ho fihlela nakong eo. Ho phaella moo, qeto e neng e bolela lebitso leo le lecha e ile ea kenyelletsoa bukaneng The Kingdom, the Hope of the World. Ka mor’a kopano, Lipaki tsa Jehova li ile tsa aba likopi tse limillione tsa bukana eo ka lipuo tse ngata Amerika Leboea le Boroa, Europe, Afrika, Asia, le lihleke-hlekeng tsa leoatle. Ho phaella ho tsamaiseng likopi ka ntlo le ntlo, li ile tsa etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa kopi ho mosebeletsi oa ’muso, rakhoebo ea hlahelletseng, le moruti. Lipaki tse ling tse ntseng li phela ka 1992 li sa ntse li hopola kamoo li ileng tsa kopanela ka teng phutuhong eo e khōlō.

Hase bohle ba ileng ba amohela buka eo hamolemo. Eva Abbott o hopola hore ha a tloha ntlong ea moruti e mong United States, bukana eo e ile ea tla e fokaela eaba ea tla oela fatše ka pel’a hae. O ne a sa batle ho e siea moo, eaba oa e nka; empa ntja e khōlō e ile ea rora, ea e choabola letsohong la hae, ’me ea e isa ho mong’a eona, e leng moruti. O itse: “Ntja e tsamaisitse seo ke sa khonang ho se tsamaisa!”

Martin Poetzinger, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a hopola: “Batho ba maketseng ba ne ba hlaha monyako o mong le o mong ha re itlhalosa ka mantsoe ana: ‘Joaloka e mong oa lipaki tsa Jehova ke u etetse kajeno.’ Batho ba ne ba ee ba sisinye lihlooho kapa ba botse: ‘Empa le ntse le le liithuti tsa Bibele, na ha ho joalo? Kapa le se le le litho tsa sehlotšoana se secha?’” Boemo boo bo ile ba fetoha butle-butle. Lilemo tse mashome a ’maloa ka mor’a hore li qale ho sebelisa lebitso la tsona le li khethollang, Moena Poetzinger o ngotse: “Ke phetoho e kaakang! Pele ke bua batho ba re: ‘E tlameha e be u e mong oa lipaki tsa Jehova.’” E, joale ba tseba lebitso leo.

Lebitso leo hase lebitso feela tjee. Ebang ke bana kapa batho ba baholo, ba batona kapa ba batšehali, Lipaki tsa Jehova kaofela li kopanela mosebetsing oa ho pakela Jehova le morero oa hae o hlollang. Ka baka leo, C. S. Braden, moprofesa oa histori ea bolumeli, o ngotse: “Ka kutloisiso ea sebele Lipaki tsa Jehova li akarelitse lefatše lohle ka bopaki ba tsona.”—These Also Believe.

Le hoja bopaki bo fanoang ke baena ba rōna pele ba amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova bo ne bo akaretsa lefatše lohle, ha re hetla morao ho bonahala eka Jehova o ne a ba hlomella bakeng sa mosebetsi o moholo le ho feta—ho bokelloa ha bongata bo boholo ba batho bo neng bo tla pholoha Harmagedone bo ntse bo phela, ’me bo fumane monyetla oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a New World Translation of the Holy Scriptures; A Literal Translation of the New Testament . . . From the Text of the Vatican Manuscript, ea Herman Heinfetter; le liphetolelo tse tšeletseng tsa Seheberu. Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Liketso 19:23 ho New World Translation of the Holy Scriptures.

b Har’a lihlooho tse khōlō tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tse ileng tsa hatisoa nakong ena ke tse reng “Jehova le Mesebetsi ea Hae,” “Hlompha Lebitso la Hae,” “Batho ba Khethetsoeng Lebitso la Hae,” “Lebitso la Hae le Phahame,” “Paki ea ’Nete le e Tšepahalang,” “Rorisa Jehova!” “Ithabele ho Jehova,” “Jehova ea Phahameng ka ho Fetisisa,” “Ho Tlosoa ha Qoso Lebitsong la Hae,” “Lebitso la Hae,” le “Binela Jehova.”

c Bona sehlooho se reng “Lebitso le Lecha,” ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 1, 1931.

d Molula-Qhooa (oa Senyesemane), September 15, 1931, maq. 278-9.

e Le hoja bopaki bo supa ka tsela e kholisang tataisong ea Jehova ho khethoeng ha lebitso Lipaki tsa Jehova, Molula-Qhooa (February 1, 1944, maq. 42-3; October 1, 1957, leq. 607 [oa Senyesemane]) le buka “New Heavens and a New Earth” (maq. 231-7) hamorao e ile ea hlalosa hore lebitso lena hase “lebitso le lecha” leo ho buuoeng ka lona ho Esaia 62:2; 65:15; le ho Tšenolo 2:17, le hoja lebitso lena le lumellana le kamano e ncha eo ho buuoang ka eona litemaneng tse peli tsa Esaia.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 149]

‘Ka tataiso ea Molimo barutuoa ba ile ba bitsoa Bakreste’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 150]

Lebitso Mokreste le ile la fetoha le sothehileng likelellong tsa batho

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 151]

E ne e se feela Liithuti tsa Bibele

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 157]

“Le lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke ’na Molimo”

[Lebokose le leqepheng la 151]

Lebitso Lipaki tsa Jehova Amerika

Searabia شهود يهوه

Searmenia Եհովայի Վկաներ

Sechaena 耶和華見證人

Senyesemane Jehovah’s Witnesses

Sefora Témoins de Jéhovah

Segerike Μάρτυρες του Ιεχωβά

Segreenland Jehovap Nalunaajaasui

Setaliana Testimoni di Geova

Sejapane エホバの証人

Sekorea 여호와의 증인

Papiamento Testigonan di Jehova

Sepolishe Świadkowie Jehowy

Sepotoketsi Testemunhas de Jeová

Samoan Molimau a Ieova

Sepanishe Testigos de Jehová

Sranantongo Jehovah Kotoigi

Tagalog Mga Saksi ni Jehova

Sevietnam Nhân-chứng Giê-hô-va

[Lebokose le leqepheng la 152]

Ba Bang ba le Bone

Hase “Molula-Qhooa” feela o ileng oa bontša ho tsoa ka Bibeleng hore Jehova o ne a tla ba le lipaki lefatšeng. Ka mohlala, H. A. Ironside, bukeng “Lectures on Daniel the Prophet” (e hatisitsoeng pele ka 1911), o ile a bua ka bao litšepiso tsa bohlokoa tsa Esaia khaolo 43 li neng li tla phethahala ho bona ’me a re: “E tla ba lipaki tsa Jehova, ba tla pakela matla le khanya ea Molimo a le mong oa ’nete, athe Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi bona bo tla be bo khomaretse thetso e matla bakeng sa ho kholoa leshano la Antikreste.”

[Lebokose le leqepheng la 153]

Lebitso Lipaki tsa Jehova Linaheng tsa Bochabela le Lihleke-hlekeng tsa Pacific

Bengali যিহোবার সাক্ষিরা

Bicol, Cebuano, Hiligaynon,

Samar-Leyte, Tagalog Mga Saksi ni Jehova

Bislama Ol Wetnes blong Jeova

Sechaena 耶和華見證人

Senyesemane Jehovah’s Witnesses

Fijian Vakadinadina i Jiova

Gujarati યહોવાહના સાક્ષીઓ

Hindi यहोवा के साक्षी

Hiri Motu Iehova ena Witness Taudia

Iloko Dagiti Saksi ni Jehova

Indonesian Saksi-Saksi Yehuwa

Sejapane エホバの証人

Kannada ಯೆಹೋವನ ಸಾಕ್ಷಿಗಳು

Sekorea 여호와의 증인

Malayalam യഹോവയുടെ സാക്ഷികൾ

Marathi यहोवाचे साक्षीदार

Marshallese Dri Kennan ro an Jeova

Myanmar ယေဟောဝါသက်သေများ

Nepali यहोवाका साक्षीहरू

New Guinea Pidgin Ol Witnes Bilong Jehova

Niuean Tau Fakamoli a Iehova

Palauan reSioning er a Jehovah

Pangasinan Saray Tasi nen Jehova

Ponapean Sounkadehde kan en Siohwa

Rarotongan Au Kite o Iehova

Serussia Свидетели Иеговы

Samoan, Tuvaluan Molimau a Ieova

Sinhalese යෙහෝවාගේ සාක්ෂිකරුවෝ

Solomon Islands Pidgin all’gether Jehovah’s Witness

Tahitian Ite no Iehova

Tamil யெகோவாவின் சாட்சிகள்

Telugu యెహోవాసాక్షులు

Thai พยาน​พระ​ยะโฮวา

Tongan Fakamo‘oni ‘a Sihova

Trukese Ekkewe Chon Pwarata Jiowa

Urdu

Sevietnam Nhân-chứng Giê-hô-va

Yapese Pi Mich Rok Jehovah

[Lebokose le leqepheng la 154]

Lebitso Lipaki tsa Jehova Afrika

Seafrikaanse Jehovah se Getuies

Amharic የይሖዋ ምሥክሮች

Searabia شهود يهوه

Chicheŵa Mboni za Yehova

Cibemba Inte sha kwa Yehova

Efịk Mme Ntiense Jehovah

Senyesemane Jehovah’s Witnesses

Ewe Yehowa Ðasefowo

Sefora Témoins de Jéhovah

Ga Yehowa Odasefoi

Gun Kunnudetọ Jehovah tọn lẹ

Hausa Shaidun Jehovah

Igbo Ndịàmà Jehova

Kiluba Ba Tumoni twa Yehova

Kinyarwanda Abahamya ba Yehova

Kirundi Ivyabona vya Yehova

Kisi Seiyaa Jɛhowaa

Kwanyama Eendombwedi daJehova

Lingala Batemwe ya Jéhovah

Luganda Abajulirwa ba Yakuwa

Malagasy Vavolombelon’i Jehovah

Moore A Zeova Kaset rãmba

Ndonga Oonzapo dhaJehova

Sepotoketsi Testemunhas de Jeová

Sango A-Témoin ti Jéhovah

Sepedi Dihlatse tša Jehofa

Sesotho Lipaki tsa Jehova

Shona Zvapupu zvaJehovha

Silozi Lipaki za Jehova

Swahili Mashahidi wa Yehova

Tigrinya ናይ የሆዋ መሰኻኽር

Tshiluba Bantemu ba Yehowa

Setsonga Timbhoni ta Yehovha

Setswana Basupi ba ga Jehofa

Twi Yehowa Adansefo

Sevenda Ṱhanzi dza Yehova

Sexhosa amaNgqina kaYehova

Yoruba Ẹlẹ́rìí Jehofa

Sezulu oFakazi BakaJehova

[Lebokose le leqepheng la 154]

Lebitso Lipaki tsa Jehova Europe le Bochabela bo Hare

Albanian Dëshmitarët e Jehovait

Searabia شهود يهوه

Searmenia Եհովայի Վկաներ

Bulgarian Свидетелите на Йехова

Croatian Jehovini svjedoci

Seczech svĕdkové Jehovovi

Danish Jehovas Vidner

Sedutche Jehovah’s Getuigen

Senyesemane Jehovah’s Witnesses

Estonian Jehoova tunnistajad

Finnish Jehovan todistajat

Sefora Témoins de Jéhovah

Sejeremane Jehovas Zeugen

Segerike Μάρτυρες του Ιεχωβά

Seheberu עדי־יהוה

Sehungary Jehova Tanúi

Icelandic Vottar Jehóva

Setaliana Testimoni di Geova

Macedonian, Serbian Јеховини сведоци

Maltese Xhieda ta’ Jehovah

Norwegian Jehovas vitner

Sepolishe Świadkowie Jehowy

Sepotoketsi Testemunhas de Jeová

Romanian Martorii lui Iehova

Serussia Свидетели Иеговы

Slovak Jehovovi svedkovia

Slovenian Jehovove priče

Sepanishe Testigos de Jehová

Swedish Jehovas vittnen

Turkish Yehova’nın Şahitleri

Ukrainian Свідки Єгови

[Litšoantšo tse leqepheng la 155]

Litlhaku tsa lebitso tse qalang J W (tse se nang tlhaloso) li ne li totobalitsoe kopanong ea 1931. Ho ile ha hlalosoa seo li se bolelang puong e susumetsang e buang ka lebitso le lecha

[Litšoantšo tse leqepheng la 156]

Li ne li le motlōtlō ho tsebisa ba bang hore ke Lipaki tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela