Na ho Rereloa Qetello Esale Pele ho ka Lumellangoa le Lerato la Molimo?
“RE HLALOSA ho rereloa qetello esale pele e le morero oa ka ho sa feleng oa Molimo, oo ka oona a rerileng seo a batlang ho se etsa ka motho e mong le e mong. Hobane ha aa ka a ba bōpa bohle ka boemo bo tšoanang, empa o khethela ba bang bophelo bo sa feleng esale pele ’me ba bang pheliso ea ka ho sa feleng.”
Ke kamoo Moprostanta eo e leng Motšehetsi oa Phetohelo Khahlanong le Bok’hatholike John Calvin a ileng a hlalosa khopolo ea hae ka ho rereloa qetello esale pele bukeng Institutes of the Christian Religion. Khopolo ena e thehiloe maikutlong a hore Molimo o tseba tsohle le hore liketso tsa libōpuoa tsa hae li ke ke tsa belaella ho lokela ha merero ea hae kapa tsa mo qobella hore a etse liphetoho.
Empa na ka sebele aa ke ’ona maikutlo ao Bibele e fanang ka ’ona mabapi le Molimo? Habohlokoa le ho feta, na tlhaloso e joalo e lumellana le litšoaneleho tsa Molimo, haholo-holo tšoaneleho ea hae e hlaheletseng—e leng lerato?
Molimo ea Khonang ho Bolela Bokamoso Esale Pele
Molimo o khona ho bolela bokamoso esale pele. O itlhalosa e le ‘ea bolelang tse tlang ho tla, le khale a boletse tse e-song ho hlahe. O re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.’ (Esaia 46:10) Ho theosa le histori ea motho, Molimo o ’nile a etsa hore boprofeta ba hae bo tlalehuoe ho bontša hore a ka sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele le ho bolela liketsahalo pele li ka etsahala.
Kahoo, mehleng ea Belshatsare, morena oa Babylona, ha moprofeta Daniele a ne a lora ka libatana tse peli, se seng se suthisa se seng, Jehova o ile a mo hlalosetsa toro eo: “Pheleu eo u e boneng e e-na le manaka a le mabeli, ke marena a ba-Mede le ba-Persia; phooko, ke morena oa ba-Gerike.” (Daniele 8:20, 21) Ka ho hlakileng, Molimo o ile a sebelisa matla a hae a tseba esale pele bakeng sa ho senola tatellano ea mebuso ea lefatše. ’Muso o neng o le teng ka nako eo oa Babylona o ne o tla lateloa ke Medo-Persia e nt’o ba Greece.
Boprofeta bo ka boetse ba ama motho a le mong. Ka mohlala, moprofeta Mikea o ile a phatlalatsa hore Messia o ne a lokela ho tsoalloa Bethlehema. (Mikea 5:2) Le boemong bona Molimo o ile a sebelisa matla a hae a ho tseba esale pele. Leha ho le joalo, ketsahalo ena e ile ea tsebahatsoa ka morero o khethehileng—ho hlokomeloa ha Messia. Ketsahalo ena ha e lokafatse thuto e akaretsang ea ho rereloa qetello esale pele e kopanyeletsang motho e mong le e mong.
Ka ho fapaneng, Mangolo a senola hore ho na le maemo ao ho ’ona Molimo a khethang ho se tsebe liphello esale pele. Pejana ho timetso ea Sodoma le Gomorrha, o ile a phatlalatsa: “Ke sa theoha, ke tle ke bone hore na ba fela ba entse kamoo mohoo o fihlileng ho ’na kateng; ’me ha ho se joalo, ke tla tseba.” (Genese 18:21) Ka ho hlakileng temana ena e re bontša hore Molimo o ne a sa ka a tseba esale pele boholo ba tšenyeho metseng eo pele a hlahlobisisa litaba.
Ke ’nete, Molimo a ka khona ho bonela pele liketsahalo tse itseng, empa maemong a mangata, o ikhethetse ho se sebelise matla a hae a ho tseba esale pele. Kaha Molimo o matla ’ohle, o lokolohile hore a ka sebelisa matla a hae kamoo a lakatsang kateng, eseng ho latela litakatso tsa batho ba sa phethahalang.
Molimo ea Khonang ho Lokisa Litaba
Joaloka Calvin, ba bang ba bolela hore Molimo o ne a se a ntse a rerile esale pele ho oela ha motho sebeng pele a bōptjoa le hore o ne a se a ntse a khethile ‘bakhethoa’ pele ho ho oela sebeng hoo. Empa haeba sena e ne e le ’nete, na e ne e ke ke ea e-ba boikaketsi ho Molimo ho neha Adama le Eva tebello ea bophelo bo sa feleng, a tseba hantle hore ba ne ba ke ke ba khona ho e thabela? Ho phaella moo, ha ho kae kapa kae moo Mangolo a latolang hore batho ba pele ba babeli ba ne ba fuoe khetho: ebang ke ho latela litaelo tsa bomolimo ebe ba phela ka ho sa feleng kapa ho li hana ebe baa shoa.—Genese, khaolo ea 2.
Empa na ka sebele sebe sa Adama le Eva se ile sa senya morero oa Molimo? Che, hobane kapele-pele ka mor’a hore ba etse sebe, Molimo o ile a tsebisa hore o ne a tla hlahisa “peō” bakeng sa ho felisa Satane le baemeli ba hae le hore hape o ne a tla lokisa litaba lefatšeng. Feela joalokaha likokoanyana tse seng kae li ke ke tsa thibela mohlokomeli oa serapa ho hlahisa litholoana tse ngata, kahoo ho se utloe ha Adama le Eva ho ke ke ha thibela Molimo hore a etse lefatše paradeise.—Genese, khaolo ea 3.
Hamorao Molimo o ile a senola hore ho ne ho tla ba le puso ea ’Muso e behiloeng matleng a setloholo sa Morena Davida le hore ba bang ba ne ba tla kopanela le sona ’Musong ona. Bana ba bang ba bitsoa “bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.”—Daniele 7:18; 2 Samuele 7:12; 1 Likronike 17:11.a
Ho Bolela Esale Pele Hase ho Rerela Qetello Esale Pele
’Nete ea hore ebe Molimo ha aa ka a khetha ho tseba tsela eo moloko oa motho o neng o tla e nka ha hoa ka ha mo thibela hore a profete liphello tsa liketso tsa motho tse ntle kapa tse mpe. Setei sa makoloi se lemosang mokhanni ka maemo a mabe a koloi ea hae se ke ke sa talingoa se ikarabella haeba ho etsahala kotsi kapa sa qosetsoa ho e rerela qetello esale pele. Ka ho tšoanang, Molimo a ke ke a qosetsoa hore o rerile esale pele liphello tse bohloko tsa liketso tsa motho ka mong.
Boemo bo ne bo le joalo ka bana ba batho ba babeli ba pele. Pele Kaine a bolaea ngoan’abo, Jehova o ile a beha khetho ka pele ho Kaine. Na o ne a tla laola sebe, kapa sebe se ne se tla mo laola? Ha ho letho tlalehong eo le bontšang hore Jehova o ile a rera esale pele hore Kaine o ne a tla etsa khetho e mpe ’me a bolaee ngoan’abo.—Genese 4:3-7.
Hamorao, Molao oa Moshe o ile oa lemosa Baiseraele ka se neng se tla etsahala haeba ba ne ba ka furalla Jehova, ka mohlala, ka ho inkela basali har’a lichaba tsa bohetene. Se ileng sa boleloa esale pele se ile sa fela sa etsahala. Sena se ka bonoa mohlaleng oa Morena Salomone, eo lilemong tsa hae tsa morao a ileng a susumetsoa ke basali ba hae ba melata hore a rapele litšoantšo. (1 Marena 11:7, 8) E, Molimo o ile a lemosa batho ba hae, empa ha aa ka a ba rerela esale pele hore na liketso tsa bona ka bomong e ne e tla ba life.
Bakreste ba khethiloeng, kapa bakhethoa, ba khothaletsoa hore ba phehelle haeba ba sa lakatse ho amohuoa moputso o tšepisitsoeng oa ho busa le Kreste maholimong. (2 Petrose 1:10; Tšenolo 2:5, 10, 16; 3:11) Joalokaha baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba nako e fetileng ba botsitse, Ke hobane’ng ha ho ne ho fanoa ka likhopotso tse joalo haeba pitso ea bakhethoa e ne e le e ke keng ea fetoloa?
Ho Rereloa Qetello Esale Pele le Lerato la Molimo
Motho o ne a fuoe bolokolohi ba ho ikhethela, a entsoe “ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Bolokolohi ba ho ikhethela e ne e le ba bohlokoahali haeba batho ba ne tla hlompha Molimo le ho mo sebeletsa ka lerato, eseng joaloka liroboto tseo ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e etsang e seng e ntse e reriloe esale pele. Lerato le bontšoang ke libōpuoa tse bohlale, tse lokolohileng le ne le tla nolofaletsa Molimo ho shanofatsa liqoso tse se nang toka. O re: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.”—Liproverbia 27:11.
Haeba bahlanka ba Molimo ba ne ba reretsoe qetello e itseng esale pele—kapa ka tšoantšetso, ba kentsoe litaelo tse rerang liketso tsa bona esale pele—na bonnete ba lerato la bona ho Mōpi oa bona bo ne bo ke ke ba belaelloa? Hape, na e ne e ke ke ea e-ba ho khahlanong le ho hloka leeme ha Molimo hore a khethe esale pele batho ba tla qetella ba le khanyeng le thabong ka ntle le hore a nahanele litšoaneleho tsa bona tsa botho? Ho feta moo, haeba ba bang ba tšoaroa ka tsela e khethehileng joalo, ha ba bang ba reretsoe esale pele hore ba qetelle kotlong e sa feleng, sena se ne se ke ke sa etsa hore “ba khethiloeng” kapa “bakhethoa” ba be le maikutlo a tiileng a teboho.—Genese 1:27; Jobo 1:8; Liketso 10:34, 35.
Qetellong, Kreste o ile a bolella barutuoa ba hae ho bolela litaba tse molemo ho moloko oohle oa batho. Haeba Molimo o se a ntse a khethile ba tla bolokeha, na see se ne se ke ke sa fokotsa cheseho eo Bakreste ba e bontšang boboleling ba evangeli? Na ho ne ho ke ke ha etsa hore mosebetsi oa ho bolela e be o se nang morero oa sebele?
Lerato la Molimo le se nang leeme ke tšusumetso e matla ka ho fetisisa e ka susumetsang batho hore le bona ba mo rate. Pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Molimo e bile ho etsa Mora oa hae sehlabelo bakeng sa moloko oa batho ba baetsalibe ba sa phethahalang. Matla a Molimo a ho tseba esale pele mabapi le Mora oa hae ke taba e khethehileng, empa ho re tiisetsa hore litšepiso tsa tsosoloso tse thehiloeng ho Jesu, ka sebele li tla phethahatsoa. Kahoo e se eka re ka ba le tumelo ho Mora eo ’me ra atamela haufi le Molimo. A re bontšeng kananelo ea rōna ka ho amohela memo ea Molimo ea hore re qale ho ba le kamano e ntle le Mōpi oa rōna. Kajeno, Molimo o lebisa memo ena ho bohle ba batlang ho sebelisa bolokolohi ba bona ba ho ikhethela le ho bontša lerato la bona ho eena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha Jesu a bua ka ’Muso “o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa” (Mattheu 25:34), o tlameha ebe o supa nakong e itseng ka mor’a sebe sa pele. Luka 11:50, 51 e hlalosa “ha e sa le lefatše le theoa,” kapa ho theoa ha moloko oa batho o ka lopolloang ka thekollo, ho isa nakong ea Abele.
[Lebokose le leqepheng la 7]
BA RERETSOE QETELLO ESALE PELE E LE SEHLOPHA
“Bao Molimo a ba tsebileng esale pele o boetse o ba reretse qetello esale pele hore ba fetoloe ba tšoanang le Mora oa hae, e le hore e ka ba letsibolo har’a baena ba bangata. ’Me bao a ba reretseng qetello esale pele, o boetse o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o boetse o ba lokafalitse; bao a ba lokafalitseng, o boetse o ba tlotlisitse.” (Ba-Roma 8:29, 30, New International Version) Re tlameha ho utloisisa poleloana “ba reretsoeng esale pele,” joang joalokaha Pauluse a e sebelisitse litemaneng tsee?
Mabaka a behoang ke Pauluse mona hase taba eo ntle ho khanyetso e tšehetsang khopolo ea ho rereloa ha motho ka mong qetello esale pele. Mathoasong a lekholo la rōna la lilemo, Dictionnaire de théologie catholique e ile ea hlalosa taba ea Pauluse (Ba-Roma likhaolo 9-11) ka tsela ena: “Ka ho eketsehang, maikutlo a atileng har’a litsebi tsa K’hatholike ke hore khopolo ea sebele ea ho rereloa esale pele ea ho phela ka ho sa feleng ha e-ea ka ea boleloa.” Joale, buka eona eo ea litšupiso e qotsa M. Lagrange a re: “Taba ea mantlha eo Pauluse a e phahamisitseng ho hang hase ho rereloa qetello esale pele le ho khetheloa timetso esale pele empa feela e le taba ea ho bitsetsoa ha Balichaba mohaung oa Bokreste, se fapaneng le seo ka ho toba ke ho hloka tumelo ha Bajode. . . . E ama lihlopha, Balichaba, Bajode, eseng ka ho toba batho ka bomong ba khethehileng.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Haufinyane tjena, The Jerusalem Bible e entse qeto e tšoanang mabapi le likhaolo tsena (9-11), ka ho bolela tjena: “Ka hona, sehlooho sa likhaolo tsena, hase taba ea ho rereloa ha motho ka mong qetello e isang khanyeng, kapa esita le tumelong, empa ke taba e amang karolo ea Iseraele tsoelo-peleng ea histori ea poloko, e leng eona feela taba e phahamisoang ke lipolelo tse Testamenteng ea Khale.”
Litemana tsa ho qetela tsa Ba-Roma khaolo ea 8 li na le moelelo o tšoanang. Kahoo, ka ho loketseng litemana tsena li ka re hopotsa hore Molimo o bone esale pele ho ba teng ha sehlopha se tsoang har’a moloko oa batho se neng se tla bitsetsoa ho ea busa le Kreste, hammoho le litšoaneleho tseo se neng se tla tlameha ho li finyella—’me sena se ile sa etsoa ntle le hore ho qolloe esale pele batho ba tobileng ka bomong ba neng ba tla khethoa, hobane seo se ne se tla ba khahlanong le lerato la hae le toka.