Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • 5. Hlalosa hore na ho paka sehlekehlekeng sa Saeprase ho ne ho akarelletsa eng.

      5 Ka mor’a hore Barnabase le Saule ba ee Seleusia ka maoto, e leng boema-kepe bo haufi le Antioke, ba ile ba palama sekepe se lebang sehlekehlekeng sa Saeprase bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 200.d Kaha Barnabase o ne a tsoaletsoe Saeprase, mohlomong o ne a thahasella ho tlisetsa batho ba habo litaba tse monate. Ha banna bana ba fihla Salamise, e leng motse o lebopong le ka bochabela ho sehlekehleke sena, e ile eaba ha ba sa senya nako. Hang-hang “ba phatlalatsa lentsoe la Molimo ka matlung a Bajuda a thapelo.”e (Lik. 13:5) Barnabase le Saule ba ile ba hahlaula Saeprase eohle, mohlomong ba paka metseng ea bohlokoa eo ba neng ba feta ho eona. Ho itšetlehile ka tsela eo ba neng ba tsamaea ka eona, ho ka etsahala hore baromuoa bana ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 160!

      MATLONG A BAJUDA A THAPELO

      Sebaka seo Bajuda ba neng ba kopana ho sona se ne se bitsoa synagoge.

      Ho lumeloa hore lisynagoge li qalile ha Bajuda ba le botlamuoeng Babilona ka lilemo tse 70 kapa kapele ka mor’a moo. Lisynagoge e ne e le libaka tseo ho tsona batho ba rutoang, ba rapelang, ba balang Mangolo ’me ba khothatsoang moeeng. Lekholong la pele la lilemo C.E., motse o mong le o mong Palestina o ne o e-na le synagoge. Metse e meholo e ne e e-na le tse fetang e le ’ngoe, ’me Jerusalema e ne e e-na le tse ngata.

      Leha ho le joalo, ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babilona, hase bohle ba ileng ba khutlela Palestina. Ba bangata ba ile ba ea linaheng tse ling ka mabaka a khoebo. Hoo e ka bang lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., Bajuda ba ne ba lula liprofinseng tse 127 tsa ’Muso oa Persia. (Esth. 1:1; 3:8) Hamorao, Bajuda ba ile ba lula metseng ea Mediterranean. Bajuda bana ba hasaneng ba ile ba haha lisynagoge hohle moo ba lulang teng.

      Lisynagogeng tsena ho ne ho baloa Molao o bile o hlalosoa ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe. Ba balang ba ne ba balla sethaleng se phahameng se pota-potiloeng ke litulo ka mahlakoreng a mararo. Monna e mong le e mong oa Mojuda ea inehetseng o ne a ka bala, a ruta a ba a khothatsa.

  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • d Lekholong la pele la lilemo, sekepe se ne se ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi haeba moea o lumela. Ha maemo a le mabe, leeto le joalo le ne le ka nka nako e teletsana.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela