Mamello e Hapang Tlhōlo
“Le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng.”—BA-HEBERU 10:36.
1. Ke hobane’ng ha e mong le e mong ea sebeletsang Jehova Molimo kajeno a tlameha ho ba le mamello?
LEFATŠE lena kaofela le ka tlas’a taolo ea molimo oa mofetoheli. ’Musi oa lona ea sa bonahaleng, Satane Diabolose, o etsa boiteko bohle ho hanyetsa Jehova le ho loana khahlanong le ho tlotlisoa ha bobusi ba Jehova ba bokahohle ka ’Muso oa Bomessia. Sena se etsa hore joang kapa joang motho ea inehelang ho Molimo le ea emang ka lehlakoreng la Oona tsekong ea bokahohle a hanyetsoe ke lefatše lena ka mehla. (Johanne 15:18-20; 1 Johanne 5:19) Ka hona, e mong le e mong oa rōna o tlameha ho itiisa hore a mamelle ho fihlela lefatše lena le hlōloa ka ho felletseng ka Harmagedone. Hore re be har’a batho ba hlōtseng ba Molimo ba hlōlang lefatše ka tumelo ea bona le ka botšepehi, re tlameha ho ikemisetsa ho ema re tiile ho fihlela qetellong. (1 Johanne 5:4) Seo re ka se etsa joang?
2, 3. Jehova Molimo le Jesu Kreste ke mehlala e meholo ka ho fetisisa joang ea mamello?
2 Tabeng ea pele, re ka batla khothatso mehlaleng e ’meli e ikhethang ea mamello. Ke mehlala efe? O mong ke oa Jesu Kreste, “letsibolo la tsohle tse hloliloeng,” ea tiiselitseng ka botšepehi tšebeletsong ea Molimo ho tloha ha a etsoa hore a be teng nakong e fetileng e sa tsejoeng. Ka ho ema ha hae a tiile ho sebeletseng Molimo ka botšepehi, Jesu o ile a beha mohlala bakeng sa libōpuoa tsohle tse bohlale tse ileng tsa etsoa hore li be teng ka mor’a hae leholimong le lefatšeng. (Ba-Kolosse 1:15, 16) Leha ho le joalo, mohlala o moholo ka ho fetisisa oa mamello ke oa Jehova Molimo, ea ’nileng a mamella bofetoheli khahlanong le bobusi ba hae ba bokahohle ka nako e telele ’me o tla ’ne a tsoele pele a bo mamelletse ho fihlela ha a nka khato ea ho rarolla tseko ea bokahohle ka ho felletseng.
3 Jehova o ’nile a mamella ka tsela e behang mohlala o motle litabeng tseo ho tsona ho amehang botumo ba hae le maikutlo a hae a tebileng a botho. O ’nile a ithiba ha a halefisitsoe haholo ’me o ’nile a ithiba hore a se ke a nka khato ea ho loantša ba mo nyefotseng—ho akarelletsa le Satane Diabolose. Re leboha mamello ea Molimo le mohau oa oona. Ka ntle ho tsona, re ne re ke ke ra ba teng leha e le ka nako e khutšoanyane feela. Ka sebele, Jehova Molimo o ikhethile hoo a ke keng a bapisoa le letho ka mamello ea hae.
4, 5. (a) Setšoantšo sa Pauluse sa ’mōpi oa lijana se bontša mamello le mohau oa Molimo joang? (b) Ke joang mohau oa Molimo o tlang ho ipaka o sa sebelisoa hampe?
4 Moapostola Pauluse o ne a lebisitse mamellong ea Molimo le mohaung oa oona ha a re: “Na ’mōpi oa lijana ha a na matla holim’a letsopa a ho etsa sejana se seng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang ’me se seng a se etse bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng ka khoabi e le ’ngoe? Joale, ho thoe’ng haeba Molimo le hoja o rata ho bonahatsa khalefo ea oona le ho tsebahatsa matla a oona, o tiiselitse ka mamello e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng tse tšoaneloang ke timetso, e le hore o ka tsebahatsa maruo a khanya ea oona holim’a lijana tsa mohau, tseo o li lokiselitseng esale pele bakeng sa khanya, e leng, rōna, bao o sa kang oa re bitsa har’a Bajode feela empa hape o re bitsitse har’a lichaba?”—Ba-Roma 9:21-24, NW.
5 Joalokaha mantsoe ana a bontša, nakong ena ea mamello ea hae, Jehova o ntse a ntšetsa pele morero oa hae o khanyang ’me o bonahatsa mohau holim’a lijana tse itseng tse batho. O lokisetsa lijana tsena bakeng sa khanya ea ka ho sa feleng ’me ka ho etsa joalo o nyopisa merero e khopo ea mohanyetsi oa hae e moholo, Satane Diabolose, le merero ea mahlahana ’ohle a Satane. Hase batho kaofela ba fetohileng lijana tsa khalefo, tse tšoanelang ho timetsoa. Sena se bonahatsa mamello e nang le tiisetso ea Molimo o Matla ’Ohle. Mohau oa oona e ke ke ea e-ba oa lefeela. O tla etsa hore ho be le (1) lelapa le khanyang la ’Muso maholimong tlas’a Mora ea ratoang oa Jehova, Jesu Kreste, le (2) moloko oa libōpuoa tse batho tse tsosolositsoeng le tse phethahetseng lefatšeng la paradeise, tseo kaofela e tlang ho ba majalefa a bophelo bo sa feleng.
Ho Mamella ho Isa Qetellong
6. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ke ke ba qoba hore mamello ea bona e behoe tekong? (b) Hangata lentsoe la Segerike le emelang “mamello” le bolela eng?
6 Kaha re letetsoe ke tšepo e tsotehang joalo, ka mehla re lokela ho hopola mantsoe a Jesu a matlafatsang, a reng: “Ea mamelletseng ho isa qetellong ke eena ea tla pholosoa.” (Mattheu 24:13, NW) Ke habohlokoa hore re qalise hantle tseleng ea ho ba morutuoa oa Mokreste. Empa qetellong, seo e leng sa bohlokoa ke kamoo re mamellang ka teng, kamoo re qetang tsela eo hamolemo ka teng. Moapostola Pauluse o ile a hatisa sena ha a re: “Le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng.” (Ba-Heberu 10:36) Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “mamello” ke hy·po·mo·neʹ. Hangata lentsoe lena le bolela mamello e sebete, e tiileng, kapa e nang le tiisetso e sa felloeng ke tšepo tlas’a litšitiso, mahloriso, liteko, le meleko. Haeba re na le tšepo ea ho fumana poloko qetellong, re tlameha ho ikokobeletsa teko ea mamello e le karolo e hlokahalang ea ho lokisetsoa poloko eo.
7. Re tlameha ho qoba ho ithetsa ha mofuta ofe, ’me ke mohlala oa mang o tla re thusa ho mamella?
7 Ha rea lokela ho ithetsa ka khopolo ea ho ikhotsofatsa ka hore re ka hlōla teko ka potlako. E le hore litseko tsa bobusi ba bokahohle le tsa botšepehi ba batho li ka rarolloa ka ho felletseng, Jehova o ile a mamella. O mamelletse lintho tse sa thabiseng le hoja a ka be a li felisitse hang-hang. Jesu Kreste le eena ke mohlala o motle oa mamello. (1 Petrose 2:21; bapisa le Ba-Roma 15:3-5.) Ka sebele, ka baka la mehlala ena e ikhethang e ka pel’a rōna, le rōna re ikemiselitse ho mamella ho isa qetellong.—Ba-Heberu 12:2, 3.
Tšoaneleho e Hlokahalang
8. Moapostola Pauluse o ile a bonahatsa tšoaneleho efe eo ho hlokahalang hore re be le eona kaofela ha rōna?
8 Esita le ho tloha mehleng ea boholo-holo ha ho mohlanka oa Molimo eo e kileng ea e-ba mokhelo ha ho hlokahala hore a pake botšepehi ba hae ka ho mamella. Batho ba hlahelletseng ka ho fetisisa historing ea Bibele ba ileng ba lula ba tšepahala ho fihlela ba e-shoa ’me ba tšoaneleha bakeng sa bophelo bo sa feleng leholimong ba ne ba lokela ho paka ho ema ha bona ba tiile. Ka mohlala, eo pele e neng e le Mofarisi, Saule oa Tarese, o ile a re ho Bakorinthe: “Ha kea ka ka fetisoa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng. Ruri, ha e le lipontšo tsa boapostola ba ka, li sebelitsoe ka matla har’a lōna, ka mamello eohle, ka lipontšo, ka meeka, le ka mehlolo.” (2 Ba-Korinthe 12:11, 12) Ho sa tsotellehe mosebetsi o boima, Pauluse o ne a nka tšebeletso ea hae e le ea bohlokoa haholo hoo a ileng a mamella lintho tse ngata ’me a leka ka matla hore a se ke a e tlisetsa nyeliso.—2 Ba-Korinthe 6:3, 4, 9.
9. (a) Masala a tlotsitsoeng a ’nile a bonahatsa mamello joang, ’me phello e bile efe? (b) Ke eng se re susumelletsang ho tsoela pele ka botšepehi tšebeletsong ea Molimo?
9 Morao-rao tjena, Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba sebeletsa Molimo pele ho ntoa ea pele ea lefatše ba ne ba tseba hore selemo sa 1914 se tla tšoaea ho fela ha Mehla ea Balichaba, ’me ba bangata ho bona ba ne ba lebelletse ho fumana moputso oa bona oa leholimo selemong seo se sa lebaleheng. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Joalokaha linnete li bontša hona joale, ba ile ba ekelletsoa lilemo tse mashome-shome. Nakong ena e ekelitsoeng ba sa lebella bophelong ba bona lefatšeng, Jehova Molimo o ’nile a ba hlokola. (Zakaria 13:9; Malakia 3:2, 3) Ho tsoela pele ba mamelletse ho ile ha ba tlisetsa se molemo. Joaloka bahlanka ba Jehova, ba ile ba thaba ha ba bitsoa hore ke batho ba jereng lebitso la hae. (Esaia 43:10-12; Liketso 15:14) Kajeno, kaha ba fetile lintoeng tse peli tsa lefatše le likhohlanong tse ngata tse nyenyane, ba thabela hore ba thusoa ke bongata bo boholo ba linku tse ling bo ntseng bo eketseha, boo hona joale bo leng ka holimo ho limillione tse ’nè, ho phatlalatseng litaba tse molemo. Paradeise ea moea eo ba e thabelang e atolohetse lefatšeng lohle, esita le ho isa lihleke-hlekeng tse hōle ka ho fetisisa tsa leoatle. Tsela ena e molemo eo re tšoeroeng ka eona, eo re e ananelang ka ho eketsehileng haholoanyane ha re ntse re phela, e fane ka tšusumetso ea ho tsoela pele ka botšepehi tšebeletsong ea Molimo ho fihlela ha thato le morero oa Jehova li phethahalitsoe ka ho felletseng.
10. Re hloka eng ka linako tsohle e le hore re se ke ra fokola?
10 Kaha ho fumana moputso ho itšetlehile ka hore re eme re tiile, ka linako tsohle re hloka khothatso tabeng ena ea bohlokoa. (1 Ba-Korinthe 15:58, NW; Ba-Kolosse 1:23) E le hore batho ba Jehova ba se ke ba fokola, ka mehla re tlameha ho khothalletsoa ho ema re tiile ’neteng le tokelong ea bohlokoa ea ho phatlalatsa ’nete, joalokaha liphutheho tse neng li sa tsoa thehoa bocha lekholong la pele la lilemo li ile tsa khothatsoa ke maeto a ho boela a Pauluse le Barnabase. (Liketso 14:21, 22) A re etseng qeto e tiileng ’me re ikemisetseng ka tieo hore, joalokaha moapostola Johanne a boletse, ’nete e lule ka ho rōna, “’me e ea ’ne e be ho rōna ka ho sa feleng.”—2 Johanne 2.
Ho Leta re E-na le Mamello e sa Thekeseleng
11. Kamoo ho bonahalang ka teng Molimo o ’nile oa sebelisa mokhoa ofe ho bahlanka ba oona, ’me see se ile sa bonahala joang tabeng ea Josefa?
11 Ho hlokahala nako hore teko e re tlelang e phethehe. (Jakobo 1:2-4) Ho bonahala hore mokhoa oo Molimo o ’nileng oa o sebelisa ho bahlanka ba oona ba boholo-holo ha boikemisetso ba bona ba ho tsoela pele tumelong bo ne bo behoa tekong ke ho re Leta! Leta! Leta! Empa qetellong, ka linako tsohle ho leta ho ’nile ha ipaka e le ho putsang ho bahlanka bao ba tšepahalang. Ka mohlala, ho ile ha hlokahala hore Josefa a lete lilemo tse 13 e le mohlanka le motšoaruoa, empa phihlelo ena e ile ea hlokola botho ba hae.—Pesaleme ea 105:17-19.
12, 13. (a) Abrahama o ile a beha mohlala oa ho mamella ka botšepehi joang? (b) Tumelo le mamello ea Abrahama li boleloa joaloka mohlala ka tsela efe bakeng sa rōna?
12 Abrahama o ne a se a le lilemo li 75 ha Molimo o ’mitsa ’me o re a tlohe Ure ea Bakalde a ee Naheng e Tšepisitsoeng. O ne a ka ba lilemo li 125 ha a fumana tiiso e hlapanyelitsoeng ka kano ea tšepiso ea Molimo—e ileng ea phethahala hang-hang ka mor’a hore Abrahama a bontše matla a tumelo ea hae ho isa bohōleng ba ho nyehela mora oa hae ea ratoang, Isaaka, ’me a khaotsa feela ha lengeloi la Jehova le mo thiba letsoho ebile le mo thibela ho etsa sehlabelo seo. (Genese 22:1-18) Lilemo tse 50 e ne e le nako e telele ho Abrahama hore a lete e le mojaki naheng esele, empa o ile a ema a tiile lilemo tse ling hape tse 50 ho fihlela ha a e-shoa a le lilemo li 175. Nakong ena eohle, Abrahama e ne e le paki e tšepahalang le moprofeta oa Jehova Molimo.—Pesaleme ea 105:9-15.
13 Tumelo ea Abrahama le mamello ea hae li boleloa joaloka mohlala ho bahlanka bohle ba Molimo ba batlang ho amohela mahlohonolo a tšepisitsoeng ka Jesu Kreste, Peō ea Abrahama. (Ba-Heberu 11:8-10, 17-19) Mabapi le eena, re bala sena ho Ba-Heberu 6:11-15: “Re rata hoba e mong le e mong a ka ’na a hlahisa cheseho eona eo ho isa qetellong, tšepo ea lōna e tle e phethehe; le tle le se ke la fetoha ba botsoa, le mpe le be balateli ba ba ruileng lipallo ka tumelo le ka sebete [“tiisetso,” NW]. Hobane Molimo, mohla o nong o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho no ho se e mong ea o fetisang, eo o nong o ka hlapanya ka eena, o hlapantse ka oona, o itse: Ruri, ke tla u hlohonolofatsa, ke be ke u hlohonolofatse, ke tla u atisa, ke be ke u atise. ’Me Abrahama, hoba a lebelle ka sebete [“tiisetso,” NW], ke moo a neiloeng seo a neng a se baletsoe.”
14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nahana hore teko ea botšepehi ba rōna ke ea ka ho sa feleng le hore moputso o ke ke oa finyelloa?
14 Ho tla fihlela joale masala a tlotsitsoeng a se a bone lilemo tse 77 li feta ho tloha ha Mehla ea Balichaba e fela ka 1914, e leng nako eo ka eona ba bang ho ’ona ba neng ba lebelletse ho tlotlisoa ha phutheho ea ’nete ea Bokreste leholimong. Ha re tsebe hore na masala a sa ntsane a tla leta halelele hakae. Na joale re lokela ho thekesela le ho nahana hore re tla leta ka ho sa feleng le hore moputso o ke ke oa finyelloa? Che! Ho etsa joalo ho ke ke ha tlotlisa bobusi ba Molimo kapa ha hlompha lebitso la oona. O ne o ke ke oa tlotlisoa lefatšeng ha o re fa tlhōlo le moputso oa bophelo bo sa feleng o tlisoang ke eona. Ho sa tsotellehe bolelele ba nako, masala, hammoho le metsoalle ea ’ona e tšepahalang e kang linku, a ikemiselitse ho letela Jehova hore a nke khato ka nako ea hae. Ka ho bontša tiisetso e joalo e behang mohlala o motle, a latela tsela ea Abrahama.—Ba-Roma 8:23-25.
15. (a) Lepetjo la rōna ke lefe, ’me Molimo o ’nile oa re tšehetsa har’a lintho life tse re hlahetseng e le hore re ka li hlōla? (b) Ke khothatso efe ea Pauluse e ntseng e loketse mehleng ea rōna?
15 Ka hona, lepetjo e ntse e le ho etsa thato ea Molimo ka mamello e sa thekeseleng. (Ba-Roma 2:6, 7) Nakong e fetileng o ’nile oa re tšehetsa mahlomoleng a sehlōhō, ho akarelletsa ho kenngoa literonkong le likampong tsa mahloriso, ’me o entse hore re hlōle bakeng sa ho tlotlisoa ha lebitso le morero oa oona.a Nakong eohle e setseng ea ho phethoa ha teko ea rōna, Jehova o tla ’ne a etse se tšoanang. Khothatso ea Pauluse e ntse e loketse mehleng ea rōna: “Hobane ho hlokahala hore le be le tiisetso e tiileng le mamello, e le hore le ka etsa thato ea Molimo ’me le e phethahatse ka botlalo, le tle le amohele le ho fumana le ho thabela ka botlalo seo le se tšepisitsoeng.”—Ba-Heberu 10:36, The Amplified Bible; Ba-Roma 8:37.
16. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho talima boinehelo ba rōna ho Jehova ka tsela e lekanyelitsoeng kapa e sa fellang?
16 Ka hona, hafeela Jehova a ntse a re file mosebetsi oo re lokelang ho o etsa lefatšeng lena le khopo, re latela mohlala oa Jesu, re batla ho kopanela mosebetsing oo ho fihlela o fela. (Johanne 17:4) Boinehelo ba rōna ho Jehova bo ne bo sa thehoa tumellanong ea hore re tla mo sebeletsa hakhutšoaane feela ebe Harmagedone ea fihla. Re inehetse ho eena ka ho sa feleng. Mosebetsi oo Molimo o re fileng oona o ke ke oa fela ka ntoa ea Harmagedone. Leha ho le joalo, ke feela ka mor’a hore re phethahatse mosebetsi o lokelang ho etsoa pele ho Harmagedone re tlang ho bona lintho tse hlollang tse tla tla ka mor’a ntoa eo e khōlō. Ka hona, ho phaella tokelong e thabisang ea ho tsoela pele re etsa mosebetsi oa oona, re tla putsoa ka mahlohonolo ao e leng khale re a lebelletse ao o a tšepisitseng.—Ba-Roma 8:32.
Ho Rata Molimo ho re Thusa ho Mamella
17, 18. (a) Linakong tsa khatello, ke eng se tla re thusa ho mamella e le hore re ka amoheloa ke Molimo? (b) Ke eng se tla re thusa ho hapa tlhōlo, ’me ke eng seo re sa lokelang ho se bua ka nako e setseng?
17 Mohlomong, linakong tsa khatello, re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke joang re ka mamellang halelele ho feta moo?’ Karabelo ke efe? Ka ho rata Molimo ka lipelo tsa rōna tsohle, ka likelello tsa rōna tsohle, ka liphefumolohi tsa rōna tsohle, le ka matla a rōna ’ohle. “Lerato lea mamella ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ikhantše, ha le ikhohomose. Le jara lintho tsohle, le kholoa lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le hlōlehe le ka mohla.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 7, 8, NW) Ntle le hore re mamelle hobane re rata Molimo, mamello ea rōna ha e na thuso. Empa ha re mamella tlas’a likhatello ka baka la boinehelo ba rōna ho Jehova, joale mamello ea rōna e tla tebisa lerato la rōna ho eena. Lerato ho Molimo, Ntate oa hae, le ile la nolofalletsa Jesu ho mamella. (Johanne 14:30, 31; Ba-Heberu 12:2) Haeba sepheo sa rōna sa ’nete e le lerato ho Molimo, Ntate oa rōna, ke eng se ka re hlahelang eaba re hlōleha ho se mamella?
18 Lerato la rōna le sa thekeseleng ho Jehova Molimo ke lona le re nolofallelitseng ho lula re hlōtse lefatše nakong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa ea teko. ’Me Jehova, a sebelisa Jesu Kreste, o tla ’ne a tsoele pele ho re fa thuso eo re e hlokang ho sa tsotellehe hore na tsamaiso ena ea khale ea lintho e lumelletsoe ho ba teng halelele hakae. (1 Petrose 5:10) Ha e le hantle, ha re inahanele ka borōna hore na ho sa ntsane ho setse nako e kae, ’me ha re behe nako e tobileng. Re tlohella sena ho ’Moloki e Moholo oa Nako, Jehova Molimo.—Pesaleme ea 31:15.
19, 20. (a) Re lokela ho talima letsatsi ka leng leo re mamellang ka lona joang? (b) Re lokela ho qoba booatla bofe, hona hobane’ng?
19 Leha ho le joalo, moloko oo ho ileng ha boleloa esale pele hore o tla bona le ho latsoa “ho fela ha tsamaiso ea lintho” o se o tsofetse haholo. (Mattheu 24:3, 32-35, NW) Kahoo le ka mohla a re se keng ra lebala hore letsatsi ka leng le fetang re ntse re mamelletse le ntse le fokotsa matsatsi a Satane le bademona ba hae a ho silafatsa bokahohle ka ho ba teng ha bona ’me le re atametsa nakong eo ka eona Jehova a seng a ke ke a hlola a mamella “lijana tsa khalefo tse entsoeng tse tšoaneloang ke timetso” hore li be teng. (Ba-Roma 9:22, NW) Haufinyane, ha mamello ea Jehova e fela, o tla tšolla khalefo ea hae holim’a banna le basali ba sa tšabeng Molimo. Ka hona, ka tsela ea bomolimo o tla senola hore ha a amohele tsela ea bona ea boitšoaro, le hoja a ’nile a ba lumella hore ba ’ne ba tsoele pele ka nako ena eohle.
20 E ka ba booatla bo boholo ha re ka khaotsa ho etsa boiteko bo lerato ba ho fumana moputso o khanyang oo re o tšepisitsoeng ka Jesu Kreste. Ho fapana le hoo, re ikemiselitse ho tsoela pele ka botšepehi re le Lipaki tsa Jehova nakong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ha Jehova a le lekhatheng la ho itlotlisa e le ’Musi oa Bokahohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, Christine Elizabeth King o ngotse: “’Muso [oa Bonazi] o hlōlehile ho atleha feela ho Lipaki, hobane le hoja o ne o bolaile tse likete, mosebetsi oa tsona o ile oa tsoela pele ’me ka May 1945, mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ne o ntse o le teng, empa Puso ea Tsamaiso ea Bonazi eona e ne e le sieo. Lenane la Lipaki le ne le eketsehile ’me li ne li sa ka tsa sekisetsa. Mokhatlo ona o ne o bile le bashoela-tumelo ’me o loanne ka katleho ntoeng e ’ngoe hape ea Jehova Molimo.”—The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity, leqephe 193.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha re ke ke ra qoba hore mamello ea rōna e behoe tekong?
◻ Re lokela ho qoba ho ithetsa ha mofuta ofe?
◻ Ho hlokahala eng e le hore re ka qoba ho fokola?
◻ Lepetjo la rōna ke lefe?
◻ Linakong tsa khatello, ke eng se tla re thusa ho mamella?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Batho ba Molimo, joaloka Lipaki tsena tse Koung ea Spain, Trinidad, ka mehla ba ’nile ba ikemisetsa ho letela Jehova