Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Mang ea Tla re Arohanya le Lerato la Molimo?
    Molula-Qhooa—2001 | October 15
    • 14. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a kholisehile ka lerato la Molimo ho sa tsotellehe mathata ao Bakreste ba ka tobanang le ’ona?

      14 Bala Baroma 8:38, 39. Ke eng e ileng ea kholisa Pauluse hore ha ho letho le ka arohanyang Bakreste le lerato la Molimo? Ha ho pelaelo hore lintho tse ileng tsa hlahela Pauluse ha a ntse a le tšebeletsong li ile tsa tiisa kholiseho ea hae hore mathata a ke ke a ama lerato la Molimo ho rōna. (2 Bakorinthe 11:23-27; Bafilipi 4:13) Hape, Pauluse o ne a tseba morero oa Jehova oa ka ho sa feleng le kamoo a ileng a sebelisana kateng le sechaba sa Hae nakong e fetileng. Na lefu le ka hlōla lerato la Molimo ho ba mo sebelelitseng ka botšepehi? Le ke ke! Ba joalo ba tšepahalang ba shoang, ba tla lula ba phela khopolong ea Molimo e phethahetseng, ’me o tla ba tsosa ka nako e loketseng.—Luka 20:37, 38; 1 Bakorinthe 15:22-26.

  • Ke Mang ea Tla re Arohanya le Lerato la Molimo?
    Molula-Qhooa—2001 | October 15
    • 16 Joaloka Bakreste, ha ho hlokahale hore re tšohe hore ntho leha e le efe ea tseo Pauluse a reng ke “lintho tse teng hona joale”—e leng liketsahalo le maemo a tsamaiso ena ea lintho—kapa “lintho tse tlang ho tla” nakong e tlang li ka senya kamano ea Molimo le sechaba sa hae. Le hoja makhotla a lefatše le a leholimo a re loantša, lerato la Molimo le tšepahalang le teng ho re matlafatsa. “Bophahamo kapa botebo” li ke ke tsa thibela lerato la Molimo joalokaha Pauluse a hatisitse. E, ha ho letho le ka ’nang la re nyahamisa, kapa la leka ho re susumetsa, le ka re arohanyang le lerato la Molimo; ebile ha ho pōpo e ka senyang kamano ea ’Mōpi le bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ha ho mohla lerato la Molimo le felang; le teng ka ho sa feleng.—1 Bakorinthe 13:8.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela