Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/15 maq. 22-24
  • Akuila le Prisila—Banyalani ba Behang Mohlala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Akuila le Prisila—Banyalani ba Behang Mohlala
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baetsi ba Litente
  • Mehlala ea Kamohelo e Mofuthu ea Baeti
  • ‘Ba Behile Melala ea Bona Kotsing’ Bakeng sa Pauluse
  • Banyalani ba Atamelaneng
  • Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “U se ke oa Tšaba, U ’ne U Bue U sa Khaotse”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Bakreste Baa Hlokana
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/15 maq. 22-24

Akuila le Prisila—Banyalani ba Behang Mohlala

“NTUMELISETSENG Priska le Akuila basebetsi-’moho le ’na ho Kreste Jesu, ba behileng melala ea bona kotsing bakeng sa soule ea ka, bao e seng ’na feela ea ba lebohang empa hape le liphutheho tsohle tsa lichaba.”—Baroma 16:3, 4.

Mantsoe ana a moapostola Pauluse a eang phuthehong ea Bokreste e Roma a bontša hore o ne a hlompha banyalani bana haholo a bile a ba ela hloko ka mofuthu. O ile a tiisa hore ha a ba hlokomolohe ha a ngolla phutheho ea bona. Empa batho baa ba babeli bao e neng e le “basebetsi-’moho” le Pauluse e ne e le bo-mang, hona ke hobane’ng ha ba ne ba rateha hakaale ho eena le ho liphutheho?—2 Timothea 4:19.

Akuila e ne e le Mojuda ea lulang ka ntle ho Palestina (sebakeng sa Bajuda ba qhalakaneng) ebile e le letsoalloa la Pontase, sebaka se Asia Minor ka leboea. Eena le mosali oa hae Prisila (Priska) ba ne ba lula Roma. Ho ne ho e-na le sechaba sa Bajuda se sengata haholo motseng oo, hoo e ka bang ho tloha ha Pompey a hapa Jerusalema ka 63 B.C.E., ha batšoaruoa ba bangata haholo ba ne ba isoa Roma e le makhoba. Ha e le hantle, mantsoe a ngotsoeng a Baroma a senola boteng ba lisynagoge tse 12 kapa tse ka holimo ho moo motseng oo oa boholo-holo. Bajuda ba bangata ba tsoang Roma ba ne ba le teng Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E., ha ba ne ba utloa litaba tse molemo. Mohlomong ke ka bona molaetsa oa Bokreste o ileng oa finyella motse-moholo oa ’Muso oa Roma pele.—Liketso 2:10.

Leha ho le joalo, Bajuda ba ne ba lelekiloe Roma ka selemo sa 49 kapa mathoasong a 50 C.E. ka taelo ea Moemphera Claudiase. Kahoo, e ne e le motseng oa Bagerike oa Korinthe moo moapostola Pauluse a ileng a kopana le Akuila le Prisila. Ha Pauluse a fihla Korinthe, Akuila le Prisila ka mosa ba ile ba mo amohela ka mofuthu ba ba ba mo fa mosebetsi, hobane ba ne ba etsa mosebetsi o tšoanang—oa ho etsa litente.—Liketso 18:2, 3.

Baetsi ba Litente

Ona e ne e se mosebetsi o bobebe. Ho etsa litente ho ne ho akarelletsa ho seha le ho kopanya likotoana tsa lesela kapa letlalo le thata. Ho latela rahistori Fernando Bea, e ne e le “mosebetsi o neng o hloka tsebo le tlhokomelo” ka lehlakoreng la baetsi ba litente ba neng ba sebetsa ka “masela a hoashang, a thata, a sebelisetsoang ho etsa litente tse hlongoang ha ho tsamailoe, tse sireletsang letsatsing le puleng kapa bakeng sa ho paka liphahlo ka karolong ea thoto ea sekepe.”

Sena se phahamisa potso. Na Pauluse ha aa ka a bolela hore o ‘rutetsoe maotong a Gamaliele,’ e leng se neng se mo lokisetsa ho hahamalla mosebetsi o hlomphehang lilemong tse tlang? (Liketso 22:3) Le hoja sena e le ’nete, Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nka ho ruta moshanyana mosebetsi oa matsoho e le ho hlomphehang esita le haeba a ne a tla ba le thuto e phahameng. Ka lebaka leo ho ka etsahala hore ebe Akuila le Pauluse ba ile ba fumana tsebo ea bona ea ho etsa litente ba sa le bacha. Phihlelo eo e ile ea ipaka e le molemo haholo hamorao. Empa joaloka Bakreste, ha baa ka ba nka mosebetsi o joalo oa boipheliso ka booona e le pakane. Pauluse o ile a hlalosa hore mosebetsi oo a neng a o etsa Korinthe hammoho le Akuila le Prisila e ne e le feela mokhoa oa ho iphelisa ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae o ka sehloohong, oa ho phatlalatsa litaba tse molemo ntle le ho ‘imetsa leha e le mang ka moroalo o litšenyehelo li boima.’—2 Bathesalonika 3:8; 1 Bakorinthe 9:18; 2 Bakorinthe 11:7.

Ho hlakile hore Akuila le Prisila ba ne ba thabetse ho etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho nolofatsa tšebeletso ea Pauluse ea borumuoa. Ke mang ea tsebang hore na metsoalle ee e meraro e ile ea khefutsa ka makhetlo a makae mosebetsing oa eona e le hore e ka fana ka bopaki bo sa reroang ho bareki kapa ho bafeta-ka-tsela! ’Me le hoja mosebetsi oa bona oa ho etsa litente e ne e le oa boemo bo tlaase o bile o khathatsa, ba ne ba thabela ho o etsa, ba sebetsa esita le “bosiu le motšehare” e le hore ba ka ntšetsa pele lithahasello tsa Molimo—hantle feela joalokaha Bakreste ba bangata ba kajeno ba iphelisa ka mosebetsi oa nakoana kapa o etsoang nakong e itseng ea selemo e le hore ba ka nehela boholo ba nako e setseng ho thuseng batho ho utloa litaba tse molemo.—1 Bathesalonika 2:9; Matheu 24:14; 1 Timothea 6:6.

Mehlala ea Kamohelo e Mofuthu ea Baeti

Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a sebelisa ntlo ea Akuila e le setsi sa mesebetsi ea hae ea boromuoa likhoeling tse 18 tseo ka tsona a neng a lula Korinthe. (Liketso 18:3, 11) Joale, ho ka etsahala hore ebe Akuila le Prisila ba ile ba thabela le ho amohela Silase (Silvanase) le Timothea boeting ha ba fihla ba e-tsoa Macedonia. (Liketso 18:5) Mangolo a mabeli a Pauluse a eang ho Bathesalonika, ao hamorao e ileng ea e-ba karolo ea buka e amoheloang ea Bibele, e ka ’na eaba a ngoliloe nakong eo moapostola a neng a lula le Akuila le Prisila.

Ho bonolo ho nahana hore ka nako ena ntlo ea Prisila le Akuila e ne e le setsi sa sebele sa mosebetsi oa puso ea Molimo. Mohlomong e ne e eteloa khafetsa ke metsoalle e mengata e ratehang—Setefanase le lelapa la hae, e leng Bakreste ba pele profinseng ea Akaia, ba ileng ba kolobetsoa ke Pauluse ka boeena; Titiase Justase, ea ileng a lumella Pauluse ho sebelisa ntlo ea hae ho nehelana ka lipuo; le Krispase, molaoli ea okamelang oa synagoge, ea ileng a amohela ’nete hammoho le bohle ba ntlo ea hae. (Liketso 18:7, 8; 1 Bakorinthe 1:16) Joale ho ne ho e-na le Fortunatase le Akaikase; Gaiase, eo ho ka etsahalang hore ebe ho ne ho tšoareloa liboka tsa phutheho lelapeng la hae; Erastase, molebeli oa motse; Tershiase, mongoli eo Pauluse a ileng a mo bolella litaba tsa lengolo la hae le eang ho Baroma hore a li ngole; le Fibi, morali’abo rōna ea tšepahalang oa phutheho ea Senkrea e haufi, eo ho ka etsahalang hore ebe o ile a nka lengolo le tsoang Korinthe le eang Roma.—Baroma 16:1, 22, 23; 1 Bakorinthe 16:17.

Bahlanka ba Jehova ba kajeno ba bileng le monyetla oa ho bontša kamohelo e mofuthu ea baeti ho mosebeletsi ea tsamaeang baa tseba hore na hoo ho ka khothatsa le ho hopoleha hakaakang. Liphihlelo tse hahang tse phetoang linakong tse joalo e ka ba mohloli oa sebele oa khatholoho ea moea ho bohle. (Baroma 1:11, 12) ’Me, joalokaha Akuila le Prisila ba ile ba etsa, ba bulang malapa a bona bakeng sa liboka, mohlomong Thuto ea Buka ea Phutheho, ba na le thabo le khotsofalo ea ho khona ho tlatsetsa ka tsela ena ntšetso-peleng ea borapeli ba ’nete.

Bona le Pauluse e ne e le metsoalle e haufi hoo Akuila le Prisila ba ileng ba tsamaea le eena ha a tloha Korinthe nakong ea selemo ka 52 C.E., ba mo felehetsa ho ea fihla Efese. (Liketso 18:18-21) Ba ile ba lula motseng oo ’me ba rala motheo bakeng sa ketelo e latelang ea moapostola enoa. E bile mona moo mesuoe ena ea litaba tse molemo e ipabolang e ileng ea nka Apolose ea kheleke puong ‘hore a be ’moho le eona’ ’me ea thabela ho mo thusa ho utloisisa “tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” (Liketso 18:24-26) Ha Pauluse a boela a etela Efese leetong la hae la boraro la boromuoa, hoo e ka bang nakong ea mariha ka 52/53 C.E., tšimo e neng e lenngoe ke banyalani bana ba matla e ne e se e loketse kotulo. Hoo e ka bang ka lilemo tse tharo, Pauluse o ile a bolela le ho ruta moo ka “Tsela Eo,” ha phutheho ea Efese e ne e tšoarela liboka tsa phutheho lapeng la Akuila.—Liketso 19:1-20, 26; 20:31; 1 Bakorinthe 16:8, 19.

Hamorao, ha metsoalle ena e ’meli ea Pauluse e khutlela Roma, e ile ea tsoela pele ho ‘latela mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti,’ ea etsa hore lehae la eona le fumanehe bakeng sa liboka tsa Bokreste.—Baroma 12:13; 16:3-5.

‘Ba Behile Melala ea Bona Kotsing’ Bakeng sa Pauluse

Mohlomong Pauluse o ne a boetse a lula le Akuila le Prisila ha a ne a le Efese. Na o ne a lula le bona nakong ea mofere-fere oa litei tsa silevera? Ho latela tlaleho e ho Liketso 19:23-31, ha litsebi tsena tsa mesebetsi ea matsoho tse neng li etsa litempelana li hanyetsa ho boleloa ha litaba tse molemo, barab’abo rōna ba ile ba tlameha ho thibela Pauluse ho ipeha kotsing ka ho ea ka pel’a mahoo-hoo. Bahlalosi ba bang ba Bibele ba nahana hore ho ka etsahala hore ebe ke hona boemong bo joalo bo mahlonoko moo Pauluse a ileng a ikutloa ‘a se na bonnete ka bophelo ba hae’ le moo Akuila le Prisila ba ileng ba kenella ka tsela e itseng, ‘ba beha melala ea bona kotsing’ bakeng sa hae.—2 Bakorinthe 1:8; Baroma 16:3, 4.

Ha ‘mofere-fere o kokobetse,’ Pauluse ka bohlale o ile a tloha motseng oo. (Liketso 20:1) Ha ho pelaelo hore Akuila le Prisila le bona ba ile ba talimana le khanyetso le nyeliso. Na lintho tse joalo li ile tsa etsa hore ba ikutloe ba nyahame? Ho fapana le hoo, Akuila le Prisila ka sebete ba ile ba tsoela pele boitekong ba bona ba Bokreste.

Banyalani ba Atamelaneng

Ka mor’a hore puso ea Claudiase e fele, Akuila le Prisila ba ile ba khutlela Roma. (Baroma 16:3-15) Leha ho le joalo, lekhetlo la ho qetela leo ka lona ho buuoang ka bona ka Bibeleng, ke ha ba se ba khutletse Efese. (2 Timothea 4:19) Hape, joaloka litšupisong tse ling tsohle ka Mangolong, ho buuoa ka monna enoa le mosali hammoho. Ke banyalani ba atamelaneng le ba kopaneng hakaakang! Pauluse o ne a ke ke a nahana ka mor’abo ea ratoang Akuila ntle le ho hopola tšehetso e tšepahalang ea mosali oa hae. ’Me ke mohlala o motle hakaakang ho banyalani ba Bakreste kajeno, kaha tšehetso e tšepahalang ea molekane ea inehetseng e lumella motho ho etsa ho hongata “mosebetsing oa Morena” ’me, ka linako tse ling, esita le ho hongata ho feta hoo a neng a ka khona ho ho etsa ha e le lesoha.—1 Bakorinthe 15:58.

Akuila le Prisila ba ne ba sebeletsa liphuthehong tse ngata tse sa tšoaneng. Joaloka bona, Bakreste ba bangata ba kajeno ba chesehang ba entse hore ba fumanehe bakeng sa ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ba boetse ba latsoa thabo le khotsofalo tse tlang ka ho bona lithahasello tsa ’Muso li hōla le ka ho khona ho hlaolela botsoalle ba Bokreste bo mofuthu le ba bohlokoa.

Ka mohlala oa bona o babatsehang oa lerato la Bokreste, Akuila le Prisila ba ile ba hapa kananelo ea Pauluse le ea ba bang. Empa habohlokoa le ho feta, ba ile ba iketsetsa botumo bo botle le Jehova ka boeena. Mangolo aa re kholisa: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheberu 6:10.

Ho ka etsahala hore re se ke ra ba le monyetla oa ho itšebelisa ka litsela tse tšoanang le tseo Akuila le Prisila ba ileng ba itšebelisa ka tsona, empa re ka etsisa mohlala oa bona o babatsehang. Re tla khotsofala ka ho tebileng ha re ntse re nehela matla a rōna le bophelo tšebeletsong e halalelang, le ka mohla re sa lebale “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha ka mahlabelo a joalo Molimo o khahlisoa haholo.”—Baheberu 13:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela