Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Loanela Hore Litaba Tse Molemo li Boleloe Thesalonika
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • Ha Pauluse a ne a fihla motseng, ka tloaelo o ne a qala ka ho buisana le Bajuda, ka lebaka la hore ba ne ba tseba Mangolo ’me seo se ne se etsa hore a qale moqoqo habonolo le bona ebe o ba thusa hore ba utloisise litaba tse molemo. Setsebi se seng se re mohlomong Pauluse o ne a tloaetse ho etsa joalo hobane o ne a amehile ka batho ba habo kapa o ne a batla ho qala ka Bajuda kapa batho ba hlomphang Molimo e le hore ho tle ho be bonolo hore a bolele ho Balichaba.—Liketso 17:2-4.

      Ha Pauluse a fihla Thesalonika, o ile a ea synagoge, moo a ileng “a behelana mabaka le [Bajuda] ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung, ’me a re: ‘Enoa ke eena Kreste, Jesu enoa eo ke mo phatlalatsang ho lōna.’”—Liketso 17:2, 3, 10.

      Seo Pauluse a ileng a se hatisa—hore na Mesia ke mang le hore na o phetha karolo efe—e ne e le taba e bakang khang. Taba ea hore Mesia o ile a hlorisoa e ne e fapane le khopolo ea Bajuda ea hore Mesia e tla ba mohale. E le hore a kholise Bajuda, Pauluse o ile a ba ‘behela mabaka,’ “a hlalosa” a ba a “paka ka litšupiso” tsa Mangolo—e leng sona se etsoang ke mosuoe ea hloahloa.a Empa bamameli ba Pauluse ba ile ba etsa’ng ha a ba hlomella ka boitsebiso boo ba bohlokoa?

  • Ho Loanela Hore Litaba Tse Molemo li Boleloe Thesalonika
    Molula-Qhooa—2012 | June 1
    • a E ka ’na eaba Pauluse o ile a sebelisa litšupiso tseo kajeno e leng Pesaleme ea 22:7; 69:21; Esaia 50:6; 53:2-7; le Daniele 9:26.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela