Sefate sa Mohloaare se Behang Haholo ka Tlung ea Molimo
NAHENG ea Iseraele, ho mela sefate se batlang se sa shoe. Esita leha se rengoa, methapo ea sona e potlakela ho ntša letlōbō. Ha litholoana tsa sona li kotuloa, se putsa mong’a sona ka oli e ngata e ka sebelisetsoang ho pheha, ho bonesa, paballo ea ’mele le litlolo.
Ho latela papiso ea boholo-holo e tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Baahloli, “ka tsatsi le leng, lifate tsa tloha ho ea itlotsetsa morena.” Ke sefate sefe sa moru seo li ileng tsa se khetha pele? Ke sefate sa mohloaare se thata, se behang haholo.—Baahloli 9:8.
Lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng, moprofeta Moshe o ile a hlalosa Iseraele e le ‘lefatše le molemo, lefatše la mehloaare.’ (Deuteronoma 8:7, 8) Esita le kajeno, meru ea mohloaare e khabisitse naha mona le mane ho tloha mosikong oa Thaba ea Hermone ka leboea ho ea mathōkong a Beersheba ka boroa. E sa ntse e khabisitse Thota ea Sharone e sikileng le leoatle, maralla a Samaria le likhutlo tse nonneng tsa Galilea.
Bangoli ba Bibele ba ne ba atisa ho sebelisa sefate sa mohloaare ka tsela ea tšoantšetso. Litšobotsi tsa sefate sena li ne li sebeletsa ho tšoantšetsa mohau oa Molimo, tšepiso ea tsoho le bophelo ba lelapa bo thabileng. Ho talimisisa mohloaare ho tla re thusa ho utloisisa litšupiso tsena tsa Mangolo ’me ho tla tebisa kananelo ea rōna bakeng sa sefate sena se khethehileng se kopanang le pōpo eohle ho roriseng ’Mōpi oa eona.—Pesaleme ea 148:7, 9.
Sefate sa Mohloaare se Matsutla
Sefate sa mohloaare ha se hlile ha se khahlise ha u qala ho se bona. Ha sea phahamela maholimong joaloka likedare tse ling tse telele tsa Lebanone. Lehong la sona ha le nkoe e le la bohlokoa joaloka la junipere, ’me lithunthung tsa sona ha li khahlehe joaloka tsa sefate sa almonde. (Sefela sa Lifela 1:17; Amose 2:9) Karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea sefate sa mohloaare e patehile—ka tlas’a mobu. Metso ea sona e nammeng, e ka ’nang ea teba ka limithara tse tšeletseng ’me ea nama haholo ho feta moo, ke eona e rerang hore na sefate seo se tla beha le ho phela ka nako e kae.
Metso e joalo e lumella lifate tsa mohloaare tse maralleng hore li pholohe komello ha lifate tse ling tse sekhutlong se ka tlaase li se li shoele ke komello. Metso e li nolofaletsa hore li ’ne li behe mehloaare ka makholo a lilemo, le hoja kutu e mafito e ka ’na ea bonahala eka e se e lekane mollo feela. Sefate sena se matsutla se batla feela sebaka seo se ka melang ho sona le mobu o kenang moea e le hore se ka phefumoloha, ’me mobu oo e le o se nang lehola kapa limela tse ling tse ka ’nang tsa e-ba le likokoanyana tse kotsi. Ha ho e-na le lintho tsena tsa motheo, sefate se le seng se tla ntša lilithara tse 57 tsa oli ka selemo.
Ha ho pelaelo hore Baiseraele ba ne ba rata mohloaare haholo ka lebaka la oli ea oona ea bohlokoa. Malapa a bona a ne a bonesoa ka mabone a khole a monyang oli ea mohloaare. (Levitike 24:2) Oli ea mohloaare e ne e hlokahala ha ho phehoa. E ne e sireletsa letlalo letsatsing, ’me ho eona Baiseraele ba ne ba fumana sesepa sa ho hlatsoa. Lijo-thollo, morara le mohloaare e ne le tsona lijalo tse ka sehloohong tsa naha ea bona. Kahoo, lelapa la Moiseraele le ne le tla ba bothateng ha kotulo ea mohloaare e se ntle.—Deuteronoma 7:13; Habakuke 3:17.
Leha ho le joalo, ka tloaelo oli ea mohloaare e ne e e-ba ngata. Mohlomong Moshe o ile a bitsa Naha e Tšepisitsoeng “lefatše la mehloaare” hobane mohloaare e ne e le sona sefate se lengoang haholo sebakeng seo. Seithuti sa limela sa lekholo la bo19 la lilemo H. B. Tristram o hlalositse mohloaare e le “sefate se ikhethang sa naha eo.” Ka lebaka la molemo oa eona le bongata ba eona, oli ea mohloaare e ne e boetse e sebetsa e le ntho ea bohlokoa eo lichaba li rekang ka eona hohle sebakeng sa Mediterranean. Jesu Kreste ka boeena o ile a bua ka molato o neng o baloa hore o fihla ho “litekanyo tse lekholo tsa libate tsa oli ea mohloaare.”—Luka 16:5, 6.
“Joaloka Mahlōmela a Lifate Tsa Mohloaare”
Sefate sa bohlokoa sa mohloaare se tšoantšetsa ka nepo litlhohonolofatso tsa bomolimo. Monna ea tšabang Molimo o ne a ka putsoa joang? Mopesaleme o ile a bina: “Mosali oa hao o tla ba joaloka sefate sa morara se behang litholoana likarolong tse ka hare-hare tsa ntlo ea hao. Bara ba hao ba tla ba joaloka mahlōmela a lifate tsa mohloaare ho pota-pota tafole ea hao ka hohle.” (Pesaleme ea 128:3, NW) “Mahlōmela [ana] a lifate tsa mohloaare” ke eng, hona ke hobane’ng ha mopesaleme a a tšoantša le bara?
Sefate sa mohloaare sea ikhetha ka hore kutu ea sona e etsa letlōbō nako le nako.a Haeba mohlomong ka lebaka la ho tsofala, kutu e khōlō e se e sa behe litholoana joaloka pele, balemi ba ka ’na ba lumella mahlōmela a mangata, kapa letlōbō, hore a hōle ho fihlela a fetoha karolo ea bohlokoa ea sefate. Ka mor’a nako e itseng, sefate sa pele se tla ba le likutu tse ncha tse tharo kapa tse ’nè, tse tiileng tse se pota-potileng, joaloka bara ba pota-potileng tafole. Methapo ea mahlomela ana e tsoa nģa e le ’ngoe, ’me a beha hammoho litholoana tse ntle tsa mohloaare.
Tšobotsi ena ea sefate sa mohloaare e bontša ka nepo kamoo bara le barali ba ka hōlang ba tiile tumelong, ka thuso ea metso ea moea e matla ea batsoali ba bona. Ha bana ba ntse ba hōla, le bona ba na le karolo ho beheng litholoana le ho tšehetseng batsoali ba bona, ba thabelang ho bona bana ba bona ba sebeletsa Jehova hammoho le bona.—Liproverbia 15:20.
“Le Sefate se na le Tšepo”
Ntate ea hōlileng ea sebeletsang Jehova o thabela bana ba hae ba tšabang Molimo. Empa bona bana bana baa lla ha qetellong ntat’a bona a “ea ka tsela ea batho bohle.” (1 Marena 2:2) Ho re thusa ho loana ka katleho le tlokotsi e joalo ea lelapa, Bibele e re tiisetsa hore ho tla ba le tsoho.—Johanne 5:28, 29; 11:25.
Jobo, ntat’a bana ba bangata, o ne a hlokomela hantle hore motho o phela nako e khutšoanyane. O ile a e tšoantša le palesa e omellang kapele. (Jobo 1:2; 14:1, 2) Jobo o ne a labalabela lefu e le tsela ea ho pholoha bohlokong bo otlang pelo ba hae, a talima lebitla e le sebaka sa ho ipata seo a ka khutlang ho sona. Jobo o ile a botsa: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Eaba o arabela ka kholiseho: “Ke tla leta ka matsatsi ’ohle a mosebetsi oohle oa ka o qobelloang, ho fihlela phomolo ea ka e fihla. [Jehova] u tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—Jobo 14:13-15, NW.
Jobo o ile a tšoantšetsa ka eng hore o kholisehile hore Molimo o ne a tla mo bitsa lebitleng? O tšoantšelitse ka sefate, seo tlhaloso ea sona e fanang ka maikutlo a hore e ka ’na eaba o ne a bua ka sefate sa mohloaare. Jobo o re: “Etsoe le sefate se na le tšepo. Haeba se rengoa, se tla hlomela hape.” (Jobo 14:7, NW) Sefate sa mohloaare se ka rengoa, empa hoo ho ke ke ha se senya. Sefate seo se tla shoa feela haeba se ka fotholoa. Ha metso e ntse e tiile, sefate seo se tla hlomela hape, ka matla a macha.
Esita le haeba komello ea nako e telele e omeletsa habohloko sefate sa mohloaare se tsofetseng, kutu e khokhopaneng e ka phela hape. “Haeba motso oa sona o tsofala mobung ’me kutu ea sona e shoa lerōleng, se tla hlōmela ka lebaka la monko oa metsi ’me ka sebele se tla hlahisa lekala joaloka semela se secha.” (Jobo 14:8, 9, NW) Jobo o ne a phela naheng e ommeng le e lerōle moo mohlomong a neng a bone likutu tse ngata tsa mohloaare o tsofetseng tse neng li shebahala li omme ebile li se na bophelo. Leha ho le joalo, ha lipula li fihla, sefate se ‘shoeleng’ joalo se ne se phela hape ’me ho hlahe kutu e ncha metsong ea sona joalokaha eka ke “semela se secha.” Ho hlaphoheloa hona ho tsotehang ho ile ha etsa hore setsebi se seng sa Tunisia sa temo ea limela se hlokomele: “Ka nepo motho a ka re lifate tsa mohloaare ha li shoe.”
Feela joalokaha molemi a labalabela ho bona lifate tsa mohloaare tsa hae li hlomela hape, Jehova o labalabela joalo ho tsosa bahlanka ba hae ba tšepahalang. O lebelletse ka thabo nako ea ha batho ba tšepahalang ba kang Abrahama le Sara, Isaka le Rebeka, le ba bang ba bangata ba tla tsosetsoa bophelong. (Matheu 22:31, 32) E tla ba ho hlollang hakaakang ho amohela bafu ha ba khutla le ho ba bona ba boetse ba phela bophelo bo feletseng le bo atlehileng!
Sefate sa Mohloaare sa Tšoantšetso
Mohau oa Molimo o bonahala ka ho hloka leeme ha hae le ka tokisetso ea hae ea tsoho. Moapostola Pauluse o sebelisitse sefate sa mohloaare ho tšoantšetsa kamoo mohau oa Jehova o atolohelang ho batho ho sa tsotellehe morabe oa bona kapa semelo. Ka makholo a lilemo Bajuda ba ne ba ikhantša ka hore ke batho ba khethiloeng ba Molimo, “bana ba Abrahama.”—Johanne 8:33; Luka 3:8.
Ho tsoalloa sechabeng sa Bajuda ka bohona e ne e se eona ntho e hlokahalang hore motho a fumane mohau oa Molimo. Leha ho le joalo, barutuoa ba pele ba Jesu, kaofela e ne e le Bajuda, ’me ba bile le tokelo ea ho ba batho ba pele ba khethiloeng ke Molimo hore ba etse peō e tšepisitsoeng ea Abrahama. (Genese 22:18; Bagalata 3:29) Pauluse o tšoantšitse barutuoa bana ba Bajuda le makala a sefate sa mohloaare sa tšoantšetso.
Boholo ba Bajuda ba tlhaho bo ile ba hana Jesu, ba iketsa ba sa tšoaneleheng bakeng sa ho ba litho tsa ka moso tsa “mohlape o monyenyane,” kapa “Iseraele ea Molimo.” (Luka 12:32; Bagalata 6:16) Kahoo, ba ile ba tšoana le makala a mohloaare a tšoantšetso a khethutsoeng. Sebaka sa bona se ne se tla nkoa ke mang? Selemong sa 36 C.E., Balichaba ba ile ba khetheloa ho ba karolo ea peō ea Abrahama. Ho ne ho tšoana le ha Jehova a ne a hlomathisellelitse makala a mohloaare oa naheng sefateng sa mohloaare oa serapeng. Ba neng ba tla etsa peō e tšepisitsoeng ea Abrahama ba ne ba tla akarelletsa batho ba lichaba. Bakreste ba Balichaba joale ba ne ba ka fetoha “karolo motsong oa mohloaare oa monono.”—Baroma 11:17.
Ho hang sehoai se ne se ke ke sa nahana ka ho hlomathiselletsa lekala la mohloaare oa naheng sefateng sa mohloaare oa serapeng ebile se ne se tla ho nka ho le “khahlanong le tlhaho.” (Baroma 11:24) Sengoliloeng se bitsoang The Land and the Book sea hlalosa: “Maarabe a re, Hlomathiselletsa se setle ho sa naheng, ’me, se tla fekisa sa naheng, empa ketso eo u ke ke ua e etsolla ka katleho.” Bakreste ba Bajuda ba ile ba makala ka mokhoa o tšoanang ha Jehova “ka lekhetlo la pele . . . a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 10:44-48; 15:14) Leha ho le joalo, sena e ne e le pontšo e hlakileng ea hore ho phethahala ha morero oa Molimo ho ne ho sa itšetleha ka sechaba leha e le sefe se le seng. Che, hobane “sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:35.
Pauluse o bontšitse hore kaha ho ne ho khethutsoe “makala” a sefate sa mohloaare a sa tšepahaleng a Bajuda, ho ne ho tla etsahala ntho e tšoanang hape ka mang le mang eo ka lebaka la boikhohomoso le ho se mamele a neng a sa lule mohaung oa Jehova. (Baroma 11:19, 20) Sena se bontša hore le ka mohla mosa o sa tšoanelang oa Molimo ha oa lokela ho nkoa habobebe.—2 Bakorinthe 6:1.
Ho Tlotsa ka Oli
Mangolo a bua ka tšebeliso ea oli ea mohloaare ka tsela ea sebele le ea tšoantšetso. Mehleng ea boholo-holo, maqeba le matetetso li ne li “thapisoa ka oli” hore li fole. (Esaia 1:6, NW) Ho latela setšoantšo se seng sa Jesu, Mosamaria ea nang le moea oa boahisani o ile a tšela oli ea mohloaare le veine maqebeng a monna eo a ileng a mo oela tseleng e eang Jeriko.—Luka 10:34.
Ho tlola oli ea mohloaare hloohong hoa khatholla ebile hoa thoba. (Pesaleme ea 141:5) Ha baholo ba Bakreste ba sebetsana le litaba tsa ho kula moeeng, ba ka ‘tlotsa setho sa phutheho ka oli ka lebitso la Jehova.’ (Jakobo 5:14) Keletso ea Mangolo e lerato ea baholo le lithapelo tse tlohang pelong molemong oa molumeli-’moho le bona ea kulang moeeng li tšoantšoa le oli ea mohloaare e thobang. Ho thahasellisang ke hore maeleng a Seheberu, ka linako tse ling motho ea molemo o hlalosoa e le “oli ea mohloaare e hloekileng.”
“Sefate sa Mohloaare se Behang Haholo ka Tlung ea Molimo”
Ka lebaka la lintlha tse ka holimo, ha ho makatse ha bahlanka ba Molimo ba ka tšoantšoa le lifate tsa mohloaare. Davida o ne a lakatsa ho tšoantšoa le “sefate sa mohloaare se behang haholo ka tlung ea Molimo.” (Pesaleme ea 52:8, NW) Feela joalokaha hangata malapa a Baiseraele a ne a e-na le lifate tsa mohloaare tse pota-potileng matlo a ’ona, Davida o ne a lakatsa ho ba haufi joalo le Jehova le ho beha litholoana thorisong ea Molimo.—Pesaleme ea 52:9.
Ha o ne o tšepahala ho Jehova, ’muso oa Juda oa meloko e ’meli o ne o tšoana le “sefate sa mohloaare se behang haholo, se nang le litholoana tse ntle le sebōpeho se setle.” (Jeremia 11:15, 16, NW) Empa batho ba Juda ba ile ba lahleheloa ke boemo boo bo khethehileng ha ba hana ‘ho utloa mantsoe a Jehova ba tsamaela melimo esele.’—Jeremia 11:10.
Hore re be lifate tsa mohloaare tse behang haholo ka tlung ea Molimo, re lokela ho utloa Jehova le ho ikemisetsa ho amohela taeo eo a re ‘faolang’ ka eona e le hore re ka beha litholoana tse eketsehileng tsa Bokreste. (Baheberu 12:5, 6) Ho feta moo, feela joalokaha sefate sa mohloaare sa tlhaho se hloka metso e nammeng hore se pholohe linakong tsa komello, ho hlokahala hore re matlafatse metso ea rōna ea moea e le hore re mamelle liteko le mahloriso.—Matheu 13:21; Bakolose 2:6, 7.
Sefate sa mohloaare se tšoantšetsa hantle Mokreste ea tšepahalang, eo e ka ’nang eaba lefatše ha le mo tsebe empa Molimo eena a mo ela hloko. Haeba motho ea joalo a ka shoa tsamaisong ena, o tla phela hape lefatšeng le lecha le tlang.—2 Bakorinthe 6:9; 2 Petrose 3:13.
Sefate sa mohloaare se batlang se sa shoe se tsoelang pele ho beha litholoana selemo le selemo se re hopotsa tšepiso ea Molimo: “Matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.” (Esaia 65:22) Tšepiso eo ea boprofeta e tla phethahala lefatšeng le lecha la Molimo.—2 Petrose 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tloaelo letlōbō lena lea pongoa selemo le selemo e le hore le se ke la qeta sefate se seholo matla.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Kutu e mafito ea boholo-holo e fumanoeng Jávea, Profinseng ea Alicante, Spain
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Meru ea mohloaare Profinseng ea Granada, Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sefate sa mohloaare sa boholo-holo ka ntle ho marako a Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Bibele e bua ka ho khomathiselletsoa ha makala sefateng sa mohloaare
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sefate sena sa mohloaare se tsofetseng se pota-potiloe ke makala a mahlomela