Agora Setsi sa Athene ea Boholo-holo
BATHO ba hlalefileng ba Athene ba ne ba ferekane! Likhopolo tse ncha li ne li lula li phatlalatsoa ho agora eo ea motse oa Greece, kapa sebakeng sa ’maraka. Leha ho le joalo, lekhetlong lena lintho li ne li fapane haholo. Monna e mong oa Mojuda ea neng a sa tsoa fihla motseng moo, o ne a bonahala e le “mophatlalatsi oa melimo esele.” O ne a bua lipolelo tse tsotehang ho “bao ho neng ho etsahala hore ebe ba teng.” Baepikure ba ikhohomosang le Bastoike ba lifahleho li thata ba ile ba botsa: “Ke’ng seo mobeberi eo a lakatsang ho se bolela?” Ka sebele, agora ea Athene e ne e le sebaka seo ho sona ho tšoareloang lipuisano tse bulehileng ka ntho leha e le efe e tlas’a letsatsi. Empa ho bua ka melimo e sa tsejoeng—ka sebele e ne e tla ba ntho e sa tloaelehang!—Liketso 17:17, 18.
Eo e bile tsela eo Baathene ba ileng ba belaela ka eona ha moapostola Pauluse a ne a qala ho bolela ka lekhetlo la pele moo agora ea Athene. O ne a bua ka Jesu Kreste le ka tsoho. Le hoja ka tloaelo ho ne ho bonahala Baathene ba bulehetse likhopolo tse ncha, ke’ng se neng se hlile se sa tloaeleha ka puisano ea likhopolo tse ncha joalo moo agora?
Athene e ba le Lepatlelo la Motse
Se neng se hlile se ikhetha e ne e le agora ka boeona le karolo ea bohlokoa eo e neng e e phetha bolumeling le bophelong ba sechaba sa Baathene. Agora ea Athene ke sebaka se batlang se le motheong se ka bang lihekthere tse 10 ka leboea-bophirimela ho Acropolise. Ho bonahala eka mathoasong a lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., nakong ea bophelo ba setsebi sa Athene sa lipolotiki le ramolao Solon, sebaka sena se ne se reretsoe ho ba setša sa lepatlelo la motse. Ho thehoa ha puso ea sechaba ka sechaba Athene, ka lintlafatso tsa eona tsa bophelo ba sechaba, ho ile ha lebisa keketsehong ea mosebetsi oa kaho lilemong tse qalang lekholong le latelang leo la lilemo. Sena se ile sa etsa hore agora e phethe karolo e ncha le ea bohlokoa ho feta.
Lentsoe la Segerike a·go·raʹ le tsoa motsong oa leetsi le bolelang “ho bokana, ho phutheha.” Sena se loketse tšebeliso ea agora kaha ke sebaka se ka sehloohong seo ho kopaneloang ho sona motseng. Agora e ile ea fetoha setsi sa bohlokoa boithabisong le bophelong ba sechaba. E ne e le sebaka sa tsamaiso ea litaba tsa sechaba le boahloli ba linyeoe, sebaka se ka sehloohong sa ’maraka le khoebo, lebala la lipapali leo ho bapaloang litšoantšiso tsa Segerike ho lona, sebaka seo ho sona ho tšoareloang lipontšo tsa boatlelete le sebaka se ratoang haholo bakeng sa ho tšoarela lipuisano tsa ba bohlale.
Na u ka thabela ho nka leeto la ho bona lithako tsa litempele, mathule, litšoantšo, liemahale le mehaho ea sechaba ea agora ea Athene? E le boiteko ba ho hlahloba agora ea nakong e fetileng, a re ke re furalleng lerata le tšubuhlellano ea motse oa kajeno ’me re tsamaee ka tsela ea kerabole, har’a lithako tse khutsitseng tsa ’mabole, majoe a betliloeng le likhoro tse helehileng tse koahetsoeng ke lihlahla le litlamatlama.
Litempele, Litempelana le Melimo e Sebeletsoang
Baeti ba khahloa ke boteng ba litempele, litempelana le libaka tse ling tse ngata tse halalelang tse nehetsoeng ho melimo e sa tšoaneng. Sena sohle se ile sa sebeletsa ho etsa agora setsi se seholo sa borapeli, se hlahlamang Acropolise. Mehleng ea Boholo-holo ea khotso le nala Athene, bolumeli bo ne bo keneletse tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba sechaba. Sena se ne se hlile se bolela hore lintho tse sa tšoaneng tse neng li bitsoa “melimo e sebeletsoang” tsa mafapha a ’muso le litšebeletso tsa sechaba li ne li fuoa libaka tse halalelang ka tempeleng ea agora.
Har’a mehaho ena, o neng o hlaheletse e ne e le Tempele ea Hephaestus. Molimotsana Athena o ne a amahanngoa le Hephaestus. Melimo ena ka bobeli e ne e rapeloa mona e le melimo e sebeletsoang ’me e emela bonono le bokhoni. Lintho tsa khale tse epolotsoeng tse entsoeng ka tšepe le letsopa ho pota-pota tempele li amahanngoa le Hephaestus, molimo oa Bagerike oa bonono ea hlokang hore ho sebelisoe mollo. Ho ka etsahala hore lekholong la bosupa la lilemo C.E., tempele ena e neng e babaletsoe hantle e ile ea fetoloa ho ba Kereke ea Greek Orthodox ea St. George, le hoja e se e se eona kajeno.
Ke ’nete hore agora e ne e hloka ho ba le molimo oa eona ea sebeletsoang. Eena e ne e le Zeuse Agoraios, eo ho nahanoang hore e ne e le mosusumelletsi oa kereke, eo ho eena ho neng ho nehetsoe aletare e khabisitsoeng ka ’mabole ea bohlokoa ea Penteli e betliloeng. (Bapisa le Liketso 14:11, 12.) Aletare e haufi ea ’Mè oa Melimo e ne e le lehlakoreng la moteoloha oa liemahale tsa bahale.
Ha re fetela pejana, re fumana tempele e nyenyane ea Ione. Setsebi sa libaka Pausanias, o e bitsa Tempele ea Apollo, Ntate. Hobane’ng? Hobane ho ea ka tšōmo ea boholo-holo ea Segerike, e ne e le ntate oa Ione, mothehi oa morabe oa Baione oo Baathene e leng karolo ea oona.a Boemong bona, Apollo e ne e le e mong oa melimo e sebeletsoang tsamaisong ea ’muso, haholo-holo mabapi le mekhatlo e sa tšoaneng ea bara ba motho e neng e le teng motseng oo.
Ho elella ka leboea, re bona lithako tsa tempele e nyenyane ea lejoe la mokoetla, e hahiloeng mahareng a lekholo la bone la lilemo B.C.E. Mona ho ne ho rapeloa Zeuse le Athena Phatrios, e leng melimo e ka sehloohong ea mekhatlo ea bolumeli ea bara ba motho ea boholo-holo. Ho ba setho sa eona e ne e batla e le ntho ea bohlokoa ho moahi oa Athene ea nang le litokelo. Ka mose oane feela, re fumana lithako tsa aletare ea Melimo e Leshome le Metso e ’Meli.
Haufi le moo e ne e le Mathule a Zeuse Eleutherios, e leng molimo ea ka sehloohong oa Bagerike eo le eena a neng a tlotloa, lekhetlong lena e le molimo oa tokoloho le topollo. Mathule ana e ne e le sebaka se bulehileng seo ho kopaneloang ho sona le se ratoang. Ho boleloa hore rafilosofi ea tummeng Socrates o ne a kopana le metsoalle ea hae mathuleng ana, e leng moo ba neng ba ka lula ho tšohla litaba tsa bona kapa ba otlollela maoto teng. Linyehelo tse ngata le mahlabelo a mangata tse neng li etsoa ho khabisa mathule ana, tse kang tsa lithebe tsa bahlabani ba ileng ba shoela ho sireletsa Athene, li ne li amana ka ho toba le ho lopolloa ha motse lireng tsa oona kapa ho bolokoa ha tokoloho ea oona.
Panathenaean Way
Agora e paroloa ke ’mila oa kerabole o bitsoang Panathenaean Way. Lebitso la oona le tšobotsi ea oona e khethehileng li nkiloe moketeng oa sechaba oa Athene, e leng Panathenaea. Nakong ea mokete ona lesira la molimotsana Athena le ne le tsamaisoa tseleng ena ho tloha Ntlong ea Mokoloko (haufi le keiti ea motse) ho ea Acropolise. Mekhabiso e Tempeleng ea Athena e re thusa ho bona bokhabane le botle bo hlollang mokolokong ona oa mokete—bapalami ba lipere, ba likoloi tse lebelo tsa lipere, likhomo le linku tsa sehlabelo, bahlankana le baroetsana ba jereng thepa e tla sebelisoa ha ho etsoa sehlabelo. Mokoloko ona o ne o shebelloa ke baahi ba Athene le baeti ba bona, bao molemong oa bona litsebi tsa meralo ea mehaho li ileng tsa bula sebaka se lekaneng ha li rala agora. Ka mohlala, lebala le katiloeng le methati ea mathule li ne li raliloe ka botsebi haufi le tsela ea mokoloko. Litepisi tse ngata tse neng li betliloe ka pel’a mathule li ne li ka lulisa bashebelli ba bangata.
“O Tletse Litšoantšo Tse Rapeloang”
Ka ho bokelloa ha litempele, litšoantšo le liemahale tse ngata joalo, hase ho makatsang hore ebe moapostola Pauluse “moea oa hae ka hare ho eena [o ile] oa halefa ha a bona hore motse oo o ne o tletse litšoantšo tse rapeloang.” (Liketso 17:16) Seo Pauluse a ileng a se hlokomela ha a kena ho agora se tlameha se ile sa mo tšosa. Litšoantšo tse emelang setho sa botona sa molimo Hermese li ne li le ngata hoo mathule ’ohle, a tsejoang ka hore ke Mathule a Hermese, a neng a hlokahala bakeng sa ho li boloka. Liaparo tse litšoantšong tse ling tsa Hermese tse pentiloeng li ne li pentiloe mapetjo—e leng matšoao a matla a kemolo le a bophelo. Ho ne ho e-na le setšoantšo sa Venuse Genetrix, e leng molimotsana oa lerato la botona le botšehali, hammoho le se seng sa Dionysus se nang le matšoao a mangata a emelang setho sa botona. Lejoe le etsang moeli le nang le sekoti se tšetseng metsi “a halalelang” bakeng sa hore bohle ba kenang ba itlhoekisetse mokete, le ne le tšoaea “ho halalela” ha agora.
Ha re talima tikoloho e neng e tletse bolumeli joalo, re ka utloisisa habonolo lebaka leo Pauluse a neng a le kotsing e fetisisang ka lona. O ile a belaelloa ka hore ke “mophatlalatsi oa melimo esele,” ’me ka nako eo molao o ne o bolela hore ‘ha ho motho ea tla ba le melimo e meng e fapaneng, kapa e mecha; leha e le hore a rapele ka sekhukhu melimo e meng e sa tsejoeng ntle leha e ka lumelloa phatlalatsa.’ Kahoo, hase ho makatsang hore ebe moapostola o ile a isoa Areopago ho ea hlongoa lipotso teng.—Liketso 17:18, 19.
Setsi sa Tsamaiso
Mohaho o chitja o neng o bitsoa Tholose e ne e le ntlo-khōlō ea ’muso oa Athene. Balula-setulo ba bangata ba motse ba ne ba robala mohahong ona bosiu e le hore liofisiri tse ikarabellang li fumanehe ka linako tsohle. Ho ne ho bolokoa litekanyetso tsa boima le tsa lintho tse ling ka Tholoseng. Mehaho ea mafapha a fapaneng a tsamaiso e ne e le haufi le moo. Ntlo ea Lekhotla e ne e le sebakeng se fatiloeng se mosikong oa leralla ka leboea-bophirimela ho Tholose. Mono, litho tsa Lekhotla tse 500 li ne li tšoarela seboka seo ho sona li neng li hlophisa mosebetsi le ho rala tsamaiso ea molao bakeng sa Seboka.
Mohaho o mong oa bohlokoa oa sechaba e ne e le oa Mathule a Boreneng. ’Maseterata e Moholo oa Boreneng ba Athene—e leng e mong oa bo-’maseterata ba bararo ba baholo motseng—o ne a e-na le setulo. O ne a sebetsana le boikarabelo bo boholo ba tsamaiso ea bolumeli hammoho le litaba tsa molao a le moo. Mohlomong ho ka etsahala hore ebe e ne e le hona mona moo ho neng ho batloa hore Socrates a hlahe teng ha a ne a qosoa ka ho nyefola. Melao ea boholo-holo ea Athene e ne e ngotsoe maboteng a mohaho o shebaneng le ona. Bo-’maseterata ba ka sehloohong, ba ne ba ema selemo le selemo lejoeng le neng le behiloe ka pel’a mohaho oo ho nka likano tsa bona tsa mosebetsi.
Mathule a Attaluse
Mohaho o baballehileng ka ho fetisisa oa agora ke Mathule a Attaluse. Ha e sa le mohlankana, Attaluse, Morena oa Pergame (oa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.), o ne a ile a ithutela likolong tsa Athene, joalokaha ho entse litloholo tse ling tse ’maloa tsa malapa a borena linaheng tsa Mediterranean. Hoba a hloelle teroneng ea hae, o ile a etsa mpho ena e makatsang—Mathule a Attaluse—ho ba seemahale sa hae motseng.
Mosebetsi oa sehlooho oa Mathule a Attaluse e ne e le ho fana ka bolulo le sebaka se majabajaba sa boikhathollo bakeng sa ho thabela botsoalle le moqoqo. Mabala a ’ona le sebaka sa ’ona se katiloeng a ne a fana ka libaka tse ntle tseo ha batho ba le ho tsona ba ka shebellang mokoloko, ha ka nako e tšoanang botumo ba ’ona ba hore ke sebaka sa boikhathollo le bona e tlameha ebe bo ile ba tlatsetsa katlehong ea ’ona ea ho ba setsi sa khoebo. E ka ’na eaba ’Muso o ne o hirisetsa bahoebi mabenkele e le hore mohaho oo o sebeletse e le mohloli oa ho kenya chelete.
Hoba a tsosolosetsoe boemong ba ’ona ba qalong, Mathule a Attaluse a fana ka mohlala o babatsehang oa tsebo ea lipalo. Likarolo tsohle tsa ’ona, marako a ’ona a khahlang a sa lekaneng ka boholo mekatong e ka tlaase le e ka holimo, menyakoe e etsoang ke mabone a bapalang le bokhabane le botle ba thepa ea ’ona, tsohle tseo li a etsa a ikhethang. Hore a se shebahale ka tsela e tenang ho ile ha sebelisoa mekhoa e sa tšoaneng, ka ho khetheha ha sebelisoa mefuta e meraro ea litšiea—e leng ea Badoria, Baione le Baegepeta.
Sebaka sa Mesebetsi ea Moetlo
Mohaho o neng o sebeletsa ho bontša liketsahalo tse ngata tsa moetlo, Athene, e ne e le oa holo ea Konsarete. E ne e le mpho ea Vipsanius Agrippa, e leng mokhoenyana oa Moemphera Augustase oa Roma. Karolo ea ’ona e ka pele, e ne e katiloe ka ’mabole ea mebala-bala. Holo eo, e ka lulang batho ba ka bang 1000, e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang 25 ’me qalong e ne e ruletsoe ka marulelo a se nang maballo. E bile teko e sebete hakaakang ea ho rulela lefatšeng la boholo-holo! Leha ho le joalo, mohlomong boithabiso bo bongata bo neng bo etsetsoa mono e ne e tla ba bo belaetsang bakeng sa Bakreste ba ’nete, ba nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro.—Baefese 5:3-5.
Ho ka etsahala hore ebe batho ba bohelehele ba mehleng ea boholo-holo ba ile ba etela Laebrari ea Pantainos. Mabota a eona a ne a tletse liraka tseo meqolo ea loli le ea letlalo e ngotsoeng ka letsoho e neng e bolokoa ka ho tsona. Karolo e khōlō ea laebrari e ne e shebile ka bophirimela ’me pakeng tsa litšiea motho o ne a ka bona mabala a mathule—e leng sebaka se ratehang sa ho otlolla maoto, ho bala, kapa ho thuisa. Ho ile ha fumanoa mongolo o nang le litaelo tse peli tsa laebrari. Li ne li re: “Ha ho buka e lokelang ho tlosoa mona” le “[Laebrari] e buloa ho tloha ka hora ea pele ho isa ho ea botšelela.”
Agora Kajeno
Lilemong tsa morao tjena, agora e ’nile ea epolloa ka hohle-hohle ke Sekolo sa Amerika sa Liphuputso tsa Lintho tsa Khale tsa Bagerike le Baroma. Ho iphomolela ka khotso moriting oa Acropolise e phahameng, ho fetohile ntho e ratoang haholo ke bahahlauli ba batlang ho tseba ka bokhutšoaane histori ea Athene ea boholo-holo.
’Marakeng oa thepa e sebelitseng o haufinyane oa Monastiraki—e leng sebaka se batlang se khutsitse thōkoana le agora le Acropolise—ke sebaka se seng se hlollang. Se fa moeti boikutlo bo bong bo makatsang empa e le bo thabisang ka setso sa Bagerike le mesebetsi le linyehlisetso tsa litsi tse ling tsa mabenkele tse tšoanang le sona Linaheng tsa Bochabela bo Hare. ’Me ha e le hantle, moeti a ka bona Lipaki tsa Jehova moo li etsa ka thabo seo moapostola Pauluse a neng a se etsa lilemong tse fetang 1900 tse fetileng—li bolela phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ho ‘bao ho etsahalang hore ebe ba teng.’
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Khoebo ea Athene
Agora e ne e se setsi sa ba bohlale le sa litaba tsa sechaba feela, Athene, empa e ne e boetse e le ’maraka o moholo oa motse. Athene e ile ea fetoha setsi se tummeng sa khoebo, ka lebaka la boleng bo holimo ba chelete ea eona le bo-’maseterata ba eona ba ka sehloohong ba tšepahalang, ba neng ba laetsoe hore ba etse bonnete ba hore litšebelisano tsohle tsa khoebo li etsoa ka ’nete le ka ho hloka leeme.
Athene e ne e rekisetsa linaha tse ling veine, oli ea mohloaare, mahe a linotši, ’mabole le lihlahisoa tse ling tsa khoebo tse kang tse entsoeng ka letsopa le tšepe. Eona e ne e reka koro ka bongata linaheng tse ling. Kaha Attica (sebaka se haufi le Athene) e ne e se na lihlahisoa tse lekaneng ho fepa baahi ba eona, litšebelisano tsa khoebo li ne li le thata. ’Maraka oa Piraeus (koung ea Athene) o ne o lula o e-na le lijo tse lekaneng tse ncha bakeng sa ho fepa motse hammoho le lebotho. ’Me bo-rakhoebo ba ne ba sa lumelloa hore ba bokelle lijo e le hore ba tle ba li rekise ka litheko tse phahameng nakong ea tlala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso Baione le tsoa ho Javane, e leng mor’a Jafeta le setloholo sa Noe.—Genese 10:1, 2, 4, 5.