Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso
    Molula-Qhooa—2011 | November 15
    • 8 Molao o ne o ahlola baetsalibe. Ho feta moo baprista ba phahameng ba Baiseraele ba neng ba sebeletsa tlas’a Molao, ba ne ba sa phethahala ’me ba ne ba sa khone ho fana ka sehlabelo se lekaneng ho koahela sebe. Kahoo, Molao o ne “o fokola ka nama.” Empa “ka ho romela Mora oa hae a le sebōpehong sa nama” le ka ho fana ka eena e le thekollo, Molimo o ile a “ahlola sebe nameng,” ’me ka ho etsa joalo eaba o hlōla “ho hlōleha ha Molao.” Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba nkoa ba lokile ka lebaka la tumelo ea bona sehlabelong sa thekollo sa Jesu. Ba khothalletsoa hore ba ‘tsamaee, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea.’ (Bala Baroma 8:3, 4.) Ka sebele ba lokela ho lula ba tšepahala ho fihlela qetellong ea tšebeletso ea bona lefatšeng e le hore ba ka fuoa “moqhaka oa bophelo.”—Tšen. 2:10.

  • Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso
    Molula-Qhooa—2011 | November 15
    • 10. Re tlas’a molao oa sebe le lefu ka tsela efe?

      10 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:12) Kaha re litloholo tsa Adama, kaofela ha rōna re tlas’a molao oa sebe le lefu. Nama ea rōna e sa phethahalang e lula e re susumelletsa ho etsa lintho tse sa khahliseng Molimo, ’me ka lebaka leo qetello ea rōna ke lefu. Lengolong la hae leo a neng a le ngolletse Bagalata, Pauluse o ile a re liketso tseo le mekhoa eo ke “mesebetsi ea nama.” O ile a eketsa ka ho re: “Ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagal. 5:19-21) Batho ba mofuta ona ba tšoana le ba tsamaeang tumellanong le nama. (Bar. 8:4) ‘Melao-motheo e ka hare ho bona e ba susumetsang ho etsa lintho’ le ‘melao e ba tataisang bophelong’ ka ho feletseng ke ea nama. Empa na batho ba etsang bohlola, ba rapelang litšoantšo le ba sebelisanang le meea kapa ba etsang libe tse ling tse tebileng ke bona feela ba tsamaeang tumellanong le nama? Che, hobane mesebetsi ea nama e boetse e akarelletsa le lintho tseo ba bang ba ka ’nang ba nka hore ke mefokolo ea botho feela e kang poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang le mohono. Ke mang ea ka bolelang hore eena o itokolotse ka ho feletseng tabeng ea ho tsamaea tumellanong le nama?

  • Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso
    Molula-Qhooa—2011 | November 15
    • 12 Boemo ba rōna bo tšoana le ho phekoloa ha re kula haholo. Haeba re batla ho fola ka ho feletseng, re lokela ho etsa seo ngaka e re laelang hore re se etse. Le hoja ho bontša tumelo thekollong ho ka re lokolla molaong oa sebe le lefu, re ntse re sa phethahala ebile re ntse re le baetsalibe. Ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa hore re phele hantle moeeng e le hore Molimo a re hauhele a be a re hlohonolofatse. Mabapi le ho phethahatsa “tlhokahalo e lokileng ea Molao,” Pauluse o boetse o bua ka ho tsamaea tumellanong le moea.

      Re ka Tsamaea Tumellanong le Moea Joang?

      13. Ho tsamaea tumellanong le moea ho bolela’ng?

      13 Ha re tsamaea, re ee be re ea sebakeng se itseng kapa ho e-na le sepheo seo re batlang ho se finyella. Kahoo, e le hore re tsamaee tumellanong le moea, ho hlokahala hore re tsoele pele moeeng butle-butle—e seng hore re phethahale. (1 Tim. 4:15) Letsatsi le leng le le leng re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re tsamaee kapa re phele tumellanong le tataiso ea moea. Ho ‘tsamaea ka moea’ ho etsa hore re amoheloe ke Molimo.—Bagal. 5:16.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela