-
Ho Leta Ka “Tebello e Nang le Taba-tabelo”Molula-Qhooa—1998 | September 15
-
-
“Tebello e Nang le Taba-tabelo ea Pōpo”
12, 13. Pōpo ea moloko oa batho e ile ea “behoa tlas’a lefeela” joang, ’me linku tse ling li labalabela eng?
12 Na linku tse ling le tsona li na le ho hong hoo li ka phelang li ho lebeletse ka tabatabelo? Ka sebele ho joalo. Ka mor’a ho bua ka tšepo e khanyang ea ba amohetsoeng ke Jehova e le “bara” ba hae ba tsoetsoeng ka moea le “majalefa hammoho le Kreste” ’Musong oa leholimo, Pauluse o ile a re: “Tebello e nang le taba-tabelo ea pōpo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, motheong oa tšepo ea hore pōpo ka boeona le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:14-21; 2 Timothea 2:10-12.
-
-
Ho Leta Ka “Tebello e Nang le Taba-tabelo”Molula-Qhooa—1998 | September 15
-
-
14. Ho tla akarelletsoa eng ‘ho senoloeng ha bara ba Molimo,’ ’me hoo ho tla fella ka hore moloko oa batho o ‘lokolloe bokhobeng ba ho bola’ joang?
14 Pele, masala a tlotsitsoeng a “bara ba Molimo” a lokela ho ‘senoloa.’ See se tla akarelletsa eng? Ka nako e loketseng ea Molimo, ho tla totobala ho linku tse ling hore batlotsuoa ba qeteletse ba “tiisitsoe” ’me ba tlotlisitsoe hore ba buse le Kreste. (Tšenolo 7:2-4) “Bara ba Molimo” ba tsositsoeng bafung le bona ba tla ‘senoloa’ ha ba kopanela le Kreste ho timetseng tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. (Tšenolo 2:26, 27; 19:14, 15) Joale, nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, ba tla ‘senoloa’ ka ho eketsehileng e le mecha ea boprista bakeng sa ho abela ‘pōpo,’ e leng moloko oa batho, melemo ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Sena se tla fella ka hore moloko oa batho o ‘lokolloe bokhobeng ba ho bola’ ’me qetellong o kene ‘tokolohong e khanyang ea bana ba Molimo.’ (Baroma 8:21; Tšenolo 20:5; 22:1, 2) Li e-na le litebello tse joalo tse hlollang, na ke ho makatsang hore ebe linku tse ling li “letetse ho senoloa ha bara ba Molimo” ka “tebello e nang le taba-tabelo”?—Baroma 8:19.
-