Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Re Lumellane”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • 9. Seo Jakobo a se khothallelitseng se ne se e-na le melemo efe?

      9 Na Jakobo o ne a ba khothalletsa ntho e nepahetseng? Ho hlakile hore ho joalo hobane baapostola le baholo ba ile ba amohela seo hamorao. Ho ile ha tlisa melemo efe? Seo a se khothalletsang se ne se ke ke sa “khathatsa,” kapa sa “thatafalletsa” Bakreste ba Balichaba ka ho ba imetsa ka Molao oa Moshe. (Lik. 15:19; New International Version) Hape, qeto ena e ne e tla hlompha matsoalo a Bakreste ba Bajuda, bao ka lilemo ba ’nileng ba utloa “libuka tsa Moshe . . . li balloa matlong a thapelo ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”b (Lik. 15:21) Ka sebele seo a ba khothallelitseng sona se ne se tla tiisa maqhama a Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ka holim’a tsohle, se ne se tla thabisa Jehova Molimo kaha se ne se lumellana le morero oa hae. Ee e bile tsela e molemo hakaakang ea ho rarolla bothata bo neng bo ka baka karohano phuthehong eohle ea batho ba Molimo le ho senya khotso ea eona! Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa phutheho ea Bakreste kajeno!

  • “Re Lumellane”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • b Ka bohlale Jakobo o ile a bua ka mangolo a Moshe, a neng a sa akarelletse Molao feela empa a boetse a tlalehile hore na Molimo o ne a sebelisana le batho joang le hore na thato ea Hae e ne e le efe pele Molao o e-ba teng. Ka mohlala, Genese e bontša ka ho hlaka hore na Molimo o ikutloa joang ka mali, bofebe le borapeli ba litšoantšo. (Gen. 9:3, 4; 20:2-9; 35:2, 4) Kahoo, Jehova o ile a senola melao-motheo ea hae e tlamang batho bohle, ebang ke Bajuda kapa Balichaba.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela