Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 11/15 maq. 18-23
  • Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsepamisa Mohopolo ho Seo Batho ba se Hlokang
  • Ithute Mehlaleng ea Mesuoe e Meng
  • Bula Menyetla ea ho Etsa Barutuoa
  • Tsoelang Pele ho Batla ba Tšoanelehang
  • Akuila le Prisila—Banyalani ba Behang Mohlala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Apolose—’Moleli oa ’Nete ea Bokreste ea Kheleke Puong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bakreste Baa Hlokana
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho “Hola le ho Hlola” Har’a Khanyetso
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 11/15 maq. 18-23

Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa

“Ha Prisilla le Akuila ba . . . utloa [Apolose], ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.”—Liketso 18:26.

1. Le hoja Apolose a “ne a cheseha moeeng,” o ne a hloka eng?

PRISILLA le Akuila, banyalani ba bang ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba ile ba bona Apolose a ntse a fana ka puo synagogeng ea motse oa Efese. Apolose o ne a se a hapile bamameli ba hae ka lebaka la bokheleke ba hae ba ho bua le matla a hae a ho susumetsa. “O ne a cheseha moeeng” ’me a “ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu.” Leha ho le joalo, ho ne ho hlakile hore Apolose o ne “a tloaelane le kolobetso ea Johanne feela.” Seo Apolose a neng a se bua mabapi le Kreste le sona e ne e ntse e le ’nete. Bothata e ne e le hore se ne se sa qaqa hantle. Ho ne ho hlokahala hore Apolose a eketse tsebo ea hae e mabapi le hore na Jesu Kreste o kenella joang phethahatsong ea morero oa Jehova.—Liketso 18:24-26.

2. Prisilla le Akuila ba ile ba amohela phephetso efe?

2 Prisilla le Akuila ha baa ka ba tsilatsila ho ithaopela ho thusa Apolose hore e be motho ea bolokang “lintho tsohle” tseo Kreste a ileng a laela hore li etsoe. (Matheu 28:19, 20) Tlaleho eo e re ba ile ba nka Apolose “hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” Leha ho le joalo, Apolose o ne a e-na le lintho tse ling tse neng li ka etsa hore Bakreste ba bang ba be leqe ho mo ruta. Ke lintho life? Hona re ka ithuta eng boitekong ba Prisilla le Akuila ba ho buisana le Apolose ka Mangolo? Ho hlahloba tlaleho ee ea histori ho ka re thusa joang ho tsepamisa mehopolo ho qaliseng lithuto tsa lehae tsa Bibele?

Tsepamisa Mohopolo ho Seo Batho ba se Hlokang

3. Ke hobane’ng ha boemo ba Apolose bo sa ka ba sitisa Akuila le Prisilla ho mo ruta?

3 Apolose e ne e le Mojuda ka tsoalo, ’me ho hlakile hore o ile a hōlela motseng oa Alexandria. Ka nako eo Alexandria e ne e le motse-moholo oa Egepeta ebile e le setsi sa thuto e phahameng, e ne e tumme ka laebrari ea eona e khōlō. Motse oo o ne o e-na le baahi ba bangata ba Bajuda, ba neng ba akarelletsa le litsebi. Kahoo, phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu e tsejoang e le Septuagint e ile ea etsoa hona moo. Hase feela Apolose a neng “a rutehile haholo Mangolong”! Akuila le Prisilla ba ne ba etsa litente. Na bokheleke ba Apolose ba ho bua bo ile ba ba tšosa? Che. Ka lebaka la lerato, ba ile ba nahana ka eena, ka litlhoko tsa hae le ka hore na ba ka mo thusa joang.

4. Apolose o ile a fumana thuso eo a neng a e hloka hokae hona joang?

4 Ho sa tsotellehe hore na Apolose e ne e le kheleke hakae ha a bua, o ne a hloka ho rutoa. Thuso eo a neng a e hloka e ne e ke ke ea fumanoa univesithing efe kapa efe empa e ne e fumanoa har’a Bakreste-’moho le eena ka phuthehong. Apolose o ne a tla tloha a rua molemo lintlheng tse neng li tla fella ka hore a fumane kutloisiso e nepahetseng haholoanyane ea tokisetso ea Molimo ea poloko. Prisilla le Akuila “ba [ile ba] mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.”

5. U ka re’ng ka bomoea ba Prisilla le Akuila?

5 Prisilla le Akuila ba ne ba le matla moeeng ’me ba tiile tumelong. E ka ’na eaba ‘kamehla ba ne ba loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea neng a batla lebaka bakeng sa tšepo e ho bona,’ ho sa tsotellehe hore na e ne e le morui, mofutsana, setsebi, kapa lekhoba. (1 Petrose 3:15) Akuila le mosali oa hae ba ne ba khona ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:15) Ho hlakile hore e ne e le liithuti tse khothetseng tsa Mangolo. Apolose o ile a angoa ka matla ke thuto e thehiloeng ‘lentsoeng la Molimo le phelang, le fanang ka matla’ le le amang pelo.—Baheberu 4:12.

6. Re tseba joang hore Apolose o ile a ananela thuso eo a ileng a e fumana?

6 Apolose o ile a ananela mohlala oa mesuoe ea hae eaba o ba le tsebo e khōloanyane ea ho etsa barutuoa. O ile a sebelisa tsebo ea hae ka katleho mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo, haholo-holo har’a Bajuda. Apolose o ne a ipabola ho susumetseng Bajuda hore ba lumele ho Kreste. ‘Kaha o ne a le matla litabeng tsa Mangolo,’ o ile a khona ho ba kholisa hore baprofeta bohle ba boholo-holo ba ne ba lebeletse ho tla ha Kreste. (Liketso 18:24, Kingdom Interlinear Translation) Tlaleho eo e eketsa ka hore ka mor’a moo Apolose o ile a ea Akaia, moo a ileng “a thusa ka tsela e khōlō ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo; kaha ka matla a maholo o ile a paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse, ha a ntse a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.”—Liketso 18:27, 28.

Ithute Mehlaleng ea Mesuoe e Meng

7. Ho ile ha tla joang hore Akuila le Prisilla e be mesuoe e nang le tsebo?

7 Ho ile ha tla joang hore Akuila le Prisilla e be mesuoe e nang le tsebo ea Lentsoe la Molimo? Ntle le hore ba ne ba khothalletse thuto ea botho le ho ba teng libokeng, ho tloaelana ha bona le moapostola Pauluse ho tlameha ebe ho ile ha ba thusa haholo. Pauluse o ile a lula lapeng la Prisilla le Akuila Korinthe ka likhoeli tse 18. Ba ne ba sebetsa hammoho ba etsa litente le ho li lokisa. (Liketso 18:2, 3) Nahana hore na e tlameha ebe ba ne ba bua ka lintho tse tebileng hakae tsa Mangolo. E tlameha ebe ba ne ba rua molemo o mokaakang moeeng ka setsoalle sa bona le Pauluse! Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” Litloaelano tse ntle li ile tsa e-ba le phello e ntle mekhoeng ea bona ea lintho tsa moea.—1 Bakorinthe 15:33.

8. Prisilla le Akuila ba ile ba ithuta eng ka ho shebella Pauluse tšebeletsong ea hae?

8 Ha Prisilla le Akuila ba ntse ba shebelletse Pauluse e le ’moleli oa ’Muso, ba ile ba bona mosuoe ea behang mohlala o motle. Tlaleho e ho Liketso e re Pauluse “o ne a fana ka puo ka synagogeng [Korinthe] ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe ’me o ne a susumetsa Bajuda le Bagerike.” Hamorao, ha Silase le Timothea ba fihla ho eena, Pauluse o ile “a qala ho tšoareha ka matla haholo ka lentsoe, a pakela Bajuda ho tiisa hore Jesu ke Kreste.” Eitse ha ho sa fumanoe batho ba thahasellang har’a litho tsa synagoge, Prisilla le Akuila ba ile ba hlokomela hore Pauluse o ile a fallela ntlong e neng e kopane le synagoge sebakeng seo ho sona ho neng ho e-na le batho ba thahasellang haholoanyane. Moo, Pauluse o ile a khona ho thusa Krispase, “molaoli ea okamelang oa synagoge” hore e be morutuoa. E ka ’na eaba Prisilla le Akuila ba ile ba hlokomela hore ho etsoa ha morutuoa eo a le mong ho ile ha e-ba le liphello tse matla le tse nang le litholoana tšimong eo. Tlaleho eo e re: “Krispase . . . ea e-ba molumeli ho Morena, ’me ha e-ba joalo le ka bohle ba ntlo ea hae. Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa ba qala ho lumela le ho kolobetsoa.”—Liketso 18:4-8.

9. Prisilla le Akuila ba ile ba latela mohlala oa Pauluse joang?

9 Mohlala oa Pauluse tšebeletsong ea tšimo o ile oa etsisoa ke baboleli ba bang ba ’Muso, ba kang Prisilla le Akuila. Moapostola enoa o ile a khothatsa Bakreste ba bang, a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakorinthe 11:1) Tumellanong le mohlala oa Pauluse, Prisilla le Akuila ba ile ba thusa Apolose hore a utloisise lithuto tsa Bokreste ka ho nepahetseng haholoanyane. Apolose le eena, o ile a thusa ba bang. Ha ho pelaelo hore Prisilla le Akuila ba ile ba thusa ho etsa barutuoa Roma, Korinthe le Efese.—Liketso 18:1, 2, 18, 19; Baroma 16:3-5.

10. U ithutile eng ho Liketso khaolo ea 18 e tla u thusa mosebetsing oa ho etsa barutuoa?

10 Re ka ithuta eng ka seo re se hlahlobileng ho Liketso khaolo ea 18? Feela joalokaha e ka ’na eaba Akuila le Prisilla ba ile ba ithuta ho Pauluse, le rōna re ka ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho etsa barutuoa ka ho latela mohlala oa mesuoe e hloahloa ea Lentsoe la Molimo. Re ka tloaelana le ba ‘tšoarehileng ka matla haholo ka lentsoe’ le ba ‘pakelang ba bang ka ho phethahetseng.’ (Liketso 18:5, Kingdom Interlinear Translation) Re ka shebella tsela eo ka eona ba finyellang lipelo tsa batho ka ho sebelisa tsebo e susumetsang ea ho ruta. Tsebo e joalo e ka re thusa ho etsa barutuoa. Ha motho a ithuta Bibele le rōna, re ka ’na ra mo khothalletsa hore a meme litho tse ling tsa lelapa kapa baahelani hore ba be teng thutong. Kapa re ka mo kōpa hore a re tsebise ba bang bao re ka ba kōpang ho ithuta Bibele le bona.—Liketso 18:6-8.

Bula Menyetla ea ho Etsa Barutuoa

11. Barutuoa ba bacha ba ka fumanoa hokae?

11 Pauluse le Bakreste-’moho le eena ba ile ba batla menyetla ea ho etsa barutuoa ka ho bolela ka ntlo le ntlo, limmarakeng le ha ba le maetong—ha e le hantle, hohle. Joaloka mosebetsi ea chesehang oa ’Muso ea batlang ho etsa barutuoa, na u ka ntlafatsa likarolong tse itseng tsa tšebeletso ea tšimo? Na u ka sebelisa ka katleho menyetla ea ho batla ba tšoanelehang ebe u ba bolella litaba tse molemo? Bahoeletsi-’moho le rōna ba litaba tse molemo ba fumane barutuoa ka litsela life tse ling? A re qaleng ka ho bona kamoo tšimo ea ho paka ka thelefono e etsoang kateng.

12-14. Bontša melemo ea ho paka ka thelefono ka hore u phete phihlelo eo u bileng le eona kapa e ’ngoe ea tse lirapeng tsena.

12 Ha Mokreste e mong eo re tla mo bitsa Maria a ntse a paka ka ntlo le ntlo Brazil, o ile a fana ka pampitšana ho moroetsana e mong ea neng a falla mohahong o mong oa lifolete. Maria o ile a sebelisa sehlooho sa pampitšana ho kenyelletsa taba ea hae, eaba o mo botsa potso e reng, “Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka Bibele?” Moroetsana enoa o ile a mo araba a re: “Nka rata ho tseba ho eketsehileng. Empa bothata ke hore ke mosuoe, ’me ho ruta ho nka nako ea ka kaofela.” Maria o ile a hlalosa hore ba ka tšohla lihlooho tsa Bibele ka thelefono. Moroetsana eo o ile a fa Maria nomoro ea hae ea thelefono, ’me hona mantsiboeeng ao, o ile a qala thuto ka thelefono a sebelisa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? a

13 Ha mosebeletsi e mong oa nako e tletseng oa Ethiopia a ntse a tšoarehile a paka ka thelefono, o ile a makala ha a bua le monna e mong empa a utloa hore moo monna eo a leng teng ho lerata. Monna eo o ile a mo kōpa hore a tle a letse hamorao. Ha a letsa, monna eo o ile a kōpa tšoarelo ’me a bolela hore nakong ea ha a ne a letsitse pejana, eena le mosali oa hae ba ne ba omana ka matla. Morali’abo rōna o ile a sebelisa taba ena e le monyetla oa ho bua ka tataiso e bohlale eo Bibele e fanang ka eona bakeng sa ho sebetsana le mathata a lelapa. O ile a mo bolella hore malapa a mangata a thusitsoe ke buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Matsatsi a seng makae ka mor’a hore ho isoe buka ena, morali’abo rōna o ile a letsetsa monna enoa hape. O ile a re: “Buka ena e ntšitse lenyalo la ka mathateng!” Ha e le hantle, o ne a ile a tšoara seboka sa lelapa hore a le bolelle lintlha tse molemo tseo a neng a li balile bukeng ena. Ho ile ha qalisoa thuto ea lehae ea Bibele, ’me kapele monna enoa o ile a qala ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste.

14 Mohoeletsi e mong oa ’Muso oa Denmark, ea ileng a qala thuto ea Bibele ka ho paka ka thelefono, o re: “Molebeli oa tšebeletso o ile a nkhothalletsa hore le ’na ke be e mong oa ba pakang ka thelefono. Qalong ke ile ka tsilatsila, ke re: ‘Hoa nkimela.’ Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ke ile ka iteta sebete eaba ke letsetsa motho oa pele. Sonja o ile a araba ’me, ka mor’a moqoqo o mokhutšoanyane, o ile a lumela hore a ka amohela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Mantsiboeeng a mang re ile ra tšohla taba ea pōpo, ’me o ile a re a ka rata ho bala buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation.b Ke ile ka mo bolella hore ho ka ba hotle haeba re ka teana ’me ra tšohla taba ena. O ile a lumela. Ha ke fihla Sonja o ne a se a loketse ho ithuta, ’me haesale ho tloha ka nako eo re ’nile ra ithuta beke le beke.” Morali enoa oabo rōna oa Mokreste o lihela likhala ka ho re: “Ka lilemo tse ngata ke ne ke ile ka rapella ho ba le thuto ea Bibele, empa ke ne ke sa lebella ho e fumana ka ho paka ka thelefono.”

15, 16. Ke liphihlelo life tseo u ka li phetang ho bontša melemo ea ho falimehela litsela tse sa tšoaneng tsa ho qalisa lithuto tsa Bibele?

15 Ba bangata baa atleha ka lebaka la ho sebelisa litlhahiso tsa ho pakela batho hohle moo ba leng teng. United States mosali e mong oa Mokreste o ile a emisa koloi ea hae pel’a vene e ’ngoe e neng e emisitsoe moo ho pakoang likoloi teng. Eitse ha mosali ea ka veneng a mo sheba, morali’abo rōna o ile a mo hlalosetsa ka mosebetsi oa ho ruta Bibele oo re o etsang. Mosali enoa o ile a mamela, a tsoa ka veneng, eaba o ea koloing ea morali enoa oabo rōna. O ile a re: “Kea thaba hore ebe u ile ua ema ’me ua bua le ’na. Ke khale ke sa fumane lingoliloeng tsa lōna tsa Bibele. Ntle ho moo, ke batla ho ithuta Bibele hape. Na u ka ithuta le ’na?” Kahoo, morali’abo rōna o ile a bula monyetla o motle oa ho bolela litaba tse molemo.

16 Ha morali e mong oabo rōna oa United States a ne a etetse lehaeng le leng la batho ba hlokang tlhokomelo o ile a ba le phihlelo ena: O ile a ea ho motsamaisi oa mesebetsi e itseng ea lehae leo ’me a mo bolella ka takatso ea hae ea ho thusa batho ba moo moeeng. Morali’abo rōna o ile a phaella ka ho re a ka thabela ho khanna thuto ea Bibele ea beke le beke le bohle ba tla rata ho ba teng ho eona. Motsamaisi enoa o ile a mo lumella ho etela likamore tsa batho ba fapa-fapaneng ba lulang moo. Kapele feela o ne a se a khanna lithuto tsa Bibele ka makhetlo a mararo ka beke le batho ba 26 ba lulang moo, ’me e mong oa bona o khona ho ea libokeng tsa rōna kamehla.

17. Ke mokhoa ofe oa ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele oo hangata o atlehang?

17 Baboleli ba bang ba ’Muso ba fumana liphello tse molemo ka ho bolella batho ka ho toba hore ba kōpa ho ithuta Bibele le bona. Hoseng ho hong phutheho e ’ngoe e nang le bahoeletsi ba 105 e ile ea etsa boiteko bo khethehileng ba ho kōpa hore ba ithute Bibele le motho e mong le e mong eo ba mo fumanang lapeng. Bahoeletsi ba 86 ba ile ba kopanela tšebeletsong ea tšimo, ’me ka mor’a lihora tse peli ba le mosebetsing oa ho bolela, ba ile ba fumana hore bonyane ho qalisitsoe lithuto tse ncha tsa Bibele tse 15.

Tsoelang Pele ho Batla ba Tšoanelehang

18, 19. Ke taelo efe ea bohlokoa e tsoang ho Jesu eo re lokelang ho e hopola, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng e le hore re e finyelle?

18 Kaha u ’moleli oa ’Muso, u ka ’na ua rata ho leka litlhahiso tse boletsoeng sehloohong sena. Leha ho le joalo, ha u nahana ka litsela tse itseng tsa ho paka, e ka ba hantle ha u ka hopola mekhoa e tloaelehileng sebakeng sa heno. Ka holim’a tsohle, a re hopoleng taelo ea Jesu ea hore re batle ba tšoanelehang ’me re thuse batho ba joalo hore e be barutuoa.—Matheu 10:11; 28:19.

19 E se eka re ka finyella sena ka ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ Re ka etsa joalo ka ho sebelisa tšusumetso e thehiloeng ka tieo Mangolong. Sena se tla re thusa ho finyella lipelo tsa ba amohelang litaba tse molemo le ho ba susumelletsa ho nka khato. Ha re ntse re itšetlehile ka Jehova ka thapelo, re ka kenya letsoho mosebetsing oa ho thusa ba bang hore e be barutuoa ba Jesu Kreste. ’Me mosebetsi ona o putsa haholo! Kahoo, a re ‘etseng sohle se matleng a rōna ho itlhahisa re amoheleha ho Molimo,’ ka linako tsohle re le baboleli ba chesehang ba ’Muso ba hlomphang Jehova, ba bolelang ka morero oa ho etsa barutuoa.—2 Timothea 2:15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

Na Ua Hopola?

• Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore Apolose a qaqisetsoe tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane?

• Prisilla le Akuila ba ile ba ithuta ka litsela life ho moapostola Pauluse?

• U ithutile eng ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa ho Liketso khaolo ea 18?

• U ka bula menyetla ea ho etsa barutuoa joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Prisilla le Akuila ba ile ba “qaqisetsa” Apolose “tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane”

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Apolose o ile a ba le tsebo ea ho etsa barutuoa

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Pauluse o ne a bolela hohle moo a neng a e-ea teng

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Bula menyetla ea ho bolela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela