Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • Hamorao, ho tloha ka 1935 ho ea ho 1944, tlhahlobo ea tokisetso ea tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e ile ea senola hore phetolelo e haelloang ea Liketso 13:19, 20 ho King James Version,g hammoho le mabaka a mang a itseng, e ne e entse hore tatellano ea liketsahalo e fosahale ka nako e ka holimo ho lilemo tse lekholo.h Hamorao sena se ile sa lebisa khopolong—eo ka linako tse ling ho boleloang hore ke ntho e ka etsahalang, ka linako tse ling ho boleloa hore ke taba e tiileng haholoanyane—ea hore kaha nako ea lilemo tse likete tse supileng tsa histori ea motho li ne li tla qala ka 1975, liketsahalo tse amanang le ho qaleha ha Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete li ka ’na tsa qala ho etsahala ka nako eo.

  • Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • g Bapisa le phetolelo ea The Emphasised Bible, e fetoletsoeng ke J. B. Rotherham; bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe mabapi le Liketso 13:20 ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References.

      h Bona “’Nete e Tla le Lokolla,” khaolo XI; “The Kingdom Is at Hand,” maqephe 171-5; hape le The Golden Age, March 27, 1935, maqephe 391, 412. Leseling la mathathamo ana a lokisitsoeng a tatellano ea liketsahalo tsa Bibele, ho ne ho ka bonoa hore tšebeliso ea pele ea lilemo tsa 1873 le 1878, esita le linako tse ling tse amanang le tsona tse nkiloeng ho tsona motheong oa liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo tse amanang le tsona, li ne li thehiloe holim’a ho hloka kutloisiso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela