Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 6/1 maq. 3-4
  • Histori ea Bibele e Nepahetse Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Histori ea Bibele e Nepahetse Hakae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bopaki ba ho Nepahala
  • Leeto la Luka Leoatleng
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Mohlala o Bululetsoeng oa Mosebetsi oa Bokreste oa Boromuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • “Ngoana oa ka ea Ratoang le ea Tšepahalang Moreneng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 6/1 maq. 3-4

Histori ea Bibele e Nepahetse Hakae?

MONGOLI oa Bibele o ile a re ho motsoalle oa hae e mocha: “Ke bua ’nete, ha ke bue leshano.” (1 Timothea 2:7, NW) Lipolelo tse joalo mangolong a Pauluse li hlahisa phephetso ho bahlahlobisisi ba Bibele.a Lilemo tse ka holimo ho 1 900 li fetile haesale mangolo a Pauluse a ngoloa. Ka mor’a nako eo eohle, ha ho ea kileng a hlahisa le ho paka ka mokhoa o atlehileng ntlha e le ’ngoe ea ho se nepahale ha mangolo a hae.

Mongoli oa Bibele Luka le eena o ne a amehile mabapi le ho nepahala ha litaba. O ile a tlaleha liketsahalo tsa bophelo le tšebeletso ea Jesu tse latetsoeng ke tlaleho ea hae e bitsoang Liketso tsa Baapostola. Luka o ngotse: “Ke lateletse lintho tsohle ho tloha qalong ka ho nepahala.”—Luka 1:3, NW.

Bopaki ba ho Nepahala

Bahlahlobisisi ba Bibele ba lekholo la bo19 la lilemo ba ile ba phephetsa ho nepahala ha Luka joaloka rahistori. Ho feta moo, ba ile ba bolela hore histori ea Liketso e qapiloe mahareng a lekholo la bobeli la lilemo C.E. Moepolli oa lintho tsa khale oa Brithani Sir William Mitchell Ramsay ke e mong ea neng a lumela sena. Empa ka mor’a ho fuputsa mabitso le libaka tse boletsoeng ke Luka, o ile a ipolela: “Butle-butle ke ile ka hlakeloa hore lintlha tse qaqileng tse fapaneng tsa pale eo li ne li bontša ’nete e makatsang.”

Ha Ramsay a ne a ngola se ka holimo, taba e amang ho nepahala ha Luka e ne e ntse e sa rarolloa. E ne e amana le metse ea Ikone, Lystra, le Derba. Luka o ile a fana ka maikutlo a hore Ikone e ne e arohile ho Lystra le Derba, a hlalosa metse ena e ’meli e le ‘metse ea Lykaonia.’ (Liketso 14:6) Empa, joalokaha ho bontšitsoe ’mapeng o sehloohong sena, Lystra e ne e le haufi le Ikone ho feta Derba. Bo-rahistori ba bang ba boholo-holo ba ne ba hlalosa Ikone e le karolo ea Lykaonia; kahoo, bahlahlobisisi ba phephetsa Luka ka ho se hlalose joalo.

Ka hona, ka 1910, Ramsay o ile a fumana seemahale masuping a Ikone se bontšang hore puo ea motse oo e ne e le Sefrygia eseng Selykaonia. Dr. Merrill Unger bukeng ea hae Archaeology and the New Testament o re: “Mantsoe a ngotsoeng a tsoang Ikone le tikolohong ea eona a tiisa ’nete ea hore ho ea ka morabe motse oo o ne o ka hlalosoa e le oa Sefrygia.” Ka sebele, Ikone ea mehla ea Pauluse e ne e na le setso sa Sefrygia ’me e arohile ‘metseng ea Lykaonia,’ eo batho ba neng ba bua “ka puo ea se-lykaonia.”—Liketso 14:6, 11.

Bahlahlobisisi ba Bibele ba hana tšebeliso ea Luka ea lentsoe “politarchs” bakeng sa babusi ba motse oa Thessalonika. (Liketso 17:6, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Lentsoe lena le ne le sa tsejoe lingoliloeng tsa Segerike. Eaba ho fumanoa arch motseng oa boholo-holo e e-na le mabitso a babusi ba motse ba hlalosoang e le “politarchs”—lentsoe leo ha e le hantle le sebelisitsoeng ke Luka. W. E. Vine bukeng ea hae Expository Dictionary of Old and New Testament Words oa hlalosa: “Ho nepahala ha Luka ho ile ha tlosoa qoso ke tšebeliso ea lentsoe leo.”

Leeto la Luka Leoatleng

Litsebi tsa likepe li hlahlobile lintlha tse qaqileng tsa ho soahlamana ha sekepe ho hlalosoang ho Liketso khaolo 27. Ho ea ka Luka, sekepe se seholo seo eena le Pauluse ba neng ba le har’a sona se ile sa fefoloa ke moea o matla oa leboea-bochabela haufi le sehleke-hleke se senyenyane sa Kauda, ’me basesisi ba sekepe ba ne ba tšohile hore ba tla fefoleloa lehlabatheng le mabōpong a kotsi a haufi le lebōpo la Afrika leboea. (Liketso 27:14, 17, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka botsebi ba ho sesisa sekepe, ba ile ba khona ho lebisa sekepe hōle le Afrika tseleng e eang bophirimela. Moea o matla o ile oa tsoela pele ka matla, ’me qetellong sekepe sa qahoa haufi le mabōpo a sehleke-hleke sa Malta, se se se tsamaile bohōle ba lik’hilomithara tse 870. Litsebi tsa likepe li lekanya hore ho ka nka sekepe sa boholo bo bokaalo se tsamaea har’a moea o matla matsatsi a ka holimo ho 13 ho hoholeloa bohōleng boo. Ho lekanya ha bona ho lumellana le tlaleho ea Luka, e bolelang hore ho soahlamana ha sekepe ho etsahetse ka letsatsi la bo14. (Liketso 27:27, 33, 39, 41) Ka mor’a ho hlahloba lintlha tsohle tse qaqileng tsa leeto la Luka la leoatleng, mosesisi oa likepe tsa moea tse nyenyane, James Smith o ile a etsa qeto: “Ke pale ea liketsahalo tsa sebele, e ngotsoeng ke ea neng a ameha ka botho ho tsona . . . Ha ho motho eo eseng mosesisi oa likepe ea ka ngolang pale ea leeto la leoatleng ka tsela e lumellanang ka likarolo tsa eona tsohle, ntle leha a ne a e shebile ka sebele.”

Ka lebaka la litšibollo tsena, litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli li ikemiselitse ho sireletsa Mangolo a Segerike a Bakreste e le histori e nepahetseng. Empa ho thoe’ng ka histori ea pejana e fumanoang Mangolong a Seheberu? Baruti ba bangata ba inehela filosofing ea kajeno ’me ba bolela hore a na le litšōmo. Leha ho le joalo, lintlha tse ngata tse qaqileng tsa histori ea pele ea Bibele le tsona li ile tsa tiisoa, ’me ha hlabisa bahlahlobisisi lihlong. Ka mohlala, nahana ka ho sibolloa ha ’Muso oa Assyria o neng o lebetsoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hape bona Ba-Roma 9:1; 2 Ba-Korinthe 11:31; Ba-Galata 1:20.

[’Mapa o leqepheng la 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

PHRYGIA

LYCAONIA

Iconium

Lystra

Derbe

MEDITERRANEAN SEA

CYPRUS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela