Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/1 maq. 4-6
  • Kamoo U ka Koetlisang Letsoalo la Hao Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Koetlisang Letsoalo la Hao Kateng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kelello, Pelo le Letsoalo la Hao
  • Ha re Etsa se Fosahetseng
  • “E-bang le Letsoalo le Molemo”
  • U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Na Letsoalo la Hao le Koetlisitsoe Hantle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Letsoalo la Hao le Bua le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/1 maq. 4-6

Kamoo U ka Koetlisang Letsoalo la Hao Kateng

“LETSOALO le hloekileng le robatsa motho thuoe!” Maele ana a boholo-holo a totobatsa ’nete ea bohlokoa: Ha re mamela matsoalo a rōna, re thabela khotso ea kelello le kutloano.

Leha ho le joalo, hase bohle ba khethang ho etsa joalo. Adolf Hitler o ile a ipolela a le letšolong la ho lokolla batho ho tšabeng koko, kapa thetso e tsejoang e le letsoalo. Puso ea hae e nyarosang e fana ka tlhase e tepeletsang ea hore na batho ba ka ba khopo hakae ha ba hatakela matsoalo a bona. Leha ho le joalo, linokoane tse ngata tse mabifi tsa kajeno li sehlōhō ka tsela e tšoanang—ke tse betang le ho bolaea li sa ikutloe li le molato. Palo e eketsehang ea linokoane tsena ke bacha. Ke ka lebaka leo buka e rutang ka ketsahalo ena e nang le karolo ea sehlooho e reng Children Without a Conscience.

Le hoja boholo ba batho ho se mohla bo nahanang ka ho etsa bokebekoa bo itseng bo mabifi, bongata ba bona ha bo tšoenngoe ke letho ha bo kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, ha bo bua leshano, kapa ha bo qhekella. Litekanyetso tsa boitšoaro li nyehlile lefatšeng lohle. Ha moapostola Pauluse a bua ka bokoenehi bo boholo bo neng bo tla hlaha borapeling ba ’nete, o ile a ngola hore Bakreste ba bang ba ne ba tla inehela tšusumetsong ea lefatše ’me ka hona e be ba ‘tšoailoeng matsoalong a bona joalokaha eka ke ka tšepe e chesang e tšoaeang.’ (1 Timothea 4:2) ‘Matsatsing ana a kajeno a ho qetela,’ bobolu bo sokela haholoanyane. (2 Timothea 3:1) Ka hona, Bakreste ba lokela ho leka ka matla ho sireletsa matsoalo a bona. Re ka etsa sena ka ho a koetlisa le ho a hōlisa.

Kelello, Pelo le Letsoalo la Hao

Moapostola Pauluse o itse: “Ke bolela ’nete mabapi le Kreste; ha ke bue leshano, kaha letsoalo la ka lea mpakela ka moea o halalelang.” (Baroma 9:1) Ka hona, letsoalo le ka beha bopaki. Le ka hlahloba boitšoaro ’me la bo lumella kapa la bo tsoa. ’Mōpi oa rōna o re bōpeletse le boholo ba boikutlo boo re bang le bona ha re etsa se nepahetseng leha re etsa se fosahetseng. Leha ho le joalo, re ka bōpa le ho koetlisa matsoalo a rōna. Joang? Ka ho ithuisa tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Moapostola Pauluse o re: “Le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Ha u hatisa mehopolo ea Molimo le thato ea hae ka kelellong ea hao, letsoalo la hao le qala ho sebetsa haholoanyane ka tsela ea bomolimo.

Lipaki tsa Jehova li thusitse batho ba limilione ho pota lefatše hore ba ‘tsoele pele ba ithuisa tsebo ka Jehova Molimo le Jesu Kreste.’ (Johanne 17:3) Ka tokisetso eo li nang le eona ea ho ruta batho Bibele malapeng a bona ba sa lefe, li ruta ba tšepahalang litekanyetso tsa Jehova Molimo mabapi le likamano tsa botona le botšehali, joala, lenyalo, litšebelisano tsa khoebo le litaba tse ling tse ngata.a (Liproverbia 11:1; Mareka 10:6-12; 1 Bakorinthe 6:9, 10; Baefese 5:28-33) Ho ithuisa ‘tsebo ena e nepahetseng’ ke mohato oa bohlokoa ho hōliseng letsoalo la bomolimo. (Bafilippi 1:9) Esita le ka mor’a hore Mokreste a utloisise Bibele hantle, ka sebele o lokela ho tsoela pele a fepa kelello ea hae ka Lentsoe la Molimo kamehla haeba a batla hore letsoalo la hae le lule le sebetsa hantle.—Pesaleme ea 1:1-3.

Bibele e boetse e amahanya letsoalo le pelo ea tšoantšetso, e akarelletsang maikutlo a rōna. (Baroma 2:15) Hore letsoalo le sebetse hantle, kelello le pelo li tlameha ho lumellana. Sena se bolela ho eketsehileng ho feta feela ho kenya boitsebiso ka kelellong. U boetse u lokela ho bōpa pelo ea hao—maikutlo a hao a ka hare, litabatabelo le litakatso tsa hao tse matla. Ke kahoo buka ea Liproverbia e sebelisang lipolelo tse kang “sekamisetsa pelo ea hao,” “beha pelo ea hao” le “lebisa pelo ea hao.” (Liproverbia 2:2; 23:19; 27:23, NW) Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ke ka ho thuisa le ho hlahloba Mangolo. Pesaleme ea 77:12 (NW) e re: “Ka sebele ke tla thuisa ka mesebetsi eohle ea hao, ke tla ameha ka liketso tsa hao.” Ho thuisa ho re thusa ho finyella maikutlo a rōna a ka hare-hare le merero ea rōna.

Ka mohlala, a re re u tloaetse mokhoa o litšila o kang ho lemalla koae. Joaloka batho ba bangata, ho hlakile hore le uena u tseba likotsi tsa eona bophelong bo botle ba ’mele. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho phehella ha metsoalle le lelapa, u ho fumana ho le boima ho e tlohela. Ke joang ho thuisa ka molaetsa oa Bibele ho ka matlafatsang letsoalo la hao tabeng ee?

Ka mohlala, leka ho thuisa ka mantsoe a moapostola Pauluse a fumanoang ho 2 Bakorinthe 7:1: “Ka hona, kaha re na le litšepiso tsena, baratuoa, a re itlhoekiseng tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea, re phethahatsa khalalelo tšabong ea Molimo.” Utloisisa mantsoe ana. Ipotse, ‘Ha e le hantle “litšepiso tsena” tseo Pauluse a buang ka tsona ke life?’ Ha u bala litemana tse potolohileng, u tla hlokomela hore temana e ka pele ho eo e re: “‘“Tsoang har’a bona, ’me le ikarole,” ho bolela Jehova, “’me le khaotse ho ama ntho e sa hloekang”’; ‘“’me ka sebele ke tla le amohela.”’ ‘“’Me ke tla ba ntate oa lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka,” ho bolela Jehova ea Matla ’Ohle.’”—2 Bakorinthe 6:17, 18.

Taelo ea Pauluse ea hore ‘re itlhoekise tšilafatso’ e matla haholoanyane hona joale! E le khothatso e matla ea hore re etse joalo, Molimo o tšepisa ho ‘re amohela,’ ka mantsoe a mang, ho re hlokomela ka mokhoa o sireletsehileng. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke tla thabela botsoalle bo haufi le eena—bo kang ba mora kapa morali le ntate oa hae?’ Na ka sebele khopolo ea ho ‘amoheloa’ kapa ho ratoa ke Molimo ea bohlale, ea lerato, ha e ipiletse haholoanyane? Haeba u bona eka khopolo eo ha e sebetse, lemoha tsela eo ka eona bo-ntate ba lerato ba bontšang bana ba bona lerato le boikutlo bo mofuthu. Joale thuisa ka kamano e joalo e se e le lipakeng tsa hao le Jehova! Ha u nahana ka eona haholoanyane, takatso ea hao ea ho ba le botsoalle bo joalo e tla eketseha.

Empa hlokomela: U ka ba haufi le Molimo feela haeba u ‘khaotsa ho ama ntho e sa hloekang.’ Ipotse: ‘Na ho lemalla koae hase e ’ngoe ea ‘lintho tse sa hloekang’ tseo Molimo a li nyatsang? Na ha ke e sebelisa e tla ba ke ‘itšilafatsa nama,’ ke ipepesetsa likotsi tsohle tsa bophelo bo botle ba ’mele? Kaha Jehova ke Molimo ea hloekileng, kapa ea “halalelang,” na a ka amohela ho itšilafatsa hoo ha ka ha ka boomo?’ (1 Petrose 1:15, 16) Hlokomela hore Pauluse o boetse o re lemosa khahlanong le ho ‘itšilafatsa moea,’ kapa tšekamelo ea maikutlo. Ipotse: ‘Na ho lemalla koae hoo ho busa monahano oa ka? Na ke tla tsoela pele ho khotsofatsa takatso ea ka, mohlomong ka ho beha kotsing bophelo ba ka, lelapa la ka kapa esita le boemo ba ka ka pel’a Molimo? Ke ho isa bohōleng bofe ke lumeletseng ho lemalla ha ka koae hore ho senye bophelo ba ka?’ Ho arabela lipotso tsena tse bohloko ho ka ’na ha u fa sebete sa ho e tlohela!

Ke ’nete hore u ka ’na ua hloka thuso le tšehetso tsa ba bang hore u hlōle bothata bona ba koae. Leha ho le joalo, ho thuisa ka Bibele ho ka koetlisa le ho matlafatsa letsoalo la hao haholo e le hore u itokolle bokhobeng bona.

Ha re Etsa se Fosahetseng

Ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo re bo etsang hore re etse se lokileng, ka linako tse ling ho se phethahale ha rōna hoa re hlōla ’me re etse phoso. Joale matsoalo a rōna a tla re khathatsa, empa re ka ’na ra ba tekong ea ho iphapanyetsa ’ona. Kapa re ka ’na ra nyahama hoo re ka batlang ho nyahlatsa boiteko bohle ba rōna ba ho sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, hopola taba ea Morena Davida. Ka mor’a hore a febe le Bathe-sheba, o ile a khebetloa ke letsoalo. O hlalosa bohloko boo a ileng a bo utloa: “Letsoho la hao le ne le le boima ho ’na nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a na a omeletse joalo ka hola ke lebatama la selemo.” (Pesaleme ea 32:4) Na ho ne ho le bohloko? Ka sebele ho ne ho le joalo! Leha ho le joalo, ho soaba hona ha Davida ha bomolimo ho ile ha mo susumelletsa hore a bake ’me a boelane le Molimo. (Bapisa le 2 Bakorinthe 7:10.) Ho kōpa tšoarelo ha Davida ka ho hlomoha ho fana ka bopaki bo matla ba hore o ne a fela a bakile. Kaha o ile a mamela letsoalo la hae, Davida o ile a thusoa hore a fetohe ’me qetellong a thaba hape.—Pesaleme ea 51.

Ho ka etsahala se tšoanang kajeno. Nakong e fetileng ba bang ba ’nile ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, empa ba khaotsa ho ithuta ha ba hlokomela hore bophelo ba bona ha bo lumellane le litekanyetso tse phahameng tsa Molimo. Mohlomong ba ne ba lula le motho oa bong bo fapaneng ba sa tiisa lenyalo, kapa e ne e le makhoba a mekhoa e litšila. Ba ile ba jeoa ke letsoalo!

Haeba u boemong bo joalo, nahana ka mantsoe a moapostola Petrose letsatsing la Pentekonta. Ha a pepesa libe tsa batho ba habo ba Bajuda, ba ile “ba hlabeha ho fihla lipelong.” Ho e-na le hore ba nyahlatse, ba ile ba mamela keletso ea Petrose ea hore ba bake, ’me Molimo o ile a ba amohela. (Liketso 2:37-41) U ka etsa se tšoanang! Ho e-na le hore u furalle ’nete ka lebaka la hobane u jeoa ke letsoalo, lumella letsoalo la hao hore le u susumelletse ho ‘baka le ho sokoloha.’ (Liketso 3:19) Ka ho ikemisetsa le ka ho iteka, u ka etsa liphetoho tse hlokahalang hore Molimo a u amohele.

“E-bang le Letsoalo le Molemo”

Ebang ke hona u qalang ho tseba ka litsela tsa Jehova kapa u na le lilemo tse ngata u le Mokreste ea hōlileng tsebong, keletso ea Petrose ea tšoaneleha: “E-bang le letsoalo le molemo.” (1 Petrose 3:16) Lea re thusa, ha le re hatelle. Le koetlise ka ho fepa kelello ea hao le pelo ea hao ka bohlale bo ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Mamela letsoalo la hao ha le u hlokomelisa. Thabela khotso ea kelello eo ho mamela letsoalo la hao ho ka e tlisang.

Ho ke ke ha latoloa ’nete ea hore ho koetlisa letsoalo la hao le ho le bōpa ha ho bonolo. Leha ho le joalo, u ka rapela Jehova Molimo hore a u thuse. Ka thuso ea Molimo, u tla khona ho mo sebeletsa ka ‘letsoalo le letle le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.’—1 Timothea 1:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lokoloha ho iteanya le phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea sebaka seo u lulang ho sona kapa ho ngolla bahatisi ba makasine ena haeba u thahasella ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho bala le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo ho re thusa ho koetlisa matsoalo a rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela