Na Tumelo e Lokela ho Itšetleha ka ho Sebelisa Kelello?
Mookameli oa setsi sa koetliso ea basebeletsi ba kereke, United States oa ngola: “Ho na le ‘balumeli’ ba bangata ba eang kerekeng feela hobane ba sa batle ho nahana.” Oa phaella: “Ba batla ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ‘ka tumelo.’”
SEO se fana ka maikutlo a hore batho ba bangata ba reng ba na le bolumeli ha ba nahane hakaalo ka mabaka a etsang hore ba lumele seo ba se lumelang kapa hona hore na ho na le motheo o utloahalang oa tumelo ea bona kapa che. Ha ho makatse ha bolumeli e le taba eo ba bangata ba leng lesisitheho ho bua ka eona.
Ka masoabi, litloaelo tse kang ho sebelisa litšoantšo tsa bolumeli le ho phepheretsa lithapelo ka hlooho le tsona ha li khothalletse ho sebelisa kelello. Ka linako tse ling, ho ba limilione ha ho buuoa ka bolumeli, ho tla kelellong litloaelo tsena hammoho le mehaho e majabajaba, lifensetere tse khabisitsoeng ka litšoantšo le ’mino o hapang. Le hoja likereke tse ling li bolela hore li thehile tumelo ea tsona Bibeleng, molaetsa oa tsona o reng ‘lumelang ho Jesu ’me le tla bolokeha’ o bebofatsa ho teba ha ho ithuta Bibele. Ba bang ba retelehela ho ruteng kosepele ea ho rarolla mathata a batho kapa a lipolotiki. See sohle se fella ka eng?
Mongoli e mong oa bolumeli o ile a bolela sena ka boemo bo Amerika Leboea: “Bokreste . . . bo batla e le sa mokana feela, [’me] ba bo khomaretseng ha baa ruteha hantle tumelong.” Mofuputsi enoa o ile a tsoela pele a hlalosa United States e le “sechaba se sa tsebeng Bibele.” Bonneteng, sena seo a se boletseng sea etsahala le linaheng tse ling tseo ho thoeng ke tsa Bokreste. Malumeli a mang a mangata ao e seng a Bokreste le ’ona ha a khothalletse ho sebelisa kelello ho e-na le hoo a buella ho bina lifela, ho peteketsa lithapelo le ho thuisa ha mefuta e sa tšoaneng ho tsamaisanang le sephiri sa moea, ho e-na le ho nahana ka tsela e hlakileng, e hahang.
Leha ho le joalo, batho bona bana ba sa tsotelleng ho nepahala ha litumelo tsa bona tsa bolumeli kapa bonnete ba tsona ba atisa ho sekaseka lintho tse ling ka hloko bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Na ha u bone e le taba e makatsang hore ebe motho ea iphang nako ea ho batlisisa pele a reka koloi—eo ka letsatsi le leng e tla beng e le mokeretla o lahloang—hore a re ka bolumeli ba hae, ‘Haeba bo ne bo lokile ho batsoali ba ka le ho ’na bo ntse bo lokile’?
Haeba re hlile re thahasella ho khahlisa Molimo, na ha rea lokela ho nahana ka ho teba ka ho nepahala ha seo re se lumelang ka eena? Moapostola Pauluse o ile a bua ka batho ba bang ba mehleng ea hae ba neng “ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) Batho bao ba ka bapisoa le motho ea hiretsoeng ho penta ea sebetsang ka thata ho penta ntlo empa a sebelisa ’mala o fosahetseng hobane a sa latela litaelo tsa mong’a ntlo. Motho ea pentang a ka ’na a khotsofalla mosebetsi oa hae, empa na mong’a ntlo o tla o amohela?
Molimo o amohela eng ha ho tluoa borapeling ba ’nete? Bibele ea araba: “Sena se setle ’me sea khahlisa mahlong a Mopholosi oa rōna, Molimo, eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ba bang ba ka ’na ba nka hore tsebo eo e ke ke ea fumaneha malumeling a kajeno a mangata. Empa nahana—haeba ke thato ea Molimo hore batho ba be le tsebo e nepahetseng ea ’nete, na o ne a tla be a e-na le toka ha a ba patela eona? Eseng ho ea ka Bibele, e reng: ‘Haeba u batla Molimo, o tla etsa hore u mo fumane.’—1 Likronike 28:9.
Molimo o itsebahatsa joang ho ba mo batlang ka tieo? Sehlooho se latelang se tla fana ka karabo.