Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Batlang ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa—1991 | January 15
    • 2. Ke’ng se metseng ka pelong ea motho ea tšoantšetso, ka hona re bala eng ka see ka Mangolong?

      2 Motho o bontša tšekamelo e itseng ea ho itaola. O na le tšekamelo e itseng e metseng pelong ea hae ea tšoantšetso. (Mattheu 12:34, 35; 15:18-20) Ka hona, re bala ka motho eo ‘pelo ea hae e nang le tšekamelo ea ntoa.’ (Pesaleme ea 55:21, NW) Re bolelloa hore “ofe kapa ofe ea nang le tšekamelo ea khalefo o na le litšito tse ngata.” Re boetse re bala tjena: “Ho na le metsoalle e nang le tšekamelo ea ho robana likoto, empa ho na le motsoalle ea khomarelang haufinyane ho feta ngoan’abo motho.” (Liproverbia 18:24, NW; 29:22, NW) Ka ho thabisang, ba bangata ba ipaka ba tšoana le Balichaba ba bang Antioke ea boholo-holo e Pisidia. Eitse ha ba utloa ka tokisetso ea Jehova ea poloko, “ba ile ba qala ho thaba le ho tlotlisa lentsoe la Jehova, ’me bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ile ba fetoha balumeli.”—Liketso 13:44-48, NW.

  • Batlang ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa—1991 | January 15
    • 4 Ba hloekileng pelong ba hloekile ka hare. Bohloeki ba bona ke ba kananelo, likameho, litakatso, le merero. (1 Timothea 1:5) Joale ba bona Molimo ka hore ba o bona ha o nka khato molemong oa baboloki ba botšepehi. (Bapisa le Exoda 33:20; Jobo 19:26; 42:5.) Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “bona” le boetse le bolela “ho bona ka kelello, ho hlokomela, ho tseba.” Kaha Jesu o ne a bonahatsa botho ba Molimo ka ho phethahetseng, ho lemoha botho boo ho thabeloa ke “ba hloekileng pelong,” ba bontšang tumelo ho Kreste le sehlabelong sa hae se phekolang libe, ba fumanang tšoarelo ea libe tsa bona, le ba khonang ho nehelana ka borapeli bo amohelehang ho Molimo. (Johanne 14:7-9; Ba-Efese 1:7) Ho batlotsuoa, ho bona Molimo ho fihla sehlohlolong sa hona ha ba tsosetsoa leholimong, moo ba tla bona Molimo le Kreste ka sebele. (2 Ba-Korinthe 1:21, 22; 1 Johanne 3:2) Empa ho ka etsahala hore bohle ba hloekileng pelong ba bone Molimo ka tsebo e nepahetseng le ka borapeli ba ’nete. (Pesaleme ea 24:3, 4; 1 Johanne 3:6; 3 Johanne 11) Ba na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng leholimong kapa lefatšeng la paradeise.—Luka 23:43, NW; 1 Ba-Korinthe 15:50-57; 1 Petrose 1:3-5.

      5. Ke joang feela motho a ka fetohang molumeli le molateli oa ’nete oa Jesu Kreste?

      5 Ba se nang tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ke ke ba fetoha balumeli. Ha ho bonolo ho bona hore ba ka bontša tumelo. (2 Ba-Thessalonika 3:2) Ho feta moo, ha ho lea mong ea ka fetohang molateli oa ’nete oa Jesu Kreste ntle leha a ikemiselitse ho ithuta ’me Jehova, ea bonang seo pelo e leng sona, a susumetsa motho ea joalo. (Johanne 6:41-47) Ha e le hantle, ha Lipaki tsa Jehova li bolela ka ntlo le ntlo, ha li ahlole mang kapa mang esale pele. Li ke ke tsa bona se ka lipelong empa li tlohela liphello matsohong a lerato a Molimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela